Na U Tla Khetha ’Mino ka Bohlale?
Jordan ea lilemo li 17 o tletleba ka ho re: “’Mino oo batsoali ba ka ba o mamelang oa bora.”a
’Mè oa hae, Denise o re: “’Mino oo mora oa ka a o mamelang oa nyotobetsa ebile o tletse khalefo.”
KE HOBANE’NG ha batsoali le bacha ba atisa ho se lumellane litabeng tsa ’mino? Lebaka le leng ke hore ha motho a ntse a hōla, a ka ’na a khetha ho mamela ’mino o fapaneng le oo a neng a o mamela ha a sa le monyenyane. Lebaka le leng hape ke hore ’mino oa fetoha. Kahoo, ’mino o fesheneng kajeno e ka ’na ea e-ba o siiloeng ke nako hosane.
Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, ’mino oa re susumetsa. Na u hlokometse hore na ’mino o u ama joang maikutlong? Ha Morena Saule oa Iseraele ea boholo-holo a ne a ferekane, ’mino o ile oa mo thoba maikutlo. (1 Samuele 16:23) Ka tsela e itseng, lipina li ka tšoana le batho bao re qetang nako le bona. Lipina tse ling li etsa hore re ikutloe re thabile re bile re ratoa. Tse ling tsona li etsa hore re ikutloe re halefile re bile re e-na le lehloeo.—Liproverbia 13:20.
Kaha ’mino o na le tšusumetso e matla, batsoali le bana ba lokela ho khetha hore na ba mamela ofe. Haeba u motsoali, na u thahasella e le kannete ’mino oo bana ba hao ba o mamelang? Na u ba behetse meeli e loketseng?
Seo ha se bolele hore u lokela ho ba hanela ho mamela lialbamo kapa ’mino oa mofuta o itseng. U boetse u lokela ho ba thusa ho khetha ’mino o loketseng. Buka ea On Becoming Teenwise e re: “U ke ke ua nkela motho ntho eo a e ratang haholo ebe ha u koale sekheo seo. Ho lokela ho be le ntho e tla nkela eo sebaka, kapa ho seng joalo motho eo o tla khutlela mekhoeng ea hae ea khale.”
Ntlha e ’ngoe eo u lokelang ho e ela hloko ke ena: Bana ba hao ba qeta nako e kae ba mametse ’mino? Na nako eo ba e qetang ba o mametse e ba sitisa ho etsa lintho tsa bohlokoa, tse kang mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng, mesebetsi e amanang le borapeli kapa ho etsa mesebetsi ea lapeng? Joalokaha Bibele e bolela, “ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”—Moeklesia 3:1.
Bothata bo bong e ka ba ho itšehla thajana. Ke ’nete hore kaofela ha rōna re hloka ho ba boinotšing le ho ipha nako ea ho thuisa e le hore re nke lintho ka ho teba. (Pesaleme ea 1:2, 3) Empa ha motho a qeta nako e ngata haholo a le mong, seo se ka etsa hore a inahane boeena feela ’me e be moithati. (Liproverbia 18:1) Felipe eo hona joale a leng lilemo li 20, o ne a nka hore o lokela ‘ho ba mong,’ ha a mametse ’mino. O re: “Empa ’Mè o ne a amehile ka hore ke itšehla thajana.”
Ke’ng e ka thusang batsoali le bacha ba kang Felipe hore ba qobe ho qabanngoa ke ’mino? Kaofela ha rōna re ka khetha ’mino ka bohlale joang? Ba bangata ba fumane hore ho sebelisa melao-motheo ea Bibele hoa thusa. Ke hobane’ng ha u sa tšohle lipotso tse tharo tse latelang le bana ba hao?
● Ke molaetsa ofe o fetisoang ke ’mino? “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lōna.” (Baefese 5:3) Mantsoe a lipina tse ngata ha a kotsi. Empa a lipina tse ling a tlotlisa boitšoaro bo sa bontšeng mekhoa e metle, e kang e boletsoeng melao-motheong e ka Bibeleng, esita le ho bo khothalletsa ebang ke ka tsela e poteletseng kapa e tobileng. Ha e le hantle, mefuta e meng ea ’mino e tsebahala ka hore e khothalletsa boitšoaro bo litšila, lehloeo le liketso tse mabifi. Mongoli e mong ea bitsoang Karen Sternheimer o re: “Hangata mantsoe a lipina tsa rap aa tšosa, ka linako tse ling a hlalosa liketso tse khopo, tse bontšang ho hloea basali le tsa boitšoaro bo litšila.” Lipina tsa rock tse morethetho o boima li atisa ho bua ka pefo le boselamose. Esita le lipina tse tloaelehileng tsa pop li ka ’na tsa khothalletsa boitšoaro bo litšila. Kahoo, ha u khetha ’mino, sebelisa ‘matla a ho nahana’ e le hore u o khethe ka bohlale. (Baroma 12:1) U se ke ua ea feela le bongata kapa le morethetho.
● ’Mino o nkama joang maikutlong? “U sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.” (Liproverbia 4:23) ’Mino oo u khethang ho o mamela o bontša seo u hlileng u leng sona, o senola botho ba hao. O ka boetse oa susumetsa tsela eo u nahanang ka eona le eo u ikutloang ka eona. Jordan ea qotsitsoeng pejana o re: “Mefuta e meng ea ’mino e ne e etsa hore ke be bohale ’me ke be mabifi.” Ipotse: ‘’Mino o ama tsela eo ke nahanang ka eona le eo ke ikutloang ka eona joang? Na oa nkhatholla le ho ntlhasimolla kapa o etsa hore ke ikutloe ke sa phutholoha ke bile ke halefile? Na o etsa hore ke nahane lintho tse litšila?’ (Bakolose 3:5) Haeba pina e itseng e u tsosetsa maikutlo a fosahetseng kapa e etsa hore u be le menahano e sa lokelang, u lokela ho e lahla. (Matheu 5:28, 29) Hannah ea lilemo li 17 o re: “Ke hlokometse kamoo ho mamela ’mino o fosahetseng ho bakang tšenyo kateng ’me ha ke batle le ho o mamela.”
● Na ’mino o tla ama melao-motheo ea boitšoaro eo ke phelang ka eona? Amose 5:15 e re: “Hloeang se sebe, le rate se molemo.” Mehleng ena ho thata ho etsa seo, hobane joalokaha boprofeta ba Bibele bo boletse, batho ke “baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, . . . ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Timothea 3:1-4) Ke kahoo temana ea bohlano e reng: “Bana u ba furalle.”
U ka furalla batho ba joalo joang? Ho hlakile hore u lokela ho ba qoba. Hape u lokela ho lahla lihlahisoa tse bontšang litsela tsa bona tsa ho se tšabe Molimo. (Baefese 4:25, 29, 31) Empa na seo se tla u sitisa ho khetha ’mino oo u o ratang? Che!
Atolosa ’Mino oo U Khethang ho o Mamela
Malapeng a mangata, batsoali ba thabela ho ithuta ’mino oo bacha ba o mamelang le bacha ba thabela ho ithuta oo batsoali ba o mamelang. Lena o re: “Morali oa ka ea lilemo li 13 o ile a mpapalla lipina tseo a li ratang, ’me hona joale ke thabela ho li mamela.” Heather ea lilemo li 16 o thabela ho mamela ’mino oa batsoali ba hae le bona ba thabela ho mamela oa hae ’me ba atisa ho fapanyetsana li-CD.
Lipaki Tsa Jehova tse limilione lefatšeng ka bophara, tsa lilemo tse sa tšoaneng le tsa litso tse fapaneng li thabela mefuta e sa tšoaneng ea ’mino, ho akarelletsa lipina tse matlafatsang moeeng tse bukeng ea lipina ea Binelang Jehova.b Empa lipina tseo ha li tšoane le tse binoang litsong tse ling.
Ebang u motsoali kapa u mocha, ha u batla ho reka albamo kapa u batla ho kopitsa ’mino Inthaneteng, ipotse: ‘Ke mang ea mphileng bokhoni ba ho thabela ’mino? Na hase Jehova Molimo e leng ’Mōpi oa ka? Kahoo nka bontša joang hore ke ananela mpho ee e le kannete? Na hase ka hore ke hlomphe melao ea hae ea se nepahetseng le se fosahetseng, kapa ea seo ke lokelang ho se etsa le seo ke sa lokelang ho se etsa?’ Ho nahanisisa ka lipotso tse kang tsena ho tla u thusa hore u khethe ’mino ka bohlale, kahoo u tla thaba u be u thabise ’Mōpi oa hao.—Liproverbia 27:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Lia fumaneha Websaeteng ea www.pr418.com.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
Mefuta e meng ea ’mino e tsebahala ka hore e khothalletsa boitšoaro bo litšila
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
Ho na le mefuta e sa tšoaneng ea ’mino eo u ka e thabelang
[Lebokose le leqepheng la 7]
Lebaka Leo ke Ileng ka Etsa Liphetoho
Ashley ea lilemo li 24 o re: “Ha ke hopole lintho tse ngata tse etsahetseng ha ke sa hōla, kaha ke ne ke e-noa, ke sebelisa lithethefatsi ke bile ke le mabifi, ’me ’mino oa rap le oa rock o morethetho o boima o ne o ntšusumeletsa ho etsa lintho tseo. Mantsoe a silafetseng le a tletseng lehloeo a lipina tseo hammoho le morethetho oa tsona o matla, a ne a etsa hore ke ikutloe eka ke senatla. ’Mino oo o ile oa boela oa ntloaelanya le batho ba sebelisang lithethefatsi. Re ne re batla ho tšoana le libini tsa rap le tsa rock ’me re nka hore ke bahale ba rōna.
“Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana bophelo ba ka bo ile ba tsoa taolong. Ha ke le lilemo li 17, ke ile ka batla ke bolaoa ke ho sebelisa lithethefatsi tse ngata. Ha ke phaphama ke ile ka rapela Molimo hore a nthuse. Moshemane e mong o ne a kile a mpolella hore lebitso la Molimo ke Jehova, ’me ke le amahanya le Lipaki Tsa Jehova. Kahoo ke ile ka nka buka ea linomoro tsa thelefono, ka founela Lipaki ’me ka qala ho ithuta Bibele le tsona.
“Ke ile ka khaotsa mekhoa e mebe ’me ka lahla li-CD tsa ka tsa ’mino. Empa ha ke qeta ho li lahlela ka moqomong, ke ile ka ema ka li sheba. Ho etsa seo ho ne ho nkutloisa bohloko. Kahoo ka ikhopotsa hore lipina tseo hammoho le lintho tse mpe tseo ke neng ke li etsa, li ne li senya bophelo ba ka. Ke ile ka furalla eaba kea tsamaea.
“Le hoja ho se ho fetile lilemo, ke ntse ke hoheloa ke ’mino oa rock le oa rap. Kahoo, ke o qoba joalokaha eka ke lithethefatsi tse lemalloang. Hona joale ke thabela ho mamela mefuta e meng ea ’mino, e kang ’mino o bobebe oa rock le oa classic. Empa ntho e nthabisang ke hore ke khona ho laola lintho tseo ke li etsang bophelong.”
[Lebokose le leqepheng la 9]
Litlhahiso Tse ka Thusang Batsoali
Na ’mino oo ngoana oa lōna a o mamelang oa le tšoenya? Le ka mo thusa joang empa le sa ngangisane le eena? Nahanang ka litlhahiso tse latelang:
Ithuteng oona Pele le bua, ithuteng ’mino oo. O mameleng ’me le ele hloko mantsoe a oona le be le hlahlobe sekoahelo sa lipina tseo. Ebe lea ipotsa, ‘Na re na le lebaka la ho tšoenyeha kapa re mpa feela re tšoenngoa ke ntho e sa reng letho?’ Bibele e re: “Ba bohlale baa nahana pele ba bua; ’me seo ba se buang se na le tšusumetso e khōlō.”—Liproverbia 16:23, Today’s English Version.
E bang le temohisiso ’Mino o ka le thusa hore le tsebe lintho tseo ngoana oa lōna a li etsang le seo a se nahanang. Ka mosa etsang hore a le phetlele sefuba. Mo botseng: “Ke’ng seo u se ratang ka ’mino oo? Na o bua ka lintho tseo e ka ’nang eaba li ea u tšoenya?” Ebe le mamela ka hloko ha a araba. Liproverbia 20:5 e re: “Monahano oa motho o joaloka metsi a tebileng, empa motho ea nang le temoho o tla o kha.”—TEV.
Mo haheng Sepheo sa lōna hase feela ho etsa hore ngoana a lahle li-CD tsa ’mino o sa lokelang. Ho e-na le hoo, le batla ho koetlisa ‘matla a hae a ho lemoha, ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng’ e le hore a etse liqeto tse bohlale. (Baheberu 5:14) Kahoo, fang ngoana lefa: Mo ruteng ho etsa lipatlisiso le ho beha mabaka a itšetlehile ka melao-motheo ea Bibele. Ka tsela ena, le tla mo thusa hore a be le matla a ho nahana le bohlale ba bomolimo, e leng lintho tsa bohlokoa ho feta khauta eohle e teng lefatšeng!—Liproverbia 2:10-14; 3:13, 14.
Tieang le bontše qenehelo ’me le be mosa “[Ikapeseng] lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakolose 3:12) Ha le behelana mabaka le mocha, le se ke la tsitlella maikutlong a lōna kapa la ngangisana le eena. Hopolang hore le lōna le kile la ba bacha.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Boloka melao-motheo e phahameng ea boitšoaro ha u khetha ’mino