Mokhoa oa ho Reka Nako e Loketseng
1 Ho ba le ho hongata hoo re ho etsang tšebeletsong ea Jehova ho re boloka re tšoarehile! (1 Bakor. 15:58) Re hlokomela tlhokahalo ea thuto ea botho le ea lelapa, ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, ho lokisetsa liboka tsa phutheho le ho ba teng ho tsona le ho kopanela kamehla tšebeletsong ea tšimo. Balebeli ba na le boikarabelo ba bolisa, hape ba hlokomela le mesebetsi e meng ea phutheho. Ba bang ba na le boikarabelo bo boima ba lelapa kapa ba tlamehile ho etsetsa ba bang lintho tse sa tšoaneng. E le hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka etsoa ka nepo, ho hlokahala hore e mong le e mong a etse lintho ka teka-tekano le ka tlhophiso e ntle ea botho.
2 Etelletsa Lintho Tsa Bohlokoa Pele: Katleho mabapi le ‘ho ithekela nako e loketseng’ e itšetlehile ka temoho le kahlolo ea rōna e molemo. (Baef. 5:15, 16) Re tlameha ho lekanyetsa hore na “lintho tsa bohlokoa haholoanyane” ke life ’me re li behe qalong ea lethathamo la rōna la lintho tsa bohlokoa. (Bafil. 1:10) Banyalani ba bang ba ile ba hlalosa lelapa la bona la puso ea Molimo ka tsela ena: “Re tlatsa bophelo ba rōna ka ’nete . . . ’Nete hase karolo ea bophelo ba rōna, ke bophelo ba rōna. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e likoloha ho eona.” Ho beha borapeli le tšebeletso tsa Jehova pele bophelong ba motho hoa hlokahala.
3 Khetholla Lintho Tse Senyang Nako: Ho na le lihora tse 168 bekeng, ’me ho hlokahala hore re sebelise nako eo re nang le eona ka bohlale. Hore re tle re be le nako e lekaneng bakeng sa mesebetsi ea puso ea Molimo, ho hlokahala hore re khetholle le ho fokotsa lintho tse senyang nako. Phuputso e ’ngoe e senola hore motho e moholo ea tloaelehileng United States o qeta lihora tse fetang 30 ka beke a shebeletse TV! Ba bang, nako e ngata ba e qeta ba bala lingoliloeng tsa lefatše. Ba bang ba ka ’na ba fumana hore ba qeta nako e feteletseng mesebetsing ea boithabiso, ea ho itlosa bolutu, boikhathollong, kapa mefuteng e meng ea tšebetso ea k’homputha. Ho ka ’na ha hlokahala hore re hlahlobisise kemiso ea rōna ea letsatsi le letsatsi ho bona hore na re ka sebelisa nako ea rōna hamolemo joang. Bohlale bo hloka hore re behe meeli mabapi le hore na re lumella nako e kae bakeng sa lintho tseo e seng tsa bohlokoa.
4 Hlaolela Kemiso e Ntle: Ho sa tsotellehe maemo a rōna a botho, e mong le e mong oa rōna a ka reka nako bakeng sa lipakane tsa moea. Ba bang ba fumane hore ho tsoha hoseng haholoanyane letsatsi le leng le le leng ho ba thusa ho finyella ho eketsehileng. Haeba re qeta nako e ngata re tsamaea ho ea mosebetsing kapa re emetse ba bang, re ka ’na ra sebelisa e ’ngoe ea nako eo bakeng sa ’malo oa Bibele, ho lokisetsa liboka, kapa ho mamela boitsebiso bo lokiselitsoeng ke Mokhatlo ka lik’hasete. Malapa a rua molemo haholo ka ho behella ka thōko kamehla nako e tobileng ea ho ithuta hammoho. Haeba setho se seng le se seng sa lelapa se e-ba teng ka nako thutong ea lelapa, bohle ba ba le nako e eketsehileng.
5 Ha letsatsi le leng le le leng le feta, re lokela ho hlokomela haholoanyane hore “nako e setseng e fokotsehile.” (1 Bakor. 7:29) Bophelo ba rōna bo itšetlehile ka hore na re sebelisa nako e setseng ea bohlokoa joang. Re tla hlohonolofatsoa haeba re reka nako e loketseng e le hore re ka boloka lithahasello tsa ’Muso sebakeng sa pele!—Mat. 6:33.