Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/97 leq. 8
  • Bibele—Tataiso ea Molimo ho Batho Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele—Tataiso ea Molimo ho Batho Bohle
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lentsoe la Molimo le Fana ka Tataiso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Tsebo e Tsoang ho Molimo e Araba Lipotso Tse Ngata
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Linehelano Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Ho Qalisa Lithuto tsa Bibele ka December
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 12/97 leq. 8

Bibele—Tataiso ea Molimo ho Batho Bohle

1 Ho hakanngoa hore ho hatisitsoe libibele tse limilione tse likete tse ’nè ka lipuo le maleme tse fetang 2100, ho etsang hore karolo e fetang ea 90 lekholong ea baahi ba lefatše e fumane Lentsoe la Molimo. Empa lefatšeng, ho na le tlala ‘ea ho lapela mantsoe a Jehova.’ (Amose 8:11) Batho ba bangata ba nang le bibele ha ba e bale kapa ha ba utloisise seo e buang ka sona. Re ka ba susumelletsa joang hore ba sebelise bibele e le tataiso e thusang bophelong ba bona?

2 Ka December re tla nehelana ka buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? hammoho le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R8,00. Re filoe tokelo e khethehileng ea ho nehelana ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka lipuo tse hlano tsa koano ka monehelo o theotsoeng oa R4,00. Bohle ba khothalletsoa ho fana ka eona neng le neng ha monyetla o hlaha. Sena se ka etsoa ka ho bontša batho kamoo e ngotsoeng ka puo e hlakileng le e sebelisoang nakong ea hona joale. (Bona buka ea “Lengolo Lohle,” leqepheng la 328, serapeng sa 6.) Re tla bontša kananelo ea rōna e matla bakeng sa mpho ena e tsoang ho Jehova ka hore ka cheseho re thuse ba bang hore ba amohele bibele e le tataiso ea molimo bathong bohle.

3 U ka kenyelletsa taba ka ho sebelisa pampitšana ea “Lebaka la Hore U Tšepe Bibele.” U ka ’na ua re:

◼ “Le hoja e le karolo e fetang ea 90 lekholong ea baahi ba lefatše e nang le Bibele, ke batho ba ’maloa ba e balang kamehla. U nahana hore ebe lebaka ke lefe?” Bala lirapa tsa pele tse peli tsa pampitšana, hammoho le 2 Timothea 3:16. Nehelana ka Mangolo a Segerike a Bakreste hammoho le buka ea Lentsoe la Molimo ka monehelo oa R8,00. Haeba mpho e hanoa, kōpa mong’a ntlo hore a ipalle karolo e setseng ea pampitšana. Totobatsa sehlooho sa ho qetela se reng, “Ho Profeta Bokamoso.”

4 Ha u boela ho batho bao u ba sietseng pampitšana ea “Lebaka la Hore U Tšepe Bibele,” u ka ’na ua leka sena:

◼ Ka mor’a hore u ipolele hape hore na u mang, bala lirapa tse peli tse qetellang tsa pampitšana. Botsa mong’a ntlo hore na o kile a nahana ka monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ha a u arabile, e-re: “Lipaki tsa Jehova li kholisehile hore boprofeta bohle bo ka Bibeleng bo tla phethahala, ho akarelletsa le bo bolelang ka bokamoso bo babatsehang ba batho bohle ba finyellang seo Molimo a se hlokang.” Mo bontše setšoantšo se leqepheng la 13 bukaneng ea Seo a se Hlokang, khutlela leqepheng la 5, ebe u ithaopela hore u ka tšohla le eena likarabo tsa lipotso tse thathamisitsoeng, kahoo u qalise thuto.

5 Tšimong ea batho ba sekametseng bolumeling, u ka ’na ua qala ka ho re:

◼ “Re khothalletsa batho ho hlompha Bibele haholoanyane. Malapa a mangata a na le Bibele, empa a e sebelisa ka seoelo ha a e-na le mathata a tebileng. Na u lemohile see? [Emela karabelo.] Mohlomong a lumela hore Bibele e feletsoe ke nako. Buka ena ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e fana ka bopaki bo kholisang ba hore Bibele e nepile litabeng tsa saense le hore e fana ka se ka rarollang mathata a kajeno a potlakileng.” Totobatsa lintlha tse seng kae khaolong ea 8 kapa khaolong ea 12 ea buka ena, ebe u nehelana ka eona hammoho le Bibele.

6 Ha u boela moo u tsamaisitseng Bibele le buka ea “Lentsoe la Molimo,” u ka re:

◼ “Ha ke ne ke u etetse nakong e fetileng, re buisane ka hore na Bibele e thusa joang ho rarolla mathata a kajeno a rarahaneng. Ba e amohetseng e le Lentsoe la Molimo, ba boetse ba thusitsoe ho phela bophelo bo thabileng le bo khotsofatsang haholoanyane. Ke lakatsa ho u bontša o mong oa melao-motheo e thusang ea Bibele o hlalosoang bukeng eo ke u sietseng eona.” Bua ka molao-motheo o le mong oa Mangolo o khaolong ea 12, serapeng sa 3-6, ebe u phetha ka ho bala serapa sa 7. Haeba ho bontšoa thahasello, nehelana ka buka ea Tsebo kapa ka bukana ea Seo a se Hlokang.

7 Nehelano e latelang e ka ’na ea khahla batho ba baholo:

◼ “Ho na le nako eo ka eona Bibele e neng e baloa malapeng a mangata le eo ka eona malapa a neng a phela ka melao-motheo ea eona. Na ho ne ho le joalo lapeng leno? [Emela karabelo.] Kajeno ho bonahala eka ba bangata ba tšoarehile haholo hore ba ka ipha nako ea ho bala Bibele kapa ba ikutloa hore melao ea eona ea boitšoaro ha e kheme le linako. Khaolo ea 13 ea buka ena ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e bolela liphihlelo tse tharo tsa ’nete bophelong tsa batho bao bophelo ba bona bo ileng ba ntlafala ka mor’a hore ba ithute Bibele. Haeba u ka rata ho bala hore na matla a Lentsoe la Molimo a ile a ba thusa joang, ke tla thabela ho u siela buka ena hammoho le Bibele ena ea phetolelo e balehang habonolo.”

8 Leetong la ho boela, u ka ’na ua re:

◼ “Ha re ne re buisana nakong e fetileng, re ile ra lumellana hore batho ba kajeno ha ba natse melao ea boitšoaro ea Bibele. Na ho se natse hoo ho lokela ho re ama? [Emela karabelo.] Jesu Kreste o bueletse haholo taba ea ho ithuisa tsebo ea Bibele.” Bala Johanne 17:3. Joale, buisanang ka serapa sa 5 khaolong ea 1 bukeng ea Tsebo. Hlalosa lenaneo la rōna la thuto e sa lefelloeng ea Bibele ’me u ithaopele ho mo bontša hore na e khannoa joang.

9 Rapella hore Jehova a hlohonolofatse boiteko bohle ba hao ba ho lebisa tlhokomelo Bibeleng—eo e leng tataiso ea Molimo ho batho bohle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela