Lula U Lebetse Tsela eo U Sebelisang Nako ea Hao ka Eona
1 Mehleng ena eo ho nang le thepa e bolokang nako le e potlakisang mosebetsi, batho ba bangata ba iphumana ba e-na le lintho tseo ho bonahalang li le ngata tseo ba lokelang ho li etsa empa ba se na nako e lekaneng ea ho li etsa. Na u fumana ho le thata ho tsoela pele ka kemiso e ntle ea lintho tsa moea? Na u lakatsa eka u ka be u e-na le nako e eketsehileng bakeng sa tšebeletso? Re ka sebelisa nako ea rōna hamolemohali joang?—Pes. 90:12; Bafil. 1:9-11.
2 Tseba Lintho Tse Senyang Nako: Nako le nako kaofela ha rōna re lokela ho hlahloba tsela eo re sebelisang nako ea rōna ka eona. Bibele e re phehella ka mantsoe ana: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo.” (Baef. 5:15, 16) Nahana ka mathata a hlahisoang ke khatelo-pele ea theknoloji ea boitsebiso. Le hoja lik’homphieutha le thepa e ’ngoe ea elektronike e ka sebelisoa hamolemo, e ka ba leraba haeba re sa lule re lebetse tsela eo re sebelisang nako ea rōna ka eona.—1 Bakor. 7:29, 31.
3 E mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa: ‘Na ke qeta letsatsi le leng le le leng ke bala kapa ke araba melaetsa ea bosaoana ea E-mail? Na hangata ke tšoareha ka lipuisano tsa mohala kapa ka ho romela melaetsa ea litaba tseo e seng tsa bohlokoa? (1 Tim. 5:13) Na ke iphumana ke phenya-phenya Internet ntle ho lebaka kapa ke shebella seteishene sena le sane thelevisheneng ntle ho morero? Na ho lula ke bapala lipapali tsa elektronike ho se ho qalile ho ja nako ea ka ea ho ithuta Lentsoe la Molimo?’ Lintho tse joalo li ka thefula bomoea ba rōna re sa hlokomele.—Liprov. 12:11.
4 Ho Sebelisa Nako ka Bohlale: Thepa ea elektronike e ka ja nako le ho hapa tlhokomelo ea rōna. Mocha ea neng a lemaletse lipapali tsa k’homphieutha o ile a lumela, a re: “Ka linako tse ling ka mor’a hore ke li bapale pele ke e-ea tšimong kapa sebokeng sa Bokreste, ke ne ke thatafalloa ke ho tsepamisa mohopolo. Hoo e ka bang ka linako tsohle ke ne ke nahana ka hore na ha ke fihla hae nka hlōla joang papaling e itseng. Sena se ile sa e-ba le phello e mpe thutong ea ka ea botho le ho baleng Bibele kamehla. Ke ile ka qala ho felloa ke thabo tšebeletsong ea Molimo.” Ha a hlokomela hore ho hlokahala hore a etse liphetoho, o ile a tlosa lipapali tsohle tsa hae k’homphieutheng. Oa hopola: “Ho ne ho le thata haholo. Ke ne ke lemaletse lipapali ho feta kamoo ke neng ke nahana kateng. Empa ke ile ka boela ka khotsofalla ho tseba hore seo ke se entseng se molemong oa ka.”—Mat. 5:29, 30.
5 Ho ka ’na ha hlokahala hore u nke mehato e joalo haeba ho e-na le likarolo tseo ho hlokahalang hore u etse liphetoho ho tsona. Na u ka reka halofo ea hora letsatsi le letsatsi linthong tseo e seng tsa bohlokoa? Eo ke nako e ka hlokahalang ho bala Bibele eohle ka selemo. Hoo e ne e tla ba ho putsang hakaakang moeeng! (Pes. 19:7-11; 119:97-100) Beha linako tse tobileng bakeng sa ho bala Bibele, ho lokisetsa liboka le tšebeletso ea tšimo. (1 Bakor. 15:58) Ho etsa joalo ho tla u thusa ho laola lintho tse senyang nako ’me ho u thuse hore u “tsoele pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.”—Baef. 5:17.
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
1. Batho libakeng tsohle ba talimana le bothata bofe kajeno?
2, 3. Theknoloji ea boitsebiso e na le mathata afe, ’me e mong le e mong oa rōna a ka itlhahloba joang?
4. Mocha e mong o ile a etsa phetoho efe, hona hobane’ng?
5. Re ka reka nako joang bakeng sa lipakane tsa moea, hona re ka rua molemo joang ka ho etsa joalo?