Thusa ba Bang ho Ithuta ka Mor’a Molimo, Jesu Kreste
1 December ke khoeli eo ba bangata ba ipolelang e le Bakreste ba nahanang haholo ka Jesu ho feta nako leha e le efe ea selemo. Kahoo, ena ke khoeli e loketseng bakeng sa ho nehelana ka buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Ka ntle ho pelaelo re tla fumana beng ba matlo ba bangata ba tla thahasella ho ithuta ka ho eketsehileng ka Mor’a Molimo. Re ka nehelana ka khatiso ena ea bohlokoa joang?
2 Leka ho kenella ka ho toba moqoqong o theiloeng Bibeleng o lebisang tlhokomelo ho Jesu.
Ka mor’a ho lumelisa mong’a ntlo, u ka ’na ua re:
◼ “Kajeno re botsa baahisani ba rōna ka seo ba se nahanang ha ba bala Bibeleng ea bona ka ho phela ka ho sa feleng. [Emela tlhaloso.] Ke ho thahasellisang ka ho khethehileng hobane Bibele e bua ka monyetla oo ka makhetlo a ka bang 40. Bophelo bo joalo bo ka bolela eng ho rōna? Hlokomela seo Tšenolo 21:4 e se bolelang. [E bale.] Na u hlokometse seo e se tšepisang? [Emela tlhaloso.] Re ka fumana bophelo bo sa feleng joang?” Bala Johanne 17:3, ’me u totobatse bohlokoa ba ho fumana tsebo ka Molimo le Mor’a hae, Jesu Kreste. Bontša mong’a ntlo buka Motho e Moholo, ’me u sebelise lihloohoana tse leng ho selelekela bakeng sa ho tsosa thahasello ea hae ka ho eketsehileng.
3 Haeba mong’a ntlo a sa thahaselle ho fumana khatiso ena e babatsehang, nehelana ka litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! kapa pampitšana Na Lefatše Lee le Tla Pholoha? Mo hlokomelise ka ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse tobileng khatisong eo u nehelanang ka eona. Ithaopele ho khutla ka nako e loketseng bakeng sa ho ntšetsa pele puisano ka taba eo.
4 Haeba ho bonahala mong’a ntlo a le maphatha-phathe, ho ka ba molemo ho khutsufatsa nehelano e boletsoeng ka holimo. Mohlomong bahoeletsi ba bacha ba ka fumana nehelano ena e le bonolo hore ba ka e sebelisa.
Ka mor’a ho itsebisa, re ka re:
◼ “Kajeno re botsa baahisani ba rōna ka seo ba se nahanang ha ba bala Bibeleng ea bona ka ho fumana bophelo bo sa feleng. Ka mohlala, hlokomela seo Jesu a se boletseng ho Johanne 17:3. [E bale.] Ho thusa batho ho ithuta ka ho eketsehileng ka Jesu Kreste le seo a se rutileng, ho hatisitsoe buka ena.” Phetla tse ling tsa litšoantšo tse ntle bukeng Motho e Moholo. Khutlela selelekeleng, ebe joale u bala serapa sa bobeli tlas’a sehloohoana “Rua Molemo ka ho Ithuta ka Eena.” Tsebisa mong’a ntlo hore a ka iphumanela khatiso ena ka monehelo oa R9,00.
5 Haeba u tsamaisitse buka, rala motheo oa thuto ea Bibele ka ho ithaopela ho buisana ka khaolo ea pele, “Melaetsa e Tsoang Leholimong,” nakong eo kapa leetong la ho boela matsatsi a seng makae hamorao. Ho e-na le ho bolella mong’a ntlo nako e tobileng e tla qetoa ketelong e latelang, ’molelle feela hore ka metsotso e se mekae a ka ithuta ka ho eketsehileng ka boitsebiso bo thahasellisang bo buang ka Jesu Kreste bo tsoang Lentsoeng la Molimo, Bibele.
6 E se eka kaofela ha rōna re ka sebelisa letsatsi lena la phomolo ea lefatše ho lebisa tlhokomelo ’neteng e buang ka Mor’a Molimo, Jesu Kreste, bakeng sa ho thusa ba bang ho kena tseleng e isang bophelong bo sa feleng.—Matt. 7:14.