Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp2 khao. 31 maq. 253-262
  • Nka Etsa’ng Hore ’Mino o se ke oa Ntaola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa’ng Hore ’Mino o se ke oa Ntaola?
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na oa le Qabanya Kapa oa le Kopanya?
  • ’Mino oo ke o Mamelang o Fetisa Molaetsa Ofe?
  • Iketsetse Qeto
  • Ke Neng ho ka Thoe’ng U o Mamela ka ho Feteletseng?
  • Fetola Tsela eo U o Mamelang ka Eona
  • Etsa Khetho e Nepahetseng
  • Nka Boloka ’Mino Sebakeng se Loketseng Joang?
    Tsoha!—1993
  • Na nka Mamela ’Mino o Mong le o Mong oo ke U Ratang?
    Bacha Baa Botsa
  • Na U Tla Khetha ’Mino ka Bohlale?
    Tsoha!—2011
  • Itebele Khahlanong le ’Mino o sa Haheng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
yp2 khao. 31 maq. 253-262

Khaolong ea 31

Nka Etsa’ng Hore ’Mino o se ke oa Ntaola?

U nka ’mino e le oa bohlokoa hakae?

□ Nka phela kantle ho oona.

□ Nke ke ka phela kantle ho oona.

U mamela ’mino neng?

□ Ha ke tsamaea

□ Ha ke ithuta

□ Nako ena kaofela

U rata ’mino oa mofuta ofe haholo, hona hobane’ng? ․․․․․

HO BONAHALA eka kaofela ha rōna ka tlhaho re thabela ’mino. Bacha ba bangata ba nka hore joang kapa joang ba lokela ho mamela ’mino. Amber ea lilemo li 21, o re: “Nke ke ka phela kantle ho oona. Ke mamela ’mino nako ena kaofela—esita le ha ke hloekisa, ke apeha, ke ronngoe, kapa ha ke ithuta.”

Pina e ka ’na ea e-ba le morethetho feela o itekanetseng, empa e ka ama motho ka ho teba maikutlong. Feela joalokaha “lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng le [le] molemo” haholo, ho mamela pina ka nako e nepahetseng e ka ba ho tšelisang haholo! (Liproverbia 15:23) Jessica ea lilemo li 16, o re: “Ka linako tse ling u ka nahana hore ha ho motho ea utloisisang tsela eo u ikutloang ka eona. Empa ha ke mamela sehlopha sa ’mino seo ke se ratang, kea elelloa hore hase ’na feela ea tepellang maikutlo.”

Na oa le Qabanya Kapa oa le Kopanya?

Le hoja ho totobetse hore u rata ’mino, batsoali ba hao ba ka ’na ba talima seo ka tsela e fapaneng. Moshanyana e mong o re: “Ntate o re, ‘Koala lerata leo! Le ntlhaba habohloko litsebeng!’” Kaha u khathetse ke ho lula u emelloa ka ’mino, u ka ’na ua nahana hore batsoali ba hao ba u tsekisa ntho e sa reng letho. Ngoanana e mong o re: “Bona ba ne ba etsa’ng ha e sa le bacha? Na le bona batsoali ba bona ba ne ba sa nahane hore ba rata ’mino o mobe?” Ingred ea lilemo li 16, o tletleba ka ho re: “Ho bonahala eka batho ba baholo ba saletse morao. Ho ka ba molemo ha ba ka elelloa hore le rōna re tseba ’mino o monate!”

Ingred o bua ntlha ea bohlokoa. Joalokaha e ka ’na eaba ua tseba, ho theosa le histori, batho ba baholo le ba bacha ba ’nile ba e-ba le maikutlo a sa tšoaneng ka lintho tseo ba li ratang. Empa ho se tšoane hoo ha ho bolele hore le lokela ho lula le qabana tabeng ea ho khetha ’mino. Habohlokoa ke hore u fumane lintho tseo uena le batsoali ba hao le li ratang ka ho tšoana. Haeba batsoali ba hao ba hlompha Bibele, seo se ka u tsoela molemo haholo. Hobane’ng? Hobane Lentsoe la Molimo le ka le thusa hore le lemohe ’mino o fosahetseng le oo e leng taba feela ea hore na motho o rata ofe. E le hore u etse sena, u lokela ho sekaseka lintlha tse peli tsa bohlokoa: (1) molaetsa o fetisoang ke ’mino oo u o mamelang le (2) nako eo u e qetang u o mametse. A re qale ka ho hlahloba potso e reng . . . 

’Mino oo ke o Mamelang o Fetisa Molaetsa Ofe?

’Mino o tšoana le lijo. U rua molemo ha u mamela o nepahetseng le hona ka tekanyo e loketseng. Empa ’mino o fosahetseng oona o kotsi ho sa tsotellehe hore na u o mamela hakae. Ka bomalimabe, ’mino o fosahetseng ke oona o monate haholo. Mocha e mong ea bitsoang Steve o tletleba ka hore: “Ke hobane’ng ha lipina tsohle tse nang le morethetho o monate li na le mantsoe a litšila?”

Na hoa tsotelleha hore na o fetisa molaetsa ofe haeba u hlile u rata morethetho? Ho u thusa hore u arabe potso eo, ipotse: ‘Haeba motho a batla ho ntšella chefo, a ka nkeka joang? Na a ka ntšella eona sejong se babang kapa se tsoekere?’ Monna ea tšepahalang, Jobo o ile a botsa: “Na tsebe ha e leke mantsoe joalokaha mahalapa a latsoa lijo?” (Jobo 12:11) Kahoo ho e-na le ho mamela pina hobane feela u rata morethetho kapa lehlaso la eona—e leng seo ho ka thoeng ke sejo se tsoekere—‘leka mantsoe’ ka hore u hlahlobe lihlooho tsa lipina le mantsoe a tsona. Hobane’ng? Hobane mantsoe a pina a tla ama monahano oa hao le maikutlo a hao.

Ka masoabi, lipina tse ngata tsa kajeno tse ratoang haholo li na le mantsoe a khothalletsang ho kopanela liphate, pefo le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Haeba u nahana hore ho mamela mantsoe a joalo a lipina ho ke ke ha u ama, joale “chefo” eo e se e qalile ho sebetsa.

Iketsetse Qeto

Lithaka tsa hao li ka ’na tsa u susumelletsa hore u mamele ’mino o tsoileng tseleng. Indasteri ea ’mino le eona e ka u susumetsa. Seea-le-moea, Inthanete le thelevishene li entse hore ’mino e be khoebo e kenyang chelete e ngata haholo. Litsebi tsa khoebo tse nang le tšusumetso e matla li hireloa hore li fetole le ho laola ’mino oo u khethang ho o mamela.

Empa haeba u lumella lithaka tsa hao kapa ba mecha ea phatlalatso ho u laola tabeng ea hore na u mamela ’mino ofe, joale hase uena ea iketsetsang qeto. U fetoha lekhoba le sa tsebeng ho inahanela. (Baroma 6:16) Bibele e u phehella hore u hanele tšusumetso ea lefatše litabeng tse joalo. (Baroma 12:2) Kahoo u lokela ho koetlisa ‘matla a hao a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’ (Baheberu 5:14) U ka sebelisa matla a ho lemoha joang ha u khetha ’mino? Nahana ka litlhahiso tse latelang:

Hlahloba sekoahelo. Hangata, ho sheba sekoahelo feela kapa boitsebiso bo bapatsang ho ka etsa hore u tsebe hore na ke ’mino oa mofuta ofe. Litšoantšo tse tsosang takatso ea ho kopanela liphate, tse bontšang pefo, kapa batho ba sebelisanang le meea li lokela ho u lemosa. E ka ’na eaba li bontša hore ’mino oo o fosahetse.

Hlahloba mantsoe a pina. A re’ng? Na u hlile u batla ho a mamela kapa ho ’na u a pheta-pheta? Na a bua lintho tse lumellanang le melao ea boitšoaro eo u e latelang hammoho le melao-motheo ea Bokreste?—Baefese 5:3-5.

Ela hloko liphello. Mocha e mong ea bitsoang Philip, o re: “Ke hlokometse hore lipina tse ngata tseo ke li mamelang li na le mantsoe a ntepeletsang maikutlo.” Ke ’nete hore ’mino o ka ’na oa ama batho ka litsela tse sa tšoaneng. Empa ’mino oo u o mamelang o etsa hore u ikutloe joang? Ipotse: ‘Na ke lula ke nahana ka lintho tse fosahetseng ha ke qeta ho mamela ’mino o itseng kapa mantsoe a lipina tse itseng? Na ke se ke qala ho bua puo ea seterateng e sebelisoang ’minong oo?’—1 Bakorinthe 15:33.

Nahana ka maikutlo a ba bang. Batsoali ba hao ba ikutloa joang ka ’mino oo u o mamelang? Ba botse hore na ba nahana’ng ka oona. Hape nahana ka tsela eo Bakreste-’moho le uena ba ka ’nang ba ikutloa ka eona. Na ba bang ba ka ’na ba tšoenyeha ka ’mino oo u o mamelang? Ha u khona ho fetola liketso tsa hao ka lebaka la ho hlompha maikutlo a batho ba bang, u bontša hore u hōlile tsebong.—Baroma 15:1, 2.

Haeba u ipotsa lipotso tse ka holimo, u tla khona ho khetha ’mino o tla u hlasimolla empa o sa senye kamano ea hao le Molimo. Empa ho boetse ho na le ntho e ’ngoe eo u lokelang ho e hlahloba.

Ke Neng ho ka Thoe’ng U o Mamela ka ho Feteletseng?

’Mino o monate o tšoana le lijo tse matlafatsang, o ka tsoela motho molemo. Leha ho le joalo, maele a bohlale aa lemosa: “Na u fumane mahe a linotši? Ja a u lekaneng, e le hore u se ke ua ja a mangata haholo eaba u lokela ho a hlatsa.” (Liproverbia 25:16) Hoa tsebahala hore mahe a linotši aa folisa. Empa le haeba ntho e itseng e le molemo, ho itlopa eona ho ka u ntša kotsi. Re ithuta’ng ho see? Hore lintho tse molemo li lokela ho etsoa ka tsela e itekanetseng.

Leha ho le joalo, bacha ba bang ba lumella ’mino hore o laole bophelo ba bona. Ka mohlala, Jessica, ea qotsitsoeng pejana, o re: “Ke mamela ’mino nako ena kaofela—esita le ha ke ithuta Bibele. Ke bolella batsoali ba ka hore o nthusa ho tsepamisa kelello. Empa ha ba nkholoe.” Na le uena u kile ua utloa mantsoe aa a Jessica?

U ka tseba joang haeba u qeta nako e ngata haholo u mametse ’mino? Ipotse lipotso tse latelang:

Letsatsi ka leng ke qeta nako e kae ke mametse ’mino? ․․․․․

Khoeli ka ’ngoe ke sebelisa chelete e kae ’minong? ․․․․․

Na ’mino o ntšitisa ho ba le kamano e ntle le ba bang ka lapeng? Haeba ho joalo, ka tlaase mona ngola seo u ka se etsang ho ntlafatsa boemo boo. ․․․․․

Fetola Tsela eo U o Mamelang ka Eona

Haeba ’mino o u jella nako, u lokela ho ipehela moeli ’me u o mamele ka tsela e bontšang ho leka-lekana. Ka mohlala, u ka ’na ua lokela ho khaotsa ho qeta letsatsi lohle u kentse li-headphone kapa ho bulela ’mino hang feela ha u fihla lapeng.

Ha e le hantle, ke hobane’ng ha u sa ithute hore ka linako tse ling u be le nako ea khutso? Seo se ka u thusa ha u ithuta. Steve ea qotsitsoeng pejana, o re: “U tla ithuta ho hongata haeba u sa bulela ’mino.” Leka ho ithuta u sa mamela ’mino, ’me u bone hore na u ke ke ua khona ho tsepamisa kelello haholoanyane.

Hape u tla rata hore u iphe nako ea ho bala Bibele le ho ithuta eona hammoho le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ka linako tse ling Jesu Kreste o ne a ea sebakeng se khutsitseng ho ea rapela le ho thuisa. (Mareka 1:35) Na le uena u ithutela sebakeng se khutsitseng? Haeba ha ho joalo, e ka ’na eaba u itšitisa ho tsoela pele moeeng.

Etsa Khetho e Nepahetseng

Ka sebele ’mino ke mpho e tsoang ho Molimo, empa u lokela ho ba hlokolosi hore u se ke ua e sebelisa hampe. U se ke ua etsisa ngoanana e mong ea bitsoang Marlene, ea reng: “Ke na le ’mino oo ke tsebang hantle hore ke lokela ho o lahla. Empa o monate haholo.” Nahana kamoo a itematsang kateng kelellong le maikutlong ka ho mamela ’mino o tsoileng tseleng joalo! Qoba leraba leo. U se ke ua itumella hore u silafatsoe ke ’mino kapa o laole bophelo ba hao. Khomarela melao-motheo e phahameng ea Bokreste ha u khetha ’mino. Rapela Molimo hore a u tataise ’me a u thuse ha u khetha ’mino. Etsa setsoalle le batho ba lumelang seo u se lumelang.

’Mino o ka u thusa hore u khatholohe. O ka u thusa ha u jeoa ke bolutu. Empa ha u tima ’mino, mathata ’ona aa sala. Lipina li ke ke tsa nkela ho ba le metsoalle ea sebele sebaka. Kahoo u se ke ua lumella ’mino hore e be ntho ea bohlokoa haholo bophelong ba hao. U thabele, empa o se ke oa u laola.

KHAOLONG E LATELANG

U lokela ho ikhatholla ka linako tse ling. Melao-motheo ea Bibele e ka u thusa joang hore u thabele nako ea boikhathollo?

LENGOLO LA SEHLOOHO

“Na tsebe ha e leke mantsoe joalokaha mahalapa a latsoa lijo?”—Jobo 12:11.

KELETSO

Haeba u batla hore batsoali ba hao ba utloisise hore na ke hobane’ng ha u rata pina e itseng kapa sehlopha se itseng sa ’mino, qala ka hore le uena u leke ho thahasella ’mino oo ba o ratang.

NA U NE U TSEBA . . .  ?

Haeba u le leqe hore batsoali ba hao ba mamele ’mino oo u o ratang, e ka ’na eaba seo se bontša hore o fosahetse.

SEO KE RERANG HO SE ETSA!

Nka laola ’mino oo ke o mamelang haeba ke ․․․․․

Haeba lithaka tsa ka li ntšusumelletsa ho mamela ’mino o fosahetseng, ke tla re ․․․․․

Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

U NAHANA’NG KA SEE?

● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore na u khetha ’mino oa mofuta ofe?

● U ka tseba joang hore na pina e itseng e loketse kapa che?

● U ka etsa’ng e le hore u rate mefuta e meng ea ’mino?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 259]

“Ka linako tse ling ke iphumana ke mametse pina eo ke tsebang hantle hore ha kea lokela ho e mamela. Ke e tima hang-hang. Haeba ke sa e time, ke qala ho ipehela mabaka a hore ke e mamele.’’—Cameron

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 258]

Ithute ho Rata Mefuta e Meng ea ’Mino

Na hona joale u rata lijo tsa mefuta e sa tšoaneng ho feta ha u ne u le lilemo li hlano? Haeba ho joalo, ke hobane u ithutile ho rata lijo tse ling tse latsoehang ka tsela e fapaneng. Ho joalo le ka ’mino. U se ke ua mamela oa mofuta o le mong feela. Ithute ho rata mefuta e meng ea ’mino.

Tsela e ’ngoe ea ho etsa seo ke hore u ithute ho letsa seletsa sa ’mino. Ho ithuta ho letsa seletsa ho ka leotsa kelello ha ba ha etsa hore u ikutloe u khotsofetse ’me ha u fa monyetla oa hore u ithute mefuta e meng ea ’mino ho fapana le ho mamela o tloaelehileng oa indasteri ea ’mino. U ka fumana nako ea ho ithuta joang? Ka ho sebelisa nako eo u neng u shebella thelevishene kapa u bapala lipapali tsa elektronike ka eona. Ela hloko seo bacha ba latelang ba se boletseng.

“Ho letsa seletsa se itseng hoa thabisa ’me e ka ba tsela e ntle haholo ea ho bontša kamoo u ikutloang kateng. Ho ithuta ho letsa lipina tse ncha ho nthutile hore ke rate mefuta e meng ea ’mino.”—Brian ea lilemo li 18, o letsa katara, meropa le piano.

“U lokela ho ikoetlisa haeba u batla ho ithuta ho letsa seletsa se itseng hantle. ’Me ka linako tse ling ho ikoetlisa ha ho monate. Empa ha u se u khona ho letsa pina e itseng hantle seo se etsa hore u ikutloe u thabile, u finyeletse ho itseng.”—Jade ea lilemo li 13, o letsa “viola.”

“Ha lintho li sa ntsamaela hantle motšehare kapa ke ikutloa ke nyahame, ho letsa katara hoa nkhatholla. Kea khatholoha ha ke letsa pina e monate le e thobang maikutlo.”—Vanessa ea lilemo li 20, o letsa katara, piano le “clarinet.”

“Ke ne ke atisa ho re ka pelong, ‘Nke ke ka khona ho letsa seletsa sena hamonate joaloka mang-mang.’ Empa ke ile ka tsoela pele ke ithuta, ’me hona joale ke khotsofala haholo ha ke bina pina e itseng hamonate ka seletsa sena. Ke boetse ke ananela haholo libini tse ling tse nang le bokhoni.”—Jacob ea lilemo li 20, o letsa katara.

[Setšoantšo se leqepheng la 255]

’Mino o tšoana le lijo. U rua molemo ha u mamela o nepahetseng le hona ka tekanyo e loketseng. Empa ’mino o fosahetseng oona o kotsi ho sa tsotellehe hore na u o mamela hakae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela