Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/05 leq. 1
  • Sebelisa Nako ea Hao ka Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Nako ea Hao ka Bohlale
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boloka Boikhathollo Sebakeng sa Bona se Loketseng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Mokhoa oa ho Reka Nako e Loketseng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Na Boithabiso ba Hao bo U Tsoela Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ke Ntho Efe eo U e Etelletsang Pele?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 9/05 leq. 1

Sebelisa Nako ea Hao ka Bohlale

1 Takatso ea rōna ea ho khahlisa Jehova e re susumelletsa hore re tšoarehe ka mesebetsi ea moea bophelong ba rōna. Lentsoe la hae le re laela hore re ‘’ne re batle ’muso pele’ le ho “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.” (Mat. 6:33; Bafil. 1:10) Re ka reka nako joang bakeng sa mesebetsi e amanang le ’Muso ’me ra etsa hore mesebetsi eo e seng ea bohlokoa hakaalo e tle ka morao?—Baef. 5:15-17.

2 Etelletsa Mesebetsi ea ’Muso Pele: Hlophisa nako ea hao e le hore e se ke ea jeoa ke lintho tseo e seng tsa bohlokoa. Qalong ea khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, ba bang ba tšoaea linako tse tobileng almanakeng ea bona bakeng sa tšebeletso ea tšimo. Ebe ba ba hlokolosi hore ba se ke ba lumella lintho tse ling ho kena-kenana le litokisetso tseo. Re ka etsa se tšoanang e le hore re reke nako bakeng sa liboka, thuto ea botho le likopano. Ba bangata ba na le kemiso ea letsatsi le letsatsi e qalang ka ’malo oa Bibele kapa e qetellang ka oona. Behella nako e tobileng ka thōko bakeng sa mosebetsi o mong le o mong oa bohlokoa, ’me u se ke ua tlohela hore lintho tse ling li kena-kenane le nako eo.—Moek. 3:1; 1 Bakor. 14:40.

3 Fokotsa Nako eo U e Qetang Linthong Tsa Lefatše: Linaheng tse ling, lipapali, boithabiso, boikhathollo, mesebetsi ea ho itlosa bolutu le menyaka e meng li fumaneha habonolo. Ba bangata ba qeta nako e ngata haholo ba shebeletse thelevishene kapa ba sebelisa k’homphieutha. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore ho tšoareha haholo boikhathollong le lisebelisoeng tse ncha tse rarahaneng tseo lefatše lena le li etsang, ho lebisa masoabing. (1 Joh. 2:15-17) Kahoo, Mangolo a re phehella hore re se ke ra sebelisa lefatše ka botlalo. (1 Bakor. 7:31) Ka ho ela hloko keletso eo e bohlale, u ka bontša Jehova hore borapeli ba hae bo tla pele bophelong ba hao.—Mat. 6:19-21.

4 Nako e saletseng tsamaiso ena e lekane motinyane. Ba etelletsang mesebetsi ea ’Muso pele ba tla thaba ’me ba tla ratoa ke Molimo. (Liprov. 8:32-35; Jak. 1:25) Ka lebaka leo, e se eka re ka sebelisa ka bohlale letlotlo lena la bohlokoa, e leng nako ea rōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela