Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/06 leq. 1
  • Ke Ntho Efe eo U e Etelletsang Pele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Ntho Efe eo U e Etelletsang Pele?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Na U Nthata ho Feta Tsee?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Na Boithabiso ba Hao bo U Tsoela Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • U se ke Ua Lumella Letho ho U Suthisetsa Hōle le Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Sebelisa Nako ea Hao ka Bohlale
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 10/06 leq. 1

Ke Ntho Efe eo U e Etelletsang Pele?

1 U ne u ka araba potso ee joang? Ke ’nete hore kaofela ha rōna re lakatsa ho etelletsa mesebetsi ea ’Muso pele. (Mat. 6:33) Empa re ka ’na ra ipotsa, ‘Na lintho tseo ke khethang ho li etsa li bontša hore ho hlile ho joalo?’ Bibele e re khothatsa ka ho re: “Le ’ne le leke seo le leng sona.” (2 Bakor. 13:5) Re ka ikholisa joang hore na re etelletsa ’Muso pele kapa che?

2 Nako ea Rōna: Re ka qala ka ho hlahloba hore na re khetha ho sebelisa nako ea rōna joang. (Baef. 5:15, 16) Ka beke, re qeta nako e kae re e-na le metsoalle, re shebeletse thelevishene, re sebelisa Inthanete kapa re etsa ntho e itseng ho itlosa bolutu? Re ka ’na ra makala ha re ngola nako eo re e qetang linthong tseo ’me re e bapisa le eo re e qetang mesebetsing ea moea. Na molemong oa ho fumana lintho tse majabajaba, re sebetsa nako e eketsehileng mosebetsing oa boipheliso ebe re hlokomoloha tšebeletso e halalelang? Ke ka makhetlo a makae re lofa liboka kapa tšebeletso e le hore re ee boithabisong ka mafelo-beke?

3 Etelletsa Lintho Tsa Bohlokoa Pele: Ba bangata ba rōna ha re na nako e lekaneng ea ho etsa lintho tsohle tseo re ka ratang ho li etsa. Kahoo e le hore re eteletse mesebetsi ea ’Muso pele, re lokela ho sheba hore na ke lintho life tse tlang pele ho rōna ebe re beha nako ka thōko bakeng sa “lintho tsa bohlokoa haholo.” (Bafil. 1:10) Tsona li akarelletsa ho ithuta Lentsoe la Molimo, ho kopanela tšebeletsong, ho hlokomela lelapa le ho ba teng libokeng tsa Bokreste. (Pes. 1:1, 2; Bar. 10:13, 14; 1 Tim. 5:8; Baheb. 10:24, 25) Lintho tse ling tse kang ho ikoetlisa ka teka-tekano le ho ithabisa ka tsela e loketseng li molemo. (Mar. 6:31; 1 Tim. 4:8) Empa lintho tsena hase tsa bohlokoa haholo ’me ha lia lokela ho kena-kenana le mesebetsi ea ’Muso.

4 Mor’abo rōna e mong e mocha o ne a batla ho etelletsa mesebetsi ea ’Muso pele ka hore a kenele tšebeletso ea nako e tletseng ho e-na le ho hahamalla thuto e phahameng e neng e tla mo hlomella bakeng sa mosebetsi oa lefatše. O ile a ithuta puo e ’ngoe eaba o fallela moo ho nang le tlhokahalo e khōlō. O ile a re: “Monate oa mona ke o tsoang ka litsebe. Tšebeletso e khatholla haholo! Ke lakatsa eka mocha e mong le e mong a ka etsa se tšoanang ’me a utloe seo ke se utloang. Ha ho ntho e molemo ho feta ho sebeletsa Jehova ka sohle seo re nang le sona.” Ka sebele ho etelletsa ’Muso pele ho re tlisetsa litlhohonolofatso, empa ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore ho thabisa Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova.—Baheb. 6:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela