Boloka
Linehelano Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo
Tsela ea ho Sebelisa Kenyelletso Ena
Bongata ba linehelano tsena bo hlahile litokollong tse fetileng tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Leka ho sebelisa tse ngata kamoo u ratang kateng mosebetsing oa hao oa ho paka, ’me u bone hore na liphello e tla ba life. Boloka kenyelletso ena, ’me u e hlahlobe ha u lokisetsa tšebeletso ea tšimo.
U ka ’na ua tsosa thahasello ea motho Lentsoeng la Molimo haeba u potlakela ho toba taba. Botsa potso e tobileng, ebe u bala karabo e khutšoanyane ea Mangolo. U ka ’na ua leka ho sebelisa litlhahiso tsena:
“Ha u ntse u nahana ka bokamoso, na u ikutloa u e-na le tšepo kapa ua belaela? [Emela karabelo.] Bibele e boletse esale pele liketsahalo tse tsielehisang tseo re li bonang kajeno le phello ea tsona.”—2 Tim. 3:1, 2, 5; Liprov. 2:21, 22.
“Kajeno batho ba amehile haholo ka phekolo ea mafu. Na u ne u tseba hore Molimo o tšepisa hore o tla rarolla mathata ’ohle a ho kula?”—Esa. 33:24; Tšen. 21:3, 4.
“Na u ne u tseba hore Bibele e bolela esale pele hore qetellong ho tla ba le ’muso o le mong feela o busang lefatše lohle?”—Dan. 2:44; Mat. 6:9, 10.
“U nahana hore ho ne ho tla ba joang haeba Jesu Kreste a ne a busa lefatše?”—Pes. 72:7, 8.
“Batho ba bangata ba khetholloa ka lebaka la bong ba bona, bolumeli kapa morabe. U nahana hore Molimo o ikutloa joang ka leeme le joalo?”—Lik. 10:34, 35.
“Rea tseba hore Jesu Kreste o entse mehlolo e mengata mehleng ea hae. Haeba u ne u ka mo kōpa ho etsa mohlolo o mong hape, u ne u tla mo kōpa hore a etse ofe?”—Pes. 72:12-14, 16.
“Batho ba bangata ba khathetse ke ho utloa ka mathata. Ba batla ho utloa litharollo. Empa re ka fumana litharollo tsa sebele tsa mathata a rōna hokae?”—2 Tim. 3:16, 17.
“Na ua tseba hore ke ’Muso ofe oo u o rapellang Thapelong ea Morena (kapa, ea Ntat’a Rōna)?”—Tšen. 11:15.
Tsela ea ho Qalisa Moqoqo
Letotong la lipotso tse latelang, tse tsoang lihloohong tsa buka ea Ho Bea Mabaka, ho bontšoa leqephe la buka eo, leo karabo ka ’ngoe e hlahang ho lona:
Ke hobane’ng ha re tsofala ’me re e-shoa? (rs 217)
Bafu ba boemong bofe? (rs 219)
Na ho na le mabaka a utloahalang a ho lumela ho Molimo? (rs 329)
Na ka sebele Molimo o tsotella se etsahallang rōna batho? (rs 331)
Na Molimo ke motho oa sebele? (rs 331)
Na batho bohle ba lokileng ba ea leholimong? (rs 224)
Na motho o tlameha ho ea leholimong hore a be le bokamoso bo thabileng e le kannete? (rs 225)
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tseba le ho sebelisa lebitso la Molimo? (rs 187)
Na ka sebele Jesu Kreste ke Molimo? (rs 192)
’Muso oa Molimo o tla finyella eng? (rs 337)
Morero oa bophelo ba motho ke ofe? (rs 83)
Ke eng e ka thusang ho ntlafatsa lenyalo? (rs 236)
Na bolumeli bohle boa amoheleha ho Molimo? (rs 72)
Motho a ka tseba joang hore na ke bolumeli bofe bo nepahetseng? (rs 78)
Satane ke sebōpuoa se matla hakae lefatšeng la kajeno? (rs 390)
Ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola? (rs 130)
Ke hobane’ng ha bokhopo bo le bongata hakaale? (rs 64)
Lefatše lee le busoa ke mang—Molimo kapa Satane? (rs 214)
Litlhahiso Tsa ho Tsamaisa Bukana ea Seo a se Hlokang
“Ntle ho pelaelo ua lumela hore batho ba bangata ba lumela ho Molimo. Bohle ba nang le tumelo ho eena ba lumela hore Molimo o hloka ho itseng ho rōna. Seo batho ba sa lumellaneng ka sona ke hore na, Ke eng seo Molimo a se hlokang ho rōna?” Ebe u fana ka bukana ea Seo a se Hlokang, phetla thutong ea 1, ’me le e tšohle.
“Kaha ho na le mathata a mangata bophelong ba lelapa kajeno, na u kile ua ipotsa hore na lekunutu la thabo ea lelapa ke lefe?” Ha motho a se a arabile, hlalosa hore ka Bibeleng, Molimo o senola lekunutu la sebele la thabo ea lelapa. Bala Esaia 48:17. Ebe u phetla thutong ea 8 bukaneng ea Seo a se Hlokang, ’me u lebise tlhokomelo litemaneng tse ling tsa Bibele tse bontšitsoeng tse fanang ka tataiso e ka tšeptjoang ho setho ka seng sa lelapa. Bala lethathamo la lipotso qalong ea thuto. Botsa motho hore na a ka rata ho bala likarabo.
“Bukana ena e na le thuto e pharaletseng e akaretsang lithuto tsa motheo tsa Bibele. Leqepheng ka leng, u tla fumana likarabo tsa lipotso tse ’nileng tsa tšoenya batho ka makholo a lilemo. Ka mohlala, Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše?” Phetla thuto ea 5, ’me u bale lipotso tse qalong ea thuto. Botsa mong’a ntlo hore na ke efe eo a e thahasellang haholo, ebe u bala (li)serapa se e arabang, u bale mangolo a loketseng. Hlalosa hore likarabo tse khotsofatsang lipotsong tse ling li ka fumanoa habonolo feela joaloka ena. Kōpa ho khutla hape le tl’o buisana ka potso e ’ngoe.
“U nahana hore ke hobane’ng ha pefo e atile hakaale likolong tsa sechaba? Na e bakoa ke ho haella ha koetliso ea batsoali? Kapa e bakoa ke ntho e ’ngoe, e kang tšusumetso ea Diabolose?” Emela karabo. Haeba motho a re ke ka lebaka la tšusumetso ea Diabolose, bala Tšenolo 12:9, 12. Totobatsa karolo eo Diabolose a e phethang ho baka pherekano lefatšeng. Joale u phetle bukana ea Seo a se Hlokang thutong ea 4, ’me u botse motho eo hore na o se a kile a ipotsa hore na Diabolose o tsoa hokae. Tsoela pele ho bala le ho hlahloba lirapa tse peli tsa pele. Haeba motho a khetha “ho haella ha koetliso ea batsoali” e le lebaka la pefo likolong, bala 2 Timothea 3:1-3 ’me u lebise tlhokomelo litšobotsing tseo ho totobetseng hore li tlatsetsa bothateng bona. Ebe u phetla bukana ea Seo a se Hlokang thutong ea 8, u bale serapa sa 5, ’me u tsoele pele ka puisano.
“Na u nahana hore hoa utloahala ho lebella hore ’Mōpi a ka rata ho re fa tsebo eo re e hlokang bakeng sa ho atlehisa bophelo ba lelapa?” Ha motho a se a arabile, kenyelletsa bukana ea Seo a se Hlokang. Phetla thuto ea 8, ’me u hlalose hore e fupere melao-motheo ea Bibele bakeng sa setho se seng le se seng sa lelapa. Ithaopele ho etsa pontšo ea kamoo ho ka sebelisoang bukana ena hammoho le Bibele kateng ho rua molemo o moholo ka ho fetisisa.
“Ka lebaka la mathata ’ohle ao re talimanang le ’ona bophelong ba kajeno, na u nahana hore thapelo e ka hla ea re thusa? [Emela karabelo.] Ba bangata ba re thapelo e ba fa matla a kelello. [Bala Bafilipi 4:6, 7.] Leha ho le joalo, motho a ka ’na a ba le maikutlo a hore lithapelo tsa hae ha li arabeloe. [Phetla bukana ea Seo a se Hlokang thutong ea 7.] Bukana ena e hlalosa kamoo thapelo e ka bang molemohali kateng ho rōna.”
“Re ntse re buisana le baahelani ba rōna ka lebaka leo ka lona ho nang le malumeli a mangata hakana a sa tšoaneng lefatšeng. Empa, Bibele e ’ngoe feela. Ho latela maikutlo a hao, ke hobane’ng ha ho e-na le molubalube oo oa malumeli? [Emela karabelo. Phetla bukana ea Seo a se Hlokang thutong ea 13, ’me u bale lipotso tse qalong.] U tla fumana likarabo tse khotsofatsang lipotsong tsena ka ho bala thuto ena.”
Ka mor’a ho fa motho makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!, mo botse hore na u ka mo balla serapa se le seng se sekhutšoanyane. Haeba a lumela, phetla bukana ea Seo a se Hlokang thutong ea 5. Lebisa tlhokomelo lipotsong tse thathamisitsoeng qalong ea thuto eo, ’me u kōpe hore a mamele karabo ea potso ea pele ha u ntse u bala serapa sa pele. Ka mor’a ho bala serapa sena, botsa potso ’me u kōpe hore a e arabe. Tsamaisa bukana ’me haeba a e amohela, lokisetsa ho khutla e le hore a ka arabela lipotsong tse peli tse latelang.
Litlhahiso Tsa ho Tsamaisa Buka ea Tsebo
U tšoere Bibele ka letsoho, qala ka ho re: “Kajeno re balla e mong le e mong seterateng sa lōna temana. E re . . . ” Bala Johanne 17:3, ebe ua botsa: “Na u hlokometse hore ke eng e tšepisoang haeba re e-na le tsebo e nepahetseng? [Emela karabelo.] Motho a ka fumana tsebo e joalo hokae?” Ha a se a arabile, mo bontše buka ea Tsebo, ’me u re: “Buka ena e bua ka tsebo e isang bophelong bo sa feleng. E etsa joalo ka ho araba lipotso tse tloaelehileng haholo tseo batho ba nang le tsona ka Bibele.” Mo bontše lethathamo la tse ka hare, ’me u botse motho eo hore na o kile a nahana ka leha e le efe ea tsona.
“Na u kile ua ipotsa hore na Molimo o hlile o amehile ka ho hloka toka le ho utloa bohloko hoo re ho bonang ho re potoloha esita le hoo rōna ka borōna re thulanang le hona? [Emela karabelo.] Bibele e re tiisetsa hore Molimo oa re rata le hore o tla re thusa linakong tsa mahlomola.” Bala likarolo tse itseng tsa Pesaleme ea 72:12-17. Phetla buka ea Tsebo khaolong ea 8, ’me u bolele hore e fana ka karabo e tšelisang potsong eo ba limilione ba ’nileng ba e botsa, e leng e reng, Ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola? Haeba ho khoneha, bua ka mehopolo e meng ea Mangolo eo ho buuoang ka eona serapeng sa 3 ho ea ho sa 5, kapa u etse joalo leetong la ho boela.
“Bongata ba rōna re lahlehetsoe ke baratuoa ka lefu. Na u kile ua ipotsa hore na re tla ba bona hape? [Emela karabelo.] Jesu o ile a bontša hore baratuoa ba rōna ba ka pholosoa lefung. [Bala Johanne 11:11, 25, 44.] Le hoja sena se etsahetse makholong a lilemo a fetileng, se bontša seo Molimo a tšepisitseng ho re etsetsa sona.” Phetla buka ea Tsebo setšoantšong se leqepheng la 85, ’me u bale tlhaloso ea setšoantšo. Joale mo bontše setšoantšo se leqepheng la 86, ’me u bue ka sona. Rala motheo bakeng sa leeto le latelang ka ho botsa potso ena: “Na u ka rata ho tseba lebaka leo ka lona batho ba tsofalang le ho shoa?” Khutlela ho ea buisana le eena ka khaolo ea 6.
“Na u kile ua nahana ka lebaka leo ka lona batho ba labalabelang bophelo bo boteletsana?” Ka mor’a hore motho a arabele, phetla buka ea Tsebo khaolong ea 6, ’me u bale serapa sa 3. Beha mabaka ka mangolo a bontšitsoeng. Ha u bua ka lipotso tse peli tse qetellong ea serapa, botsa motho eo hore na a ka rata ho utloa likarabo. Haeba a arabela hantle, buisana le eena ka lirapa tse seng kae tse latelang.
“Re ntse re botsa batho hore na ba lumela sena . . . ” Bala Genese 1:1, ebe ua botsa: “Na u lumellana le polelo eo?” Haeba motho a lumela, ebe u re: “Le ’na ke lumellana le eona. Leha ho le joalo, na u nahana hore haeba Molimo o bōpile lintho tsohle, o boetse oa ikarabella bakeng sa bokhopo?” Ka mor’a hore motho eo a arabe, bala Moeklesia 7:29. Phetla buka ea Tsebo khaolong ea 8, ebe u bala serapa sa 2. Haeba a sa lumellane le Genese 1:1, mo khothalletse ho hlahloba bopaki ba hore ’Mōpi o teng.—Bona buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 371-3.
“Na ua lumela hore ho latela litekanyetso tsa kajeno tsa boitšoaro tse fetohang ka potlako, re hloka tataiso e tšepahalang bophelong? [Emela karabelo.] Le hoja Bibele e le buka ea khale-khale, e fana ka keletso e molemo bakeng sa bophelo ba kajeno le bophelo ba lelapa bo thabileng.” Joale phetla khaolo ea 2 bukeng ea Tsebo, ’me u bale serapa sa 10 le polelo ea pele serapeng sa 11, ho akarelletsa le 2 Timothea 3:16, 17.
“Na u ka rata ho tseba hore na rōna le lefatše re letetsoe ke bokamoso bofe? [Emela karabelo.] Bibele e akaretsa bokamoso ka lentsoe le le leng—Paradeise! Ke moo Molimo a ileng a beha banyalani ba pele ha a ba bōpa. Hlokomela tlhaloso ena e bontšang hore e ne e le joang.” Phetla buka ea Tsebo leqepheng la 8, ’me u bale serapa sa 9, tlas’a sehloohoana se reng “Bophelo Paradeiseng.” Ebe u buisana le motho ka lintlha tse serapeng sa 10, ’me u bale lengolo le bontšitsoeng, Esaia 55:10, 11. Ithaopele ho ntšetsa pele puisano e mabapi le hore na bophelo bo tla ba joang Paradeiseng e tsosolositsoeng, u akaretsa serapa sa 11-16.
Ha u boela ho bao u ba sietseng makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!, u ka ’na ua re:
“Leetong la ka la ho qetela mona lapeng, ke ile ka thabela ho u siela makasine ea Molula-Qhooa. Mohlomong u ile ua hlokomela hore sehlooho se feletseng sa makasine ena ke Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova. Kajeno ke rata ho hlalosa hore na ’Muso ona ke eng le hore na u ka bolela eng ho uena le lelapa la hao.” Ebe u phetla bukana ea Seo a se Hlokang thutong ea 6, ’me u bale u be buisane le motho taba e lekaneng nako eo a nang le eona.
“Ke sa tsoa u etela ’me ka u siela makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! Limakasine tsena li etsa hore batho ba be le tlhompho e eketsehileng bakeng sa Bibele le tataiso ea eona litabeng tsa boitšoaro. Kaha ke na le maikutlo a hore hoa hlokahala hore e mong le e mong a utloisise Lentsoe la Molimo, ke khutlile hore ke tl’o u bontša ntho e ’ngoe e tla u thusa ho le utloisisa.” Kenyelletsa bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo, ebe u ithaopela ho ithuta Bibele le eena.
Ha u tsamaisa e ’ngoe ea libuka tsa khale tse maqephe a 192, u ka ’na ua leka nehelano ena:
“Ho ’nile ha totobatsoa hore ho hlokahala thuto ea boleng bo phahameng. Ho latela maikutlo a hao, motho o lokela ho phehella thuto ea mofuta ofe hore a kholisehe hore o fumana thabo e khōlōhali ebile o atleha haholo bophelong? [Emela karabelo. Ebe u bala Liproverbia 9:10, 11.] Buka ena [bolela sehlooho sa buka eo u e tsamaisang] e thehiloe Bibeleng. E bua ka mohloli o le mong feela oa tsebo e isang bophelong bo sa feleng.” Bontša mohlala o tobileng bukeng eo, ’me u khothalletse motho eo ho e bala.
Lingoliloeng Tse Ling
Linehelano tse ka etsoang ha ho tsamaisoa libukana tse ling li ka fumanoa ho Watch Tower Publications Index tlas’a:
Presentations
List by Publication
Katamelo e Tobileng
Ho qalisa thuto ea Bibele, leka ho sebelisa o mong oa mekhoa ena ea ho atamela motho:
“Na u ne u tseba hore ka metsotso e seng mekae feela u ka fumana karabo ea potso ea bohlokoa ea Bibele? Ka mohlala, . . . ” Joale, botsa potso e hlahang qalong ea thuto e ’ngoe bukaneng ea Seo a se Hlokang le eo u nahanang hore e tla ipiletsa ho motho eo.
“Ke potile mona ho tla u bontša lenaneo la rōna la thuto ea Bibele e sa lefelloeng. Ke nka metsotso e ka bang mehlano ho u bontša hore na e khannoa joang. Na u na le metsotso e mehlano?” Haeba karabo e le e, sebelisa thuto ea 1 bukaneng ea Seo a se Hlokang ho mo bontša kamoo ho ithutoang kateng, u bale lengolo le le leng kapa a mabeli ao u a khethileng. Ka mor’a moo, botsa: “U ka ba le metsotso e 15 neng e le hore re ka ithuta thuto e latelang?”
“Batho ba bangata ba na le Bibele, empa ha ba hlokomele hore e na le likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa tseo kaofela re nang le tsona ka bokamoso ba rōna. U sebelisa thuso ena ea ho ithuta [bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo] ka hora e le ’ngoe kapa ho feta ka beke, u ka fumana kutloisiso ea motheo ea Bibele ka likhoeli tse seng kae feela. Nka thabela ho u bontša hore na lenaneo lena le sebetsa joang.”
“Ke u etetse hore ke ithute Bibele le uena ntle ho tefo. Haeba u lumela, nka rata ho nka metsotso e seng mekae feela ho u bontša kamoo batho ba linaheng tse ka bang 200 ba buisanang ka Bibele e le malapa kateng. Re ka sebelisa e ’ngoe ea lihlooho tsena e le motheo oa puisano. [Mo bontše lethathamo la lihlooho tsa buka ea Tsebo.] U thahasella sefe ka ho khetheha?” Emela hore motho a khethe. Phetla khaolo eo a e khethileng, ’me u qalise thuto serapeng sa pele.
“Ke ruta batho Bibele ntle ho tefo ’me ke na le nako kemisong ea ka bakeng sa liithuti tse eketsehileng. Re sebelisa thuso ena ea ho ithuta Bibele. [Mo bontše buka ea Tsebo.] Thuto ena e nka likhoeli tse seng kae feela ’me e fana ka likarabo lipotsong tse kang: Ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola? Ke hobane’ng ha re tsofala ’me re e-shoa? Ho etsahala’ng ka baratuoa ba rōna ba shoeleng? Re ka atamela haufi le Molimo joang? Na nka u bontša hore thuto ee e khannoa joang?”
Haeba u fumane nehelano e atlehang e behang litholoana ho hlaoleleng thahasello, u hle u tsoele pele ho e sebelisa! U e lumellanye le sengoliloeng se tsamaisoang khoeling eo.