Itšetlehe ka Jehova Bakeng sa ho Hōlisa Lintho
1 “Ka lekhetlo la pele ke ile ka latsoa thabo e ikhethang ea ho thusa ho theha phutheho e ncha. Hona ho nkile nako e fetang lilemo tse peli tsa mosebetsi o matla, lithapelo tse sa khaotseng le ho itšetleha ka Jehova ea ‘hōlisang lintho.’” Ho ngotse joalo pula-maliboho ea hlokolosi ea ileng a ithuta tlhokahalo ea ho itšetleha ka Jehova bakeng sa khōlo. (1 Bakor. 3:5-9) Phuputsong ea rōna ka batho ba sekametseng moeeng, le rōna re hloka ho tšehetsoa ke Molimo hore tšebeletso ea rōna e tle e behe litholoana.—Liprov. 3:5, 6.
2 Khōlo e Hloka ho Hlaoleloa: Hore peō ea ’nete e tle e hōle e hloka hore e hlaoleloe. Ho khutlela ka mor’a letsatsi kapa a mabeli ka mor’a ketelo ea pele hangata ho hlahisa liphello tse ntle. E-ba le mofuthu le botsoalle. Etsa hore motho e mong a phutholohe. U se ke ua bua u le mong. Mo lumelle hore a u tsebe, ’me u bontše hore ua mo thahasella joaloka motho.
3 Ka July le ho tsoela pele ho fihlela ka August, re lebisitse tlhokomelo ho nehelaneng ka libukana tse sa tšoaneng ho batho bao re kopanang le bona. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore re boele re latelle thahasello e fumanoeng le moo ho nang le se siiloeng. Re etsa sena ka ho etsa maeto a ho boela le ho buella lithuto tsa Bibele. (Mat. 28:19, 20) E le ho finyella sena, bukana ea Seo a se Hlokang e ka ’na ea sebelisoa ho qala lithuto. U ka ’na ua fumana litlhahiso tse latelang tse ’nè li le molemo.
4 Haeba u ile ua buisana le motho ea neng a amehile ka tsela eo lefatše le e nkileng, u ka ’na ua qala moqoqo bocha ka ho re:
◼ “Ke lumela hore u amehile joaloka ’na ka ho hlepha ha boitšoaro har’a batho. Re utloa litlaleho tse nyarosang tsa pefo ea ka lapeng, tse fellang ka ho hlekefetsoa ha bana, batsoali le balekane ba lenyalo. ’Me ho bonahala batho ba bangata ba se na taba hore na ba bua leshano kapa baa utsoa hafeela ba ka khotsofatsa litakatso tsa bona. Na u nahana hore hoa tsotelleha ho Molimo hore na batho ba phela bophelo ba bona joang? [Emela karabelo.] Molimo o hlomme litekanyetso tse itseng hore motho a phele ka tsona, ’me ha e le hantle hase moroalo ho rōna.” Bala 1 Johanne 5:3. Ebe u nehelana ka bukana ea Seo a se Hlokang, ’me u e phetle thutong ea 10. Bala serapa sa pele. Supa mantsoe le lipoleloana tse ngotsoeng ka mongolo o tšekaletseng le lipoleloana tse qalong ea serapa sa 2-6, ’me u botse mong’a ntlo hore na ke tloaelo efe eo a ikutloang hore ke e kotsi haholo ho batho. Bala serapa se amehang ebe u sheba lengolo le le leng kapa a mabeli ha monyetla o u lumella. Qetella ka ho bala serapa sa 7, ebe joale u etsa litokisetso tsa ho khutla bakeng sa puisano e tsoelang pele.
5 Ho bao u kileng ua kopana le bona ba amehileng ka malapa a bona, u ka ’na ua bua ntho e kang ena:
◼ “Na u nahana hore ke ntho e utloahalang ho lebella hore ’Mōpi o ne a tla re fa lisebelisoa tseo re li hlokang ho haha bophelo ba lelapa bo atlehileng?” Emela karabelo. Hlahisa bukana ea Seo a se Hlokang, phetla thutong ea 8, ’me u hlalose hore e na le melao-motheo e tsoang Bibeleng bakeng sa setho se seng le se seng sa lelapa. Mo kōpe ho mo bontša mokhoa oa ho sebelisa bukana eo le Bibele e le hore a ka rua molemo o moholo ho eona. Latela litaelo tse fanoeng leqepheng la 2 la bukana ena. Etsa litokisetso tsa ho khutla ho tla ntšetsa thuto pele, kapa haeba le e qeta, ho tla ithuta thuto e ’ngoe eo mong’a ntlo a e khethang bukaneng eo.
6 Katamelo e tobileng ke ena eo u ka e sebelisang ho buella lenaneo la rōna la thuto ea Bibele. Hlahisa bukana ea “Seo a se Hlokang,” ebe u re:
◼ “Bukana ena e fupere thupelo e batsi ea ho ithuta e akarelletsang lithuto tsa motheo tsa Bibele. Leqepheng le leng le le leng, u tla fumana likarabo tsa lipotso tse ’nileng tsa khathatsa batho ka makholo a lilemo. Ka mohlala, Morero oa Molimo ka lefatše ke ofe?” Phetla thutong ea 5, ’me u bale lipotso tse qalong ea thuto ena. Botsa mong’a ntlo hore na o khahloa ke efe haholo-holo, ebe joale u bala (li)serapa se amanang le eona, le bala mangolo a loketseng. Hlalosa hore likarabo tse khotsofatsang lipotsong tse ling li ka fumanoa habonolo feela joaloka ena. Etsa tlhahiso ea hore u tla khutla hape hore le tl’o buisana ka potso e ’ngoe le karabo ea eona.
7 Kapa u ka ’na ua rata ho leka katamelo e nolofalitsoeng bakeng sa ho qala thuto ea Bibele ka ho re:
◼ “Na u ne u tseba hore ka metsotsoana e seng mekae feela, u ka fumana karabo potsong ea bohlokoa ea Bibele? Ka mohlala, . . .” Ebe joale u bolela potso e hlahang qalong ea e ’ngoe ea lithuto tse bukaneng, eo u nahanang hore e tla ipiletsa ho motho eo. Bakeng sa lintlha tse ling tsa lipotso tseo u ka ’nang ua li sebelisa, bona serapa sa 15 le sa 16 kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1997, e nang le sehlooho se reng: “Itete Sebete ho Etsa Maeto a ho Boela.”
8 Ho amohela phephetso ea ho etsa maeto a ho boela le ho khanna lithuto tsa Bibele ka thabo ke karolo ea ho ba “basebetsi-’moho” le Molimo. (1 Bakor. 3:9) Ha re ntse re sebetsa ka thata ho hlaolela thahasello eo re e fumanang ’me joale re itšetleha ka Jehova ho hōlisa lintho, re tla latsoa khotsofalo ea sebele eo ho seng mosebetsi o ka e hlahisang.