Khaolong ea 30
Na ke Lokela ho Bapala Lipapali Tsa Elektronike?
MOSHANYANA e mong ea bitsoang Brian, o re: “Lipapali tsa k’homphieutha lia thabisa ’me lia ratoa. Ha u li bapala, u ka etsa lintho tseo ha e le hantle bophelong u neng u ke ke ua lora u li etsa—ke hore tseo u ke keng ua li etsa ebe ha u kene mathateng a tebileng.” Deborah o re le eena o rata lipapali tsa k’homphieutha. Leha ho le joalo, o phaella ka ho fana ka temoso ena: “Li ka jella motho nako e ngata, a ka ba a li lemalla.”
Ha ho pelaelo hore lipapali tsa elektronike hase taba feela ea ho ithabisa ka theknoloji e phahameng. Ke ’nete hore li leotsa tsebo ea motho le ho mo tlosa bolutu. Empa ha li etse seo feela. Lipapali tsa elektronike li ka falimehisa kelello hore e fetisetse melaetsa lithong tse ling tsa ’mele. Tse ling li ka ba tsa ntlafatsa mokhoa oo u balang ka oona le tsebo ea hao ea lipalo. Ho feta moo, ho ka etsahala hore lipapali tse ling tsa morao-rao tsa elektronike e be tsona tseo bana ba sekolo ba ratang ho qoqa haholo ka tsona. Haeba u kile ua bapala e ’ngoe, u na le seo u ka buang le lithaka tsa hao ka sona.
Ka sebele, haeba u khetha ka hloko, u ka fumana papali e monate le e loketseng. Empa ke hobane’ng ha u lokela ho ba hlokolosi?
Likotsi Tsa Tsona
Ka bomalimabe, hase lipapali tsohle tsa elektronike tseo e leng boithabiso feela tjee bo se nang kotsi. Lipapali tse ngata tsa kajeno tsa elektronike li khothalletsa ka matla seo Bibele e reng ke “mesebetsi ea nama”—e leng mekhoa e litšila eo Molimo a e nyatsang.—Bagalata 5:19-21.
Adrian ea lilemo li 18, o hlalosa hore papali e ’ngoe e rekoang haholo e na le “likenke tse loantšanang, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, liketso tse totobetseng tsa ho kopanela liphate, puo e litšila, liketso tse mabifi haholo le tšollo ea mali e sisimosang.” Lipapali tse ling li bile li khothalletsa mekhoa ea ho sebelisana le meea. Lipapali tse ncha li etsa hore tsa khale li bonahale e se letho ha li bapisoa le tsona. Boholo ba lipapali tsena tse bontšang pefo, motho a ka li bapala le batho ba bang ka Inthanete. Sena se etsa hore ho bapala lipapali tsena e be ho ikhethang. James ea lilemo li 19, o re: “U ntse u le heno, u ka hlōlisana le batho ba likarolong tse ling tsa lefatše ka k’homphieutha.”
Lipapali tsa Inthanete tse ratoang haholo ke tseo batho ba nkang karolo ho tsona. Lipapaling tsena, batho ba iketsetsa libapali tse phelang Inthaneteng e sebelisoang ke batho ba bang ba likete—ebang ke tsa batho, tsa liphoofolo, kapa tsa batho ba kang liphoofolo. Inthaneteng mona ho na le mabenkele, likoloi, matlo, li-nightclub le matlo a matekatse—ha e le hantle, lintho tse bontšoang mona li tšoana le tse etsahalang bophelong ba sebele. Ba bapalang lipapaling tsena ba khona ho ngollana melaetsa ha libapali tsa bona tsa k’homphieutha li kopana.
Tse ling tsa liketso tse seng kae tsa tlōlo ea molao tse etsahalang mecheng ena ea Inthanete ke tsa Mamafia, tsa batho ba thaothelang matekatse, ba nkelang ba bang lintho ka likhoka, baqhekelli le babolai. Batho ba li bapalang ba etsa lintho tseo bophelong ba sebele ba neng ba ke ke ba li etsa. Ka ho tobetsa likonopo tse seng kae feela, ba bapalang ba ka etsa hore libapali tsa bona li kopanele liphate ha bona ba ntse ba ngollana melaetsa e buang ka ho kopanela liphate. Lipapaling tse ling, ba li bapalang ba etsa hore libapali tsa bona tsa batho ba baholo li kopanele liphate le libapali tsa bana. Batho ba nyatsang mekhoa ena, ka tšoanelo ba tšosoa ke hore ebe batho ba ka etsa papali ka liketso tse tsoileng tseleng joalo.
Lebaka Leo ho Leng Bohlokoa Hore na U Khetha Efe
Ba bapalang lipapali tseo tse bontšang pefo kapa tse bontšang ho kopanela liphate pepenene ba ka ’na ba re: “Ha li na kotsi ea letho. Hase liketso tsa sebele. E mpa e le papali feela.” Empa u se ke ua thetsoa ke monahano oo o fosahetseng!
Bibele e re: “Esita le ka liketso tsa hae moshanyana o iketsa hore a hlokomeloe mabapi le hore na mosebetsi oa hae o hloekile ’me o lokile.” (Liproverbia 20:11) Haeba u bapala lipapali tsa elektronike tse bontšang pefo le boitšoaro bo bobe, na ho ka thoe u hloekile ’me u lokile? Liphuputso li bontša ka makhetlo hore ho shebella boithabiso bo mabifi ho etsa hore ba bo shebellang ba be mabifi. Ha e le hantle, litsebi tse ling li bolela hore kaha lipapaling tsa video teng motho o nka karolo ho tsona, li ka ba le tšusumetso e matla ho feta thelevishene.
Ho bapala lipapali tse bontšang pefo kapa boitšoaro bo bobe ho tšoana le ho bapala ka lintho tse lahliloeng tse ntšang mahlaseli a kotsi—kotsi ea hona e ka ’na ea se ke ea bonahala hang-hang, empa qetellong e tla ba teng. Ka tsela efe? Ho pepesehela mahlaseli a kotsi ho ka senya lera la mala ’me ha etsa hore libaktheria tse ka maleng li kene maling, ’me li kulise motho. Ka ho tšoanang, ha u bapala lipapali tse bontšang ho kopanela liphate pepenene le pefo e sisimosang, seo se ka etsa hore u felloe ke ‘kutlo ea boitšoaro’ ha ba ha etsa hore monahano le liketso tsa hao li laoloe ke litakatso tsa nama.—Baefese 4:19; Bagalata 6:7, 8.
Ke Lokela ho Khetha Papali Efe?
Haeba batsoali ba hao ba u lumella hore u bapale lipapali tsa elektronike, u ka tseba joang hore na u khethe life le hore na u lokela ho li bapala ka nako e kae? Ak’u ipotse lipotso tse latelang:
Lipapali tseo ke li khethang li tla ama joang tsela eo Jehova a ikutloang ka eona ka ’na? Pesaleme ea 11:5 e re: “Jehova o hlahloba ea lokileng hammoho le ea khopo, ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” Ha Lentsoe la Molimo le bua ka ba sebelisanang le meea, le re: “E mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.” (Deuteronoma 18:10-12) Haeba u batla ho ba motsoalle oa Molimo, u lokela ho latela keletso e ho Pesaleme ea 97:10, e reng: “Hloeang se sebe.”
Papali eo e tla nkama joang kelellong? Ipotse, ‘Na ho bapala papali eo ho tla ’nolofalletsa ho “balehela bohlola” kapa ho tla nthatafalletsa?’ (1 Bakorinthe 6:18) Lipapali tse u pepesetsang litšoantšo kapa meqoqo e tsosang takatso ha li na ho u thusa hore u lule u nahana ka lintho tse lokileng, tse hloekileng le tse khabane.—Bafilipi 4:8.
Ke tla qeta nako e kae ke li bapala? Esita le lipapali tsa elektronike tse seng kotsi li ka jella motho nako e ngata. Kahoo sheba nako eo u e qetang u li bapala. Na li u jella nako eo u e hlokang hore u etse mesebetsi e meng ea bohlokoa? Ho sheba nako eo u e qetang u li bapala ho tla u thusa hore u etelletse lintho tsa bohlokoa pele.—Baefese 5:15, 16.
Ke ’nete hore Bibele ha e u laele hore u qete nako eohle ea bophelo ba hao u bala kapa u sebetsa. Ho e-na le hoo, kaofela ha rōna e re hopotsa hore ho na le “nako ea ho tšeha . . . le nako ea ho tlōla-tlōla.” (Moeklesia 3:4) Leha ho le joalo, hlokomela hore poleloana e reng “ho tlōla-tlōla” ha e fane ka maikutlo a ho bapala feela empa e boetse e bolela hore motho a thapolle ’mele. Kahoo qeta nako e ’ngoe u bapala lipapali tse hlokang hore u thapolle ’mele ho e-na le ho lula u bapala lipapali tsa elektronike nako ena kaofela.
Khetha ka Bohlale
Ha ho pelaelo hore ho bapala lipapali tsa elektronike ho ka ba monate, haholo haeba u ipabola ho tsona. Lena ke lona lebaka le ka sehloohong la hore u khethe lipapali ka bohlale. Ipotse, ‘Ke ipabola lithutong life sekolong?’ Na hase tseo ka tloaelo u li ratang? ’Nete ke hore thuto eo u e ratang haholo, hangata ke eona e u susumetsang haholo. Joale ipotse: ‘Ke papali efe eo ke e ratang haholo? Papali ee e nthuta mekhoa efe?’
Ho e-na le ho bapala papali hobane feela lithaka tsa hao li e rata, ikemisetse ho etsa qeto e thehiloeng tsebong. Habohlokoa le ho feta, latela keletso ea Bibele, e reng: ‘U ’ne u nepisise hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.’—Baefese 5:10.
U rata ’mino, ’me eo ke ntho e tloaelehileng. Empa na u lekhoba la oona?
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Lōna ba ratang Jehova, hloeang se sebe.”—Pesaleme ea 97:10.
KELETSO
Ngola ka bokhutšoanyane papali ka ’ngoe eo u batlang ho e bapala, u hlalose sepheo sa papali eo le hore na ho sebelisoa mekhoa efe ho se finyella. Bapisa lintlha tseo u li ngotseng le melao-motheo ea Bibele e boletsoeng khaolong ena, ’me u bone hore na papali eo e loketse kapa che.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Tleleniki ea pele lefatšeng e reretsoeng ho sokolla batho ba lemaletseng lipapali tsa elektronike e ile ea buloa Amsterdam, Netherlands, ka 2006.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Haeba motsoalle oa ka a re re bapale papali ea elektronike e bontšang pefo kapa boitšoaro bo bobe, ke tla re ․․․․․
Ke tla rata ho qeta nako e ka etsang ․․․․․ feela ka beke ke bapala lipapali tsa elektronike, ’me e le hore ke finyelle seo ke tla ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Lipapali tsa elektronike li ka ama monahano oa motho le maikutlo a hae joang?
● Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore motho a nahane ka melao ea Jehova ea boitšoaro ha a khetha papali e itseng?
● U ka thusa ngoan’eno e monyenyane joang ea lemaletseng papali eo u tsebang hore e kotsi?
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 249]
“Lipapali tse ngata li etsa hore u se ke ua hlola u tšosoa ke lintho tse kang pefo, puo e litšila le boitšoaro bo bobe ebile li ka etsa hore u inehele habonolo ha u thulana le liteko likarolong tse ling tsa bophelo. U lokela ho ba hlokolosi haholo ka lipapali tseo u khethang ho li bapala.’’—Amy
[Setšoantšo se leqepheng la 250]
Ho bapala lipapali tse bontšang pefo kapa boitšoaro bo bobe ho tšoana le ho bapala ka lintho tse lahliloeng tse ntšang mahlaseli a kotsi—kotsi ea hona e ka ’na ea se ke ea bonahala hang-hang, empa qetellong e tla ba teng