Itebele Khahlanong le ’Mino o sa Haheng!
“Iponeleng hore le tsamaee ka kelello, e seng joale ka maoatla, e mpe e be joale ka ba bohlale. Lopollang linako, hobane mehla e se e le mebe.”—BA-EFESE 5:15, 16.
1. Ke hobane’ng ha ’mino o ka bitsoa “mpho ea Molimo”?
“’MINO . . . ke mpho ea Molimo.” Ke kamoo Lulu Rumsey Wiley a ileng a ngola bukeng ea hae Bible Music. Ho tloha mehleng ea pele, banna le basali ba tšabang Molimo ba ’nile ba hlokomela boikutlo bona. Ka ’mino, motho o ’nile a bontša maikutlo a hae a tebileng—thabo, masoabi, bohale, le lerato. Ka hona ’mino o ne o phetha karolo ea bohlokoa mehleng ea Bibele, ’me o boleloa ho pholletsa le buka eo e halalelang.—Genese 4:21; Tšenolo 18:22.
2. ’Mino o ile oa sebelisoa ho rorisa Jehova joang mehleng ea Bibele?
2 ’Mino o ile oa fumana tlhaloso e hlomphehang ka ho fetisisa borapeling ba Jehova. A mang a mantsoe a hlomphehang ka ho fetisisa a thoriso a kileng a lebisoa ho Jehova Molimo a ne a tsamaisana le ’mino pele. Mopesaleme Davida o ile a ngola: “Ke tla rorisa lebitso la Molimo ka lithoko.” (Pesaleme ea 69:30) ’Mino o ne o sebelisoa boinotšing bakeng sa ho tsamaisana le ponahatso ea borapeli. Asafe o ile a ngola: “Bosiu ke elelloa lipina tsa ka, ke losa pelong ea ka, ’me moea oa ka oa nahana.” (Pesaleme ea 77:6) Tempeleng ea Jehova, ’mino o ne o hlophisoa ka bongata bo boholo. (1 Likronike 23:1-5; 2 Likronike 29:25, 26) Ka linako tse ling, ho ne ho hlophisoa lihlopha tse khōlō tsa ’mino, joaloka mohla ho neheloang tempele, ha ho bitsoa batho ba letsang literompeta ba 120. (2 Likronike 5:12, 13) Ha re na tlaleho ea hore na ’mino ona o hlomphehang o ne o utloahala joang, empa buka The Music of the Bible ea hlokomela: “Ho ke ke ha ba thata ho nahana ka phello e akaretsang ea ’mino oa Tempele liketsahalong tse hlomphehang . . . Haeba hona joale e mong oa rōna a ka akheloa boemong bo joalo, joang kapa joang o ne a tla ba le boikutlo ba thothomelo le tšabo.”a
Tšebeliso e Mpe ea ’Mino
3, 4. Mpho ea ’mino e ile ea sebelisoa hampe ke batho ba Molimo le baahelani ba bona ba bahetene ka tsela efe?
3 Leha ho le joalo, hase ka mehla ’mino o neng o sebelisoa ka tsela e hlomphehang joalo. Thabeng ea Sinai, ’mino o ile oa sebelisetsoa ho susumetsa borapeli ba litšoantšo ba namane ea gauda. (Exoda 32:18) Ka linako tse ling ’mino o ne o bile o amahanngoa le boitšoaro ba botahoa haesita le botekatsi. (Pesaleme ea 69:12; Esaia 23:15) Esita le baahelani ba Iseraele ba bahetene ba ne ba le molato oa ho sebelisa mpho ena ea Molimo hampe. The Interpreter’s Dictionary of the Bible e re: “Fenicia le Syria e batla e le ’mino ’ohle o ratoang o neng o lebisa tlhokomelo borapeling ba Ishtare, molimotsana oa kemolo. Kahoo, ’mino o ratoang hangata e ne e ba selelekela sa tšebeletso ea boitšoaro bo feteletseng ba botona le botšehali.” Magerike a boholo-holo ka ho tšoanang a ne a sebelisa ’mino ho tsamaisana le “metjeko e tsosang takatso ea botona le botšehali.”
4 E, ’mino o na le matla a ho khannela ketsong, ho kenya motho bokhobeng, le ho susumetsa. Lilemo tse mashome tse fetileng, buka ea John Stainer The Music of the Bible e ile ea ea bohōleng ba ho bolela: “Ha ho mosebetsi oa botsebi o nang le tšusumetso e matla molokong oa motho hona joale joaloka ’Mino.” ’Mino o tsoela pele ho ba le tšusumetso e matla kajeno. Kahoo, mofuta o fosahetseng oa ’mino o ka hlahisa kotsi ea sebele bakeng sa bacha ba tšabang Molimo.
Tlhokahalo ea ho ba Hlokolosi
5. (a) ’Mino o phetha karolo e khōlō hakae bophelong ba bacha ba bangata ba lilemo tse ka tlaase ho 20? (b) Molimo o talima bacha ba ithabisang joang?
5 Haeba u mocha, u tseba hantle kamoo ’mino—haholo-holo mefuta e fapaneng ea ’mino o ratoang kapa ’mino oa rock—e leng oa bohlokoa ka teng ho lithaka tsa hao tse ngata. ’Mino o boetse o ’nile oa bitsoa “karolo ea bohlokoa ea bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20.” Ho hakanngoa hore lilemong tsa ho qetela tsa sekolo tsa mocha ea tloaelehileng United States, o mamela ’mino oa rock lihora tse fetang tse ’nè ka letsatsi! Ka sebele sena se bontša khaello ea ho leka-lekana. Hase hore ho fosahetse ho thabela ntho e ’ngoe e etsang hore u ikutloe hamonate kapa u thabile. Ka sebele Jehova, Moetsi oa ’mino o thabisang, ha aa lebella hore bacha e be ba hlonameng le ba sa thabang. Ha e le hantle, o laela batho ba hae: “Ithabiseng ka Jehova, le nyakalle ho eena, lōna ba lokileng; ’me le bine, lōna bohle ba pelo tse lokileng!” (Pesaleme ea 32:11) Lentsoe la hae le re ho bacha: “Mohlankana, thabela bocha ba hao, ’me pelo ea hao e ke e u nyakalatse matsatsing a bocha ba hao.”—Moeklesia 11:9.
6. (a) Ke hobane’ng ha bacha ba lokela ho ba hlokolosi khethong ea bona ea ’mino? (b) Ke hobane’ng ha bongata ba ’mino oa kajeno bo belaetsa ho feta ’mino oa meloko e fetileng?
6 Leha ho le joalo, ho na le lebaka le utloahalang la ho ba hlokolosi khethong ea hao ea ’mino. Ho Ba-Efese 5:15, 16, moapostola Pauluse o ile a re: “Iponeleng hore le tsamaee ka kelello, e seng joale ka maoatla, e mpe e be joale ka ba bohlale. Lopollang linako, hobane mehla e se e le mebe.” Bacha ba bang ba ka ’na ba hanyetsa, joaloka ngoanana e mong e mocha: “Batsoali ba rōna ba ile ba mamela ’mino oa bona ha ba le bacha. Ke hobane’ng ha rōna re ke ke ra mamela oa rōna?” ’Mino o mong oo batsoali ba hao ba ileng ba o thabela ha ba le lilemong tsa hao e ka ’na eaba o ne o na le likarolo tse belaetsang. Ha li hlahlobisisoa haufi-ufi, litekanyetso tse ngata li bonahala li e-na le lenane le tšosang la lipuo tsa likamano tsa botona le botšehali tse poteletseng le lipolelo tsa boitšoaro bo bobe tse patehileng. Empa se neng se boleloa feela ka ho sa tobang pele hona joale se hlalosoa puo-phara. Mongoli e mong oa hlokomela: “Hona joale bana ba hlaseloa ke melaetsa e hlalosang lintho puo-phara ka tekanyo e sa tšoaneng le ntho efe kapa efe eo moetlo oa rōna o kileng oa e bona.”
’Mino oa Rap—’Mino oa Borabele
7, 8. (a) ’Mino oa rap ke eng, ’me ke eng se etsang hore o ratoe haholo? (b) Ke eng se ka khethollang motho e le ea latelang mokhoa oa bophelo oa rap?
7 Ka mohlala, nahana ka ’mino oa hona joale oa rap. Ho latela makasine oa Time, rap e fetohile “phetohelo ea morethetho e amohelehang, le e akaretsang” ’me e ratoa haholo Brazil, Europe, Japane, Russia, le United States. Hangata mantsoe a eona a buuoa, a sa binoe, ho se na morethetho o momahaneng ho hang, a tsamaisana le morethetho o matla. Leha ho le joalo, ke morethetho oo o susumetsang oo ho bonahalang eka ke lona lebaka le leholo la ho atleha ha rap khoebong. Mocha e mong oa Japane o re: “Ha ke mamela ’mino oa rap, ke sisinyeha maikutlo, ’me ha ke tantša, ke ikutloa ke lokolohile.”
8 Mantsoe a rap—ao hangata e leng motsoako o potlakileng oa puo e litšila le puo ea seterateng—ho bonahala e le lebaka le leng la ho tuma ha rap. Ho fapana le mantsoe a rock e tloaelehileng, ao a mangata a buang ka lerato la bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20, mantsoe a rap hangata a na le molaetsa o tebileng haholoanyane. Rap e itseng e bua pepenene khahlanong le ho hloka toka, bochaba, le bokhopo ba mapolesa. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, lipolelo tse phetakoang tsa morethetho li boleloa ka puo e litšila ka ho fetisisa, le e tšosang e ka nahanoang. Rap e boetse e bonahala e akareletsa borabele khahlanong le litekanyetso tsa moaparo, boitlhopho, le boitšoaro ba botona le botšehali. Ha ho makatse, rap e se e fetohile mokhoa oa bophelo ka boeona. Ba e latelang ba hlokomeloa ka boitšisinyo ba ’mele bo hlaha, puo ea seterateng, le moaparo—marikhoe a denim a lihabu-habu, liteki tse fetang maqaqailaneng tseo malokoletso a tsona a sa qhoaeloeng, lifaha tsa gauda, likepisi tsa baseball, le liborele tse lefifi.
9, 10. (a) Ke lintho life tseo bacha ba lokelang ho nahana ka tsona ho hlokomela hore na ’mino oa rap le mokhoa oa oona oa bophelo ‘oa amoheleha ho Morena’? (b) Ho bonahala bacha ba bangata ba Bakreste ba nka eng hasesaane?
9 Ho Ba-Efese 5:10, Bakreste ba bolelloa hore ba ‘tsoele pele ho kholiseha ka se amohelehang ho Morena.’ Ha u nahana ka botumo boo rap e iketselitseng bona, na u nahana hore e ka ba ho ‘amohelehang ho Morena’ hore u e rate? Na mocha oa Mokreste a ka rata ho khetholloa le mokhoa oa bophelo o nkoang o sa amohelehe esita le ke batho ba bangata ba lefatše? Hlokomela kamoo mohlahlobi e mong a ileng a hlalosa mokete oa ’mino oa rap: “Libini tsa rap li ne li qothisana lehlokoa ka ho ba tse tšosang ka ho fetisisa ka puo e litšila le mantsoe a buang puo-phara ka likamano tsa botona le botšehali. . . . Banna le basali ba tantšang ba ne ba etsisa liketso tsa likamano tsa botona le botšehali sethaleng.” Mabapi le ketso e itseng ea sehlooho, e mong oa ba ntšetsang mokete oo oa ’mino pele o ile a re: “Hoo e ka bang mantsoe ’ohle a tsoang molomong oa tsona a ne a (hlohlontša litsebe).”
10 Leha ho le joalo, ’mino o neng o bapaloa bosiung boo o ile oa nkoa e le rap e tloaelehileng. Motsamaisi oa holo ea mekete ea ’mino o ile a re: “Seo le se utloang ke rap e tloaelehileng—e tšoanang le eo bacha ba e rekang mabenkeleng.” Ho soabisa hakaakang ho tlaleha hore har’a bacha ba 4 000 le ho feta ba neng ba le teng moketeng oo oa ’mino ho ne ho e-na le ba bang ba ipolelang hore ke Lipaki tsa Jehova! Kamoo ho bonahalang ka teng ba bang ba nkile hasesaane taba ea hore Satane ke “morena ea busang matla a sebaka.” O busa “moea [kapa, boikutlo bo laolang ba kelello] o sebetsang joale baneng ba ho se lumele.” (Ba-Efese 2:2) Haeba u ikamahanya le ’mino oa rap kapa mofuta oa bophelo oa rap u tla be u sebeletsa lithahasello tsa mang? Ke ’nete hore rap e ’ngoe e ka ’na ea belaetsa ka ho fokolang. Empa na ke ho utloahalang ho hlaolela lerato bakeng sa mofuta ofe kapa ofe oa ’mino oo ka kakaretso o sa lumellaneng le litekanyetso tsa Bokreste?
’Mino o Morethetho o Matla—Likamano tsa Botona le Botšehali, Pefo, le Bosatane
11, 12. ’Mino o morethetho o matla ke eng, ’me litšobotsi tse o khethollang e le o belaetsang ke life?
11 Mofuta o mong oa ’mino o ratoang ke ’mino o morethetho o matla. ’Mino o morethetho o matla o feta hard rock e lerata. Tlaleho e ’ngoe ho The Journal of the American Medical Association e re: “’Mino o morethetho o matla . . . o na le morethetho o lerata ’me o tletse mantsoe a khothaletsang lehloeo, tšebeliso e fosahetseng, likamano tsa botona le botšehali tse tsoileng tseleng, ’me ka linako tse ling le bosatane.” Mabitso feela a lihlopha tse ling tse ratoang haholoanyane a netefatsa hore mofuta ona oa rock o hlephisa boitšoaro. A akareletsa mantsoe a kang “poison,” “guns,” le “death.” Leha ho le joalo, ’mino o morethetho o matla o bonahala o sa nke letho ha o bapisoa le thrash metal le death metal—mefuta e ka holimonyana ea ’mino e hlahisitsoeng ke ’mino o morethetho o matla. Mabitso a lihlopha tsena a sebelisa hampe mantsoe a kang “cannibal” le “obituary.” Bacha linaheng tse ling ba ka ’na ba se ke ba hlokomela kamoo mabitso ana a hlohlontšang litsebe ka teng hobane ke a Senyesemane kapa puo e ’ngoe esele.
12 ’Mino o morethetho o matla hangata o ’nile oa amahanngoa le ho ipolaea ha bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20, ho tepella maikutlo, le tšebeliso ea lithethefatsi. Ho amana ha oona le boitšoaro bo mabifi ho ile ha etsa hore moeletsi e mong oa seea-le-moea a o bitse “’mino oa ho bolaea batsoali ba hao.” Ho amana ha oona le Bosatane ke hona ho tšosang batsoali ba bangata—le liofisiri tsa sepolesa. ’Matlisisi e mong o ile a bolela hore bacha ba bang ba hapiloeng ke borapeli ba satane ba ile ba susumeletsoa ho kena borapeling boo ke ’mino ona. O phetha ka ho re: “Ha ba tsebe seo ba kenang ho sona.”
13. Kotsi ea ho rata ’mino o morethetho o matla ke efe?
13 Leha ho le joalo, bacha ba Bakreste ba lokela ho “tseba merero ea [Satane].” (2 Ba-Korinthe 2:11) Ebile, “ntoa ea rōna . . . e loana le . . . meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.” (Ba-Efese 6:12) E ka ba booatla bo bokaakang, hore motho ka khetho ea hae ea ’mino, a meme bademona bophelong ba hae! (1 Ba-Korinthe 10:20, 21) Leha ho le joalo, ho hlakile hore bacha ba bangata ba Bakreste ba rata ’mino ona haholo. Ba bang ba ile ba ba ba retelehela mekhoeng ea sekhukhu ea ho khotsofatsa khetho ea bona ea ’mino. Ngoanana e mong e mocha oa lumela: “Ke ne ke atisa ho mamela ’mino o morethetho o matla, ka linako tse ling hoo e ka bang bosiu bohle. Ke ne ke reka limakasine tsa [batšehetsi ba] ’mino o morethetho o matla ’me ke li patela batsoali ba ka ka mabokoseng a neng a tšetse lieta. Ke ne ke thetsa batsoali ba ka. Kea tseba hore Jehova o ne a sa thabe ke ’na.” O ile a lebisoa monahanong o lokileng ke sehlooho sa makasine oa Tsoha! Ke bacha ba bakae bao e ka ’nang eaba ba ntse ba tšoasitsoe ke ’mino o joalo?
Ho Kotula Seo U se Jalang
14, 15. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore ho mamela ’mino o sa haheng ho tla ba le phello e mpe? Bontša.
14 U se ke ua nyenyefatsa kotsi eo ’mino o joalo o ka e hlahisang. Ke ’nete, u ka ’na ua se ke ua lakatsa ho bolaea motho e mong kapa ho kenella boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali hobane feela u mametse pina. Leha ho le joalo, Ba-Galata 6:8 e re: “Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola.” Ho mamela ’mino o tletseng tšusumetso ea lefatše, o hlaha, le oa bodemona ho ka ba le tšusumetso e fosahetseng feela ho uena. (Bapisa le Jakobo 3:15.) Moprofesa oa ’mino Joseph Stuessy o qotsitsoe a re: “Mofuta ofe kapa ofe oa ’mino o ama maikutlo a rōna, mekhoa le boitšoaro bo tlang e le phello . . . Mang kapa mang ea reng, ‘Nka mamela ’mino o morethetho o matla, empa ha o nkame,’ o fositse. O ama batho ba fapaneng ka litekanyo tse fapaneng le ka litsela tse fapaneng.”
15 Mocha e mong oa Mokreste oa lumela: “Ke ne ke tšoasitsoe ke thrash metal haholo hoo botho ba ka bohle bo neng bo fetohile.” Kapele-pele o ile a qala ho khathatsoa ke bademona. “Qetellong ke ile ka lahla lialbamo tsa ka eaba ke lokoloha bademoneng.” Mocha e mong oa lumela: “’Mino oo ke neng ke atisa ho o mamela o ne o amana le ho sebelisana le meea, lithethefatsi, kapa likamano tsa botona le botšehali. Bacha ba bangata ba re ha o ba ame, empa o hlile oa ba ama. Ha e le hantle ke batlile ke tsoa ’neteng.” Maele a mang aa botsa: “Ana motho a ka ikokhella mollo sefubeng, liaparo tsa hae li sa che na?”—Liproverbia 6:27.
Itebele
16. Ho ka boleloa eng ka bangoli le libini tsa ’mino o mongata oa kajeno?
16 Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Efese ea boholo-holo: “Joale, seo ke se bolelang, seo ke se tiisang Moreneng, ke re: Le se hlole le phela joale ka ba-lichaba ba bang, ba eang ka bosaoana ba likelello tsa bona; bao mehopolo ea bona e leng lefifing, ’me ba hole le bophelo ba Molimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba lipelo tsa bona.” (Ba-Efese 4:17, 18) Na ho ke ke ha boleloa see ka bangoli le libini tsa ’mino o mongata oa kajeno? Ho feta leha e le neng pele, ’mino oa mefuta eohle o bonahatsa tšusumetso ea “molimo oa lefatše lena,” Satane Diabolose.—2 Ba-Korinthe 4:4.
17. Bacha ba ka ahlola esale pele, kapa ho hlahlobisisa, ’mino joang?
17 Mabapi le ‘mehla ea qetello,’ Bibele e ile ea bolela esale pele: “Batho ba lonya, ba thetsang, ba ea ’ne ba tsoele pele tšenyong.” (2 Timothea 3:1, 13) Joale, ho feta leha e le neng pele, u lokela ho itebela khahlanong le ’mino oo u o khethang. Hangata, lebitso le sa thabiseng le ka etsa hore albamo e se lokele ho khethoa. Jobo 12:11 ea botsa: “Ha ke re, tsebe e ka ’na ea khetha lipolelo, joale ka mahalapa ha a tseba ho khetha lijo na?” Ka tsela e tšoanang, u ka hlahloba ’mino ka ho mamela karolo e itseng ho lekanyetsa hore na o motle kapa o mobe. Ke maikutlo a mofuta ofe ao morethetho oa ’mino o a tsosang? Na o phahamisa boitšoaro bo hlaha, bo hlephileng—moea oa boithabiso bo hlaha? (Ba-Galata 5:19-21) Ho thoe’ng ka mantsoe? Na a phahamisa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, kapa lintho tse ling tse fosahetseng tseo ‘ho hlabisang lihlong le ho li bolela’? (Ba-Efese 5:12) Bibele e re lintho tse joalo ha lia lokela le ho ‘boleloa ka mabitso’ har’a batho ba Molimo, ho sa boleloe ha li se li tsamaisana le morethetho ’me li pheta-phetoa. (Ba-Efese 5:3) Ho thoe’ng ka moetso oa sekoahelo sa albamo? Na se na le lihlooho tsa ho sebelisana le meea kapa litšoantšo tse tsosang takatso ea botona le botšehali?
18. (a) Ho ka ’na ha hlokahala hore bacha ba bang ba etse liphetoho life mabapi le ’mino? (b) Bacha ba ka hlaolela lerato bakeng sa ’mino o eketsehileng o hahang joang?
18 Mohlomong u lokela ho etsa liphetoho tse itseng mofuteng oa ’mino oo u o khethang. Haeba u na le lirekoto, litheipi, le li-disc tse nang le lihlooho tsa boitšoaro bo hlephileng le tsa bodemona, u lokela ho li lahla hang-hang. (Bapisa le Liketso 19:19.) Sena hase bolele hore u ke ke ua thabela ’mino; hase ’mino ’ohle o ratoang o belaetsang. Bacha ba bang ba boetse ba ithutile ho atolosa likhetho tsa bona tsa ’mino ’me joale ba se ba thabela mefuta e itseng ea ’mino oa classic, oa setso, jazz e iketlileng le mefuta e meng ea ’mino. Litheipi tsa Kingdom Melodies li thusitse bacha ba bangata ho rata ’mino oa liletsa o hahang.
19. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etsa hore ’mino o be sebakeng se loketseng?
19 ’Mino ke mpho ea Molimo. Leha ho le joalo, ho ba bangata o fetoha kameho e feteletseng e sa haheng. Ba tšoana le Baiseraele ba khale ba neng ba thabela ho bapaloa ha ’mino ka “harepa le lesiba, moropa le phala . . . empa ha [baa ela] mosebetsi oa Jehova hloko.” (Esaia 5:12) Loanela hore ’mino o be sebakeng se loketseng ’me mosebetsi oa Jehova e be ntho ea sehlooho eo u amehileng ka eona. Hloaea ’me u hlokomele ’mino oo u o khethang. Kahoo u tla khona ho sebelisa—eseng ho sebelisa hampe—mpho ena ea Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kamoo ho bonahalang ka teng sechaba sa Iseraele se ne se ipabola ’minong. Setšoantšo se betliloeng sa Assyria se bontša hore Morena Sankeribe o ile a batla hore Morena Ezekiase a mo fe libini tsa Baiseraele e le sethaba-thaba. Grove’s Dictionary of Music and Musicians ea hlokomela: “Ho batla libini e le sethaba-thaba . . . e ne e le ntho e sa tloaelehang ho hang.”
Na U sa Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha ’mino o ka bitsoa mpho ea Molimo?
◻ ’Mino o ile oa sebelisoa hampe joang mehleng ea boholo-holo?
◻ Ke likotsi life tseo ’mino oa rap le ’mino o morethetho o matla o li hlahisetsang bacha ba Bakreste?
◻ Bacha ba Bakreste ba ka ba hlokolosi joang khethong ea bona ea ’mino?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Mehleng ea Bibele, hangata ’mino o ne o sebelisoa e le mokhoa oa ho lebisa thoriso ho Jehova