Ke’ng se Phoso ka ’Mino oo ke Khethang ho o Mamela?
“Ntate o re, ‘Koala lerata leo! Le hlohlontša litsebe tsa ka!’”—Moshemane ea ka tlaase ho lilemo tse 20.
“’Mino o mong oa rap ruri, ruri oa nyonyeha.”—Ngoanana ea ka tlaase ho lilemo tse 20.
JODIE o ile a belaela: “Ha o na tšusumetso e kaalo.” Lisette ea lilemo li 13 o ikutloa ka tsela e tšoanang: “Ke hobane’ng ha ba etsa taba e khōlō hakaale ka ’mino?” Oa phehella: “Ke pina feela.”
Na u loana ntoa e tšoanang e tsoelang pele le batsoali ba hao ka ’mino? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba u talimane le lipelaelo, litšokelo le litaelo nako le nako ha u letsa theipi kapa rekoto eo u e ratang. (Moshemane e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o re: “Ntate o re, ‘Koala lerata leo! Le hlohlontša litsebe tsa ka!’”) Ka baka la ho khathatsoa ke ho phehisana hona, u ka ’na ua ba le boikutlo ba hore batsoali ba hao ba etsa ntho e sa reng letho taba e khōlō. Ngoanana e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 u pheha khang: “Ho thoe’ng ka nako eo ba neng ba sa le bacha? Na batsoali ba bona ba ne ba sa nahane hore ’mino oa bona o mobe?”
O buile ntho e lokelang ho hlokomeloa. Ho pholletsa le histori, meloko ea batho ba hōlileng le ea ba bacha e ’nile ea qhoebeshana litabeng tse amanang le khetho ea botho. Kahoo ke hobane’ng ha u lokela ho khaotsa ho mamela ’mino oo u khethang ho o mamela feela hobane batsoali ba hao ba sa o rate? Leha ho le joalo, ke’ng se phoso ka ’mino oo u khethang ho o mamela?
’Mino—Sebaka sa Oona Bophelong
Ha e le hantle, ha ho motho ea hlileng a bolelang hore ho thabela ’mino ho phoso. Karolo e ’ngoe ea Bibele ka boeona—haholo-holo Lipesaleme—pele e ne e ka binoa. Linakong tsa Bibele, ’mino o ne o na le karolo e ka sehloohong borapeling ba Molimo. (Pesaleme ea 149:3; 150:4) Hape ’mino o ne o sebeletsa joaloka mokhoa oa ho bontša thabo, nyakallo, le masoabi. (Genese 31:27; Baahloli 11:34; 1 Samuele 18:6, 7; Mattheu 9:23, 24) Mehleng ea Jesu Kreste, ’mino e ne e le tšobotsi e tloaelehileng ’mokeng ea sechaba; o ne o eketsa thabo ketsahalong eo.—Luka 15:25.
’Mino o tsoela pele ho ba le karolo ea bohlokoa kajeno—haholo-holo har’a batho ba bacha. The Journal of the American Medical Association ea bolela: “Ha a le pakeng tsa lilemo tse 12 le tse 18, mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 feela ea tloaelehileng o mamela ’mino oa rock ka lihora tse 10-500, tse ka tlaase hanyenyane ho lihora tsohle tseo a li nkang a le ka klaseng ho tloha ha a le setsing sa tlhokomelo ea bana ho fihlela ha a le sekolong se phahameng.”
Liphuputso li bontša hore bongata ba bacha ba U.S. ka ho khethehileng ba mamela ’mino oa rock kapa pop. (Bakeng sa ho nolofatsa taba, re tla sebelisa mabitso “rock” le “pop” bakeng sa ho khetholla hoo e ka bang mefuta eohle ea ’mino o tloaelehileng har’a bacha—ho tloha ho ’mino oa soul le new wave ho isa ho rap le ’mino o morethetho o matla.) Ho latela The World Book Encyclopedia, “’mino oa rock ha e sa le ’mino oa bacha ba Maamerika feela. Ke ’mino oa lefatše.”
Ho Ipiletsa ha ’Mino oa Rock
Ke hobane’ng ha ’mino oa rock o tloaelehile hakaale? Ho latela buka Youth Trends, rock e sebeletsa e le “puo e tloaelehileng har’a bacha.” Kahoo bacha ba bang ba ikutloa hore ho tseba se tloaelehileng lefatšeng la ’mino—ho tseba lihlopha tsa morao-rao le lipina—ho ba thusa hore ba amohelehe ho bacha ba bang. ’Mino o fana ka tlamahano e tšoanang har’a bacha le moqoqo o sa feleng.
Leha ho le joalo, ho bacha ba bangata ’mino o nyakallisa haholo ha motho a o mametse a le boinotšing. Na ho kile ha ba le letsatsi leo ho lona u thulanang le mathata a mangata sekolong? Joale mohlomong u tšoana le ngoanana ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea bitsoang Bree ea reng: “Ke lula ka kamoreng ea ka, ke phahamise molumo oa stereo haholo ebe ke lula moo. Ho ntokolla ka tsela e itseng matšoenyehong le khatellong.” Le hoja ’mino oa rock o atisa ho nyatsuoa ka ho ba lerata le ho ba le molumo o hlabang, lipina tse ngata tse tloaelehileng li na le molumo o monate le morethetho o nyakallisang.
Leha ho le joalo, batho ba bangata ba haptjoa ke morethetho. Ngoanana e mong ha a botsoa hore na ke hobane’ng ha a rata ’mino oa rap o ile a hlalosa: “Ke ’mino oo ho o tjekela ho leng bonolo ka ho fetisisa.” Empa ba bangata ba khahloa ke mantsoe. A ngotsoe ka ho toba bakeng sa batho ba bacha, mantsoe a pop a na le maikutlo a sa tšoaneng le matšoenyeho a bacha. ’Mino oa rap o hlokomeleha ka ho khetheha bakeng sa ho talimana le litaba tsa morao-rao, tse kang bochaba le ho hloka toka sechabeng. Makasine oa Newsweek o qotsitse mantsoe a mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea bitsoang Dan ha a belaela: “Ke bulela seea-le-moea ’me ’mino o mongata o sa bontšeng bohlale, oa ntlhantša. Rap e na le lipale tsa sebele le lintho tsa sebele. Hoa thahasellisa ho o mamela.”
Leha ho le joalo, ke molaetsa oa ’mino oo e ka ’nang eaba batsoali ba hao ba amehile ka oona haholo.
Molaetsa oa Rap
Ka mohlala, nahana ka ’mino oa rap. Ho rap, mantsoe—puo ea seterateng e entsoeng hore e be le morethetho—ea buuoa, ha e binoe, e tsamaea le morethetho o matla. Ho hlakile hore ha ho ntho e mpe khopolong ena. Lipina tse ngata tse tloaelehileng ho theosa le mashome a lilemo li ’nile tsa kenyeletsa mantsoe a buuoang. Empa hangata ’mino oa rap o latela khopolo ena e sa tloaelehang ka tsela e feteletseng.
Rap (kapa hip-hop) e tlalehoa e ile ea tloaeloa ke li-club tse nyenyane tsa Motse oa New York tseo bacha ba lulang ka hare ho motse ba neng ba ea ho tsona khafetsa lilemong tsa bo-1970. Ha batho ba letsang lirekoto ho li-club tsa motjeko ba qala ho pheta mantsoe (kapa, ba bina ’mino oa rap) hong le morethetho oa liletsa tsa ’mino o rekotiloeng esale pele, batho ba tjekang ba arabela ka tsela e isang ho ferekaneng. Kapele ’mino oa rap o ile oa tlosoa literateng le ho li-club oa isoa libakeng tsa ’mino tse tloaelehileng. Batho ba binang ’mino oa rap ba ile ba bapala ka mantsoe ka tsela e sa itlhompheng e le ’mino oa bona—lihlopha tsa ’mino oa rap tse bitsoang Public Enemy, M. C. Hammer le Vanilla Ice—kapele li ne li letsa mofuta oa ’mino o molumo o matla.
Ka ho thahasellisang ha motlalehi oa litaba tsa Tsoha! a botsa sehlopha sa bacha ba Bakreste sa merabe e sa tšoaneng se phelang motseng o monyenyane o ka thōko ho toropo, “Na ke ba bangata ho lōna ba mamelang rap?” ba bangata ka mokhoa o tšosang ba ile ba re e! O ile a ba botsa potso e latelang: “Ke’ng seo le se ratang ka rap?” Ngoanana e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o ile a araba: “Morethetho. Oa kolla, ’me ho bonolo ho o mamela.” E mong o ile a araba: “U ka o tjekela.” Leha ho le joalo, ha ba ka ba ba arabela potso e latelang ka cheseho e tšoanang, “Na ’mino o mong oa rap ke bothata ho Bakreste?”
Ka mor’a khefu e soabisang, ngoanana e mong o ile a lumela: “’Mino o mong oa rap ruri, ruri oa nyonyeha.” Ka lesisitheho ba bang ba lumellana le eena. Ha e le hantle, qetellong ho ile ha etsahala hore bacha ba bangata ba ne ba tseba lethathamo le lelelele la lipina tse litšila—lipina tse khothaletsang boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali pakeng tsa batho ba mefuta eohle ea batho le tse hlalosang boitšoaro bo litšila ka tsela e feteletseng. Ba bang ba boletse hore lipina tse ngata ho tsena li sebelisa puo e litšila ka bolokolohi.
E, bongata ba ’mino oa rap bo bonahala bo fetisa molaetsa oa borabele, pefo, khalefo, khethollo ea morabe le sebete sa ho kopanela likamano tsa botona le botšehali tse litšila. Motho ea khothaletsang rap Daniel Caudeiron, mopresidente oa Mokhatlo oa Canada oa ’Mino oa Batho ba Batšo, ea rorisang rap ka hore e “khothaletsa maikutlo a nepahetseng ka tsela e hlollang,” o lumela hore ’mino o mongata oa rap o “khahlanong le basali, o khetholla basali ebile ka linako tse ling o na le puo e litšila.”—Maclean’s, November 12, 1990.
Mofuta oa Bophelo oa Rap
Hoa utloahala hore hase ’mino ’ohle oa rap o khothaletsang boitšoaro bo bobe kapa o mabifi. Ho latela sehlooho se ho The New York Times, o mong oa oona o khothaletsa lipakane tse molemo tse kang thuto, ho se sebelise lithethefatsi hampe le ho rarolla mathata a sechaba. Empa mantsoe a seng litšila le ’ona e ka ’na ea ba mekhelo, eseng molao. Ha Newsweek e ne e lekanyetsa lialbamo tse leshome tsa pele tsa rap, e sebelisa tekanyo e tšoanang le ea U.S. ea tsamaiso ea ho lekanyetsa libaesekopo, ke tse peli feela tse neng li ka beoa letšoao la G, kapa tse loketseng ho shebelloa ke batho bohle. Newsweek e ile ea lekanyetsa lialbamo tse ’nè e le tse ka fuoang letšoao la R (tse ka shebelloang ke batho ba baholo feela), ’me tse peli li ne li bile li fuoe letšoao la X ka baka la “puo e litšila” le likamano tsa botona le botšehali tse etsoang phatlalatsa.
Ka ntle ho moo, molaetsa oa rap o fetela ka ’nģane ho mantsoe a eona. Rap e hlahisitse phetoho e khōlō litloaelong tsa batho. Bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba limillione ba apara liaparo tse ba fetang, ba roala liteki tse fihlang ka holim’a maqaqailana tse sa fasoang ka marapo, ba tena libokate tse lokotsehang, ba roala licheine tsa gauda, le likatiba tsa masela tse tšoanang le tse roaloang ke libapali tsa baseball, le ligalase tsa mahlo tse lefifi tse sebelisoang bakeng sa moaparo oa rap. Ba bangata ba bile ba etsisa boitšisinyo ba ’mele bo etsoang ka morero oa hore motho a bonoe ke batho le bo bontšang maikutlo a libini tsa rap. ’Me ka tsela e makatsang batsoali le matichere, mantsoe a se nang moelelo a joaloka “yo!” le “dis”—puo ea seterateng e hlohlontšang litsebe e thoholetsoang ho rap—e nyonyobetse puong ea letsatsi le letsatsi.
Rap e ka ’na ea emela hantle feela ho ba khahlanong le ho hloka toka. Empa ka kakaretso rap hape ke mokhoa o leng khahlanong le litekanyetso tsa bomolimo tsa boitšoaro, moaparo, le mokhoa oa ho bua. Na Mokreste, ka ’mino oo a o ratang, a ka rata ho ipeha kotsing ea ho hoheloa hore a phele bophelo bo joalo bo belaetsang?
Ho hlakile hore ’mino oa rap hase oona feela mofuta oa ’mino o sa tloaelehang ka tsela e feteletseng. Makasine oa Time oa tlaleha: “Ho na le tatso e seng monate hoo e ka bang karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea mokhoa oa pop ea Amerika ea morao-rao. Motley Crüe e leng sehlopha sa litsebi tsa ’mino o morethetho o matla se sebelisa litšoantšo tsa borapeli ba Satane ’me sehlopha sa ’mino o morethetho o matla se bitsoang Beastie Boys se bontša hore na litho tsa botona le botšehali li pholloa joang sethaleng moo ba bonoang ke motho e mong le e mong.” Bibele e boletse esale pele hore “mehleng ea qetello . . . batho ba khopo le ba thetsang ba [ne ba tla] tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo eketsehileng, ba thetsa le ho thetsoa.” (2 Timothea 3:1, 13, NW) Joale, na u lokela ho makalla taba ea hore bongata ba ’mino oa kajeno o fetisetsa molaetsa o fosahetseng ho bacha ba Bakreste?
Kahoo, ke ka nepo batsoali ba hao ba ka ’nang ba ameha haholo haeba u thahasella rap kapa mefuta e meng e feteletseng ea ’mino oa rock. Ba ka ’na ba tšoha hore ho lemalla ho amana le oona ho ka u ntša kotsi. Na tšabo ea bona ea utloahala? Tokollo ea rōna e latelang e tla araba potso ena.
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Kajeno bacha ba bangata ba apara joaloka libini tsa ’mino oa “rap” ba bile ba na le maikutlo a tšoanang le a tsona