Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/93 leq. 8
  • Ho Qalisa Lithuto tsa Bibele ka December

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Qalisa Lithuto tsa Bibele ka December
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khutlela ho ea Thusa Batho ho Ithuta Kamoo ba ka Phelang ka ho sa Feleng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ho Qalisa Lithuto tsa Bibele ka Buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Thusa ba Bang ho Ithuta ka Mor’a Molimo, Jesu Kreste
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Bibele—Tataiso ea Molimo ho Batho Bohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 12/93 leq. 8

Ho Qalisa Lithuto tsa Bibele ka December

1 Jesu o laetse barutuoa ba hae hore e be matichere a litaba tse molemo. (Matt. 28:19, 20) Tsela ea rōna e ka sehloohong ea ho ruta ba bang ke ka ho khanna lithuto tsa Bibele. Na u kopanela mosebetsing oo? Haeba ha ho joalo, ke joang u ka qalisang thuto e le hore u ka thabela ho kopanela haholoanyane ho ruteng ba bang?

2 Mohlomong re neile mong’a ntlo pampitšana le ho tšepisa ho khutla ho buisana ka litaba tsa eona tse ka hare.

Ha re khutlela ho mong’a ntlo eo re mo sietseng pampitšana “Na Lefatše Lee le Tla Pholoha?,” mohlomong re ka re:

◼ “Ha ke ne ke le mona matsatsing a ’maloa a fetileng, re ile ra buisana ka linako tsa rōna tse potlakileng le hore ka nepo Jesu o ile a hlalosa maemo a leng teng mehleng ea rōna. Ke rata ho qeta metsotso e se mekae le ho tšohla boitsebiso bo itseng hammoho le uena bo tsoang pampitšaneng eo ke u sietseng eona. Hlokomela se boletsoeng mona tlas’a sehloohoana ‘Pontšo.’” Phetla leqephe 3 la pampitšana ’me le buisane ka lirapa tsa pele tse peli kapa tse tharo tlas’a sehloohoana seo, ’me le bale mangolo a bontšitsoeng haeba nako e lumela. Hlakisa kamoo boprofeta ba Jesu bo phethahatsoang ka teng kajeno. Etsa tokisetso ea ho khutlela le ho buisana ka lirapa tse ling tlas’a sehloohoana sena. Khothalletsa mong’a ntlo ho bala boitsebiso pele u khutlela.

3 Kapa u ka ’na ua re:

◼ “Nakong e fetileng ha re ntse re buisana, ke ile ka u siela pampitšana Na Lefatše Lee le Tla Pholoha? Nakong eo re ile ra buisana ka karolo eo Jesu Kreste a e phethang litabeng tsa lefatše. Re bala mantsoe a hae a tlalehiloeng Bibeleng ho Johanne 17:3. [E bale.] Kaha ke habohlokoa ho ithuta ka Molimo le Jesu haeba re batla bophelo bo sa feleng, ho bohlokoa haholo hore re etse sohle se matleng a rōna ho fumana tsebo e joalo. Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bonahatsa litšobotsi tse ngata tse babatsehang tsa Molimo. Na hase ho utloahalang ho lumela hore haeba re tseba ka ho eketsehileng ka Jesu le tšebeletso ea hae, re tla tseba Ntate oa hae ka ho eketsehileng? [Emela tlhaloso.] Hlokomela seo buka ena Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e se bolelang.” Bala serapa sa pele le sa bobeli leqepheng la leshome la khaolo 116. Hatella hore buka ena e fupere boitsebiso bohle Likosepeleng tse ’nè ka Jesu ’me e bo lokolisa ho latela tlhahlamano ea liketsahalo. Supa lihlooho tsa likhaolo tse khethehileng, litšoantšo, le ’mapa tse leng qalong ea buka. Tsebisa motho eo hore u tla thabela ho mo siela khatiso ena e babatsehang ka monehelo oa R9,00.

4 Ka mor’a ho lumelisa mong’a ntlo ea amohetseng buka “Motho e Moholo,” re ka ’na ra re:

◼ “Joalokaha ke boletse ketelong ea ka ea nakong e fetileng, buka Motho e Moholo e entsoe bakeng sa ho ithuta Bibele. Ke lakatsa hore ka bokhutšoaane ke u bontše hore e ka sebelisoa hamolemo joang.” Joale phetla buka ho khaolo 1, “Melaetsa e Tsoang Leholimong.” Lebisa tlhokomelo ea mong’a ntlo lipotsong tse hatisitsoeng. Bala potso ea pele, ebe le buisana ka lirapa tse qalang. Akareletsa setšoantšo se leqepheng la bobeli. Buisana ka lipotso tse setseng, ’me u hlakise likarabo ha nako e lumela. Pele u qetella ketelo, lokisetsa ho khutlela le ho ntšetsa puisano pele.

5 Ka ho bontša boikutlo bo botle, ka ho lokisetsa hantle, le ka ho sebelisa monyetla o mong le o mong, re tla hlomelloa hamolemo bakeng sa ho qalisa thuto ea Bibele ka December.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela