Etelletsa Lintho Tsa Bohlokoa Haholo Pele
1 Tse ling tsa lintho tsa bohlokoa tse hlokahalang e le hore re iketle moeeng ke life? Tsena ka sebele li tla akarelletsa thuto ea motho ka mong, ho ba teng libokeng, ho tiisetsa thapelong, botsoalle bo hahang le tšebeletso ea Bokreste. Re ke ke ra phela hantle moeeng haeba re sa boloke lintho tsa bohlokoa e le tsona tse ka sehloohong bophelong ba rōna.
2 Leha ho le joalo, kaofela re loana le litakatso tsa nama ’me re hloka taeo. (Bagal. 5:17) Le ka mohla re se ke ra ikutloa hore ho na le molemo o moholo oo re o fumanang ka ho phehella lithahasello tsa boikhabi. (Jer. 17:9) Ka lebaka leo, e le hore re tle re sireletse lipelo tsa rōna ’me re qobe ho khelosoa, ke habohlokoa ka ho fetisisa hore re itlhahlobe kamehla.—Liprov. 4:23; 2 Bakor. 13:5.
3 Hlahloba Pelo ea Hao: Sena u ka se etsa ka ho ipotsa lipotso tse tšepahalang: Na ke labalabela ho bala Lentsoe la Molimo? (1 Pet. 2:2) Na ke utloisisa bohlokoa ba ho ba teng libokeng tsohle tsa phutheho? (Baheb. 10:24, 25) Na ke tiisetsa thapelong? (Baroma 12:12) Na ke batla setsoalle sa batho ba sekametseng linthong tsa moea? (Baroma 1:11, 12) Na ke ikutloa hore ke tlamehile ho bolela litaba tse molemo? (1 Bakor. 9:16) Likarabelo tse lumellanang le se ka holimo li tla bontša hore u lakatsa ho etelletsa lintho tsa bohlokoa haholo pele.
4 Hlahloba Kemiso ea Hao ea Letsatsi le Letsatsi: Ka mor’a hore u hlahlobe litakatso tsa pelo ea hao, ho hlokahala hore u hlomamise hantle hore na ke lintho life tse nkang sebaka sa pele. Sena se akarelletsa ho beha nako ea hore kamehla u bale Bibele le tokollo e ’ngoe le e ’ngoe ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!, haesita le ea ho lokisetsa liboka. Ho lokela hore hape ho behelloe nako ka thōko bakeng sa hore lelapa le ithute hammoho le ho rapela hammoho. Behang moeli oa hore na ke nako e kae e tla sebelisetsoa ho shebella TV kapa ho sebelisa k’homputha. Ikemisetseng ho ba teng libokeng tsohle tsa phutheho, ’me ha le lokisetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, le li etelletse pele. Lokisetsang hore lelapa kaofela le kopanele tšebeletsong ea tšimo beke le beke.
5 Ha ho pelaelo hore ho etelletsa lintho tsa bohlokoa haholo pele bophelong ba rōna e tla ba sesosa sa thabo.