Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 4/8 maq. 9-11
  • Nka Boloka ’Mino Sebakeng se Loketseng Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Boloka ’Mino Sebakeng se Loketseng Joang?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Lekhoba la ’Mino?
  • Ho Fetola Mekhoa ea Hao ea ho Mamela ’Mino
  • Ho Ithuta ho Inahanela
  • Ho Atolosa Khetho ea Hao ea ’Mino
  • Nka Etsa’ng Hore ’Mino o se ke oa Ntaola?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Na nka Mamela ’Mino o Mong le o Mong oo ke U Ratang?
    Bacha Baa Botsa
  • Na U Tla Khetha ’Mino ka Bohlale?
    Tsoha!—2011
  • Itebele Khahlanong le ’Mino o sa Haheng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 4/8 maq. 9-11

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Boloka ’Mino Sebakeng se Loketseng Joang?

MOCHA e mong ea bitsoang Jackie o re: “Ke nahana hore ho bōpeletsoe ka ho rōna ho rata ’mino hobane o ka tsebahatsa maikutlo a hao. Ke karolo e khōlō haholo ea bophelo ba hao ha u le mocha.”

Jackie o nepile. Le hoja bacha ba bonahala ba hoheloa ke ’mino ka ho khetheha, ho bonahala eka bohle re khona ho thabela ’mino. ’Me u lokela feela ho utloa mololi o thabisang oa nonyana e binang kapa morethetho o khathollang oa maqhubu a leoatle ho hlokomela hore ’mino ke mpho e lerato ho tsoa ho ’Mōpi oa rōna ea thabileng. (1 Timothea 1:11, NW; Jakobo 1:17) Leha ho le joalo, hangata ke mpho e sebelisoang hampe. Ha e le hantle, haeba ’mino o etsoa ntho ea bohlokoa bo boholo, o ka u ntša kotsi ho feta ho u ruisa molemo.

Na U Lekhoba la ’Mino?

’Mino o monate o ka ba molemo bophelong bo botle, o ruisa molemo. Leha ho le joalo, esita le ntho e molemo e ka ba kotsi bakeng sa hao haeba e le ngata haholo. Maele a bohlale aa lemosa: “Na u fumane linotši? U li je ka tekano, e se re mohlomong ua tenoa, ’me ua li hlatsa.” (Liproverbia 25:16) Ke taba e tsejoang hore mahe a linotši a molemo phekolong. Leha ho le joalo, “ho khora linotši tse ngata hampe ha ho monate” ’me ho ka etsa hore u nyekeloe ke pelo. (Liproverbia 25:27) Ntlha ea bohlokoa ke efe? Lintho tse molemo li lokela ho thabeloa ka tekanyo.

Leha ho le joalo, hangata ’mino o laola bophelo ba bacha ba bang. Ka mohlala, mosali e mocha ea bitsoang Jodie o bolela hore ha esale mocha ea lilemo tse ka tlaase ho 20, “o ne a mamela ’mino ka linako tsohle.” Na le uena ka ho tšoanang o leka ho tlatsa motsotso o mong le o mong oo u tsohileng ka ’ona ka molumo oa ’mino? Kahoo seo u ka ikemelang ka hore ke kananelo ea hao ea ’mino e ka ’na ea e-ba bokhoba ba ’mino.

Mocha ea bitsoang Steve oa hopola: “Ke ne ke kena sekolo le bana ba mamelang ’mino le ka klaseng.” Leha ho le joalo, oa lumela: “Ho boloka [li-headphone] tsa Walkman ka litsebeng tsa bona ka sebele ho ile ha ama lithuto tsa bona hampe.” Ka ho tšoanang, na u iphumana u bapala ’mino o sitisang leha u ntse u etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng? ’Me ho thoe’ng ka linako tseo u li beheletseng ka thōko bakeng sa ho ithuta Bibele kapa ho lokisetsa liboka tsa Bokreste? Na morethetho oa pina eo u e ratang ka ho fetisisa o lula o bapalla tlaase?

Hape, nahana hore na ho u batla chelete e kae ho khema le ’mino oohle o lokolotsoeng morao-rao. Ke karolo e kae ea moputso oa hao kapa ea chelete eo u e neoang ho e sebelisa eo hona joale u e senyang lirekotong, lik’haseteng, kapa ho li-compact disc? Na karolo e itseng ea chelete eo e ka sebelisoa hamolemonyana?

Ho thoe’ng ka likamano tsa lelapa? Na ua ameha meqoqong ea lelapa, e bang teng ha lelapa le ja—kapa na u lula ka kamoreng ea hao u mametse ’mino? Bibele ea eletsa: “Motho ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a ’notši; khalefong ea hae o soma tsohle tsa bohlale.”—Liproverbia 18:1.

Ho Fetola Mekhoa ea Hao ea ho Mamela ’Mino

Haeba ’mino o nka karolo e khōlō ea bophelo ba hao ba botho, ho ka ba molemo hore u nahane ka mantsoe a ho Ba-Efese 5:15, 16: “Iponeleng hore le tsamaee ka kelello, e seng joale ka maoatla, e mpe e be joale ka ba bohlale. Lopollang linako, hobane mehla e se e le mebe.” Sena se ka akareletsa ho ipehela meeli le ho leka-lekanya nako eo u e qetang u mametse ’mino. (Bapisa le 1 Timothea 3:2.) Ka mohlala, u ka ’na ua lokela ho khaotsa tloaelo ea ho letsa ’mino ha u qala u fihla hae. Ithute ho thabela metsotso ea khutso.

Bonyane, ho etsa joalo ho ka ntlafatsa matšoao a hao a sekolo. Metsotso ea khutso e molemo bakeng sa ho ithuta. U ka ’na ua ba le boikutlo ba hore ho bapala ’mino ho u thusa ho khatholoha. Empa ke hobane’ng ha u sa leke ho ithuta u sa letsa ’mino, ’me u bone hore na ho tsepamisa mohopolo oa hao thutong ho ke ke ha ntlafala? Steve e mocha o re: “U ka ’na ua khona ho ithuta [u letsitse ’mino], empa u ka kotula ho hongata lithutong tsa hao haeba ’mino o tinngoe.”

U tla rata ho lopolla, kapa ho hlophisa, nako ea ho bala le ho ithuta Bibele le likhatiso tse theiloeng Bibeleng. Jesu Kreste ka linako tse ling o ne a batla “sebaka se khutsitseng” bakeng sa ho rapela le ho thuisa. (Mareka 1:35, NW) Na tikoloho eo u ithutelang ho eona ka ho tšoanang e na le khutso le khotso? Haeba ha ho joalo, e ka ’na eaba u hatella khōlo ea hao ea moea.

Ho Ithuta ho Inahanela

Leha ho le joalo, mohlomong ntho eo u lokelang ho ameha ka eona ka ho fetisisa, ke mofuta oa ’mino oo u o mamelang. Steve o re: “Ke hobane’ng ha ’mino ’ohle o monate o tsamaisana le mantsoe a mabe?” Mehleng ea Bibele, ho ne ho na le lipina tse phahamisang ho noa haholo le botekatse. (Pesaleme ea 69:12; Esaia 23:15, 16) Ka ho tšoanang, karolo e khōlō ea ’mino o tummeng kajeno e phahamisa ho sebelisa lithethefatsi hampe, likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo, le pefo.a

Lithaka tsa hao li ka u hatella ka matla hore u mamele ’mino o joalo. Ho boetse ho na le khatello ho tsoa indastering ea ’mino ka boeona. Ka thuso ea seea-le-moea le thelevishene, ’mino oa rock o fetohile indasteri e matla, ea lidolara tse libillione. Litsebi tse hloahloa tsa thekiso li hireloa ho betla—le ho laola—khetho ea hao ea ’mino.

Empa ha u lumella lithaka tsa hao kapa mecha ea phatlalatso ho laola seo u se mamelang, u lahleheloa ke matla a hao a ho khetha. U fetoha lekhoba le hlokang kelello. (Ba-Roma 6:16) Bibele e re phehella hore re inahanele. E re bolella hore re ‘tsoele pele re ikholisa ka se khahlisang Morena.’ (Ba-Efese 5:10, NW) Ka sebele re ke ke ra lebella hore phutheho ea Bokreste e hlopholle lipina tse likete tse lokolloang selemo le selemo ’me e fane ka lethathamo la khetho ea ’mino e amoheloang le e sa amoheloeng. Che, u lokela ho koetlisa ‘kelello ea hao . . . ho khetha ho hotle le ho hobe.’—Ba-Heberu 5:14.

Ke joang u ka etsang joalo? Nahana ka litlhahiso tse latelang:

Hlahloba sekoahelo: Hangata, ho talima sekoahelo hang kapa thepa e phatlalatsang ho lekane. Litšoantšo tsa boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali, pefo, kapa ho sebelisana le meea e lokela ho ba temoso. ’Mino o ka hare e ka ’na ea e-ba o mobe ka ho tšoanang. Haeba ho khoneha, bala litlhaloso tse sekoahelong.

Hlahloba se ka Hare: ‘Hlahlobisisa mantsoe’ a pina ka ho nahana ka mabitso le mantsoe. (Jobo 12:11, NW) A reng? Na ka sebele u batla ho mamela kapa ho pheta likhopolo tseo khafetsa? Na likhopolo tseo li tumellanong le litekanyetso tsa hao le melao-motheo ea Bokreste?—Ba-Efese 5:3-5.

Hlokomela Phello: Phello e akaretsang ho uena ke efe? Na ’mino oo oa u tepeletsa kapa o u hlasimolla ka ho tlolisang? Na u iphumana u nahana ka lintho tse fosahetseng ka mor’a ho u mamela? Na lipolelo tsa slang tse sebelisoang ’minong oo li qala ho kenella butle-butle moqoqong oa hao?—1 Ba-Korinthe 15:33.

Nahanela ba Bang: Batsoali ba hao ba ikutloa joang ka ’mino oa hao? Ba botse maikutlo a bona. Hape, nahana ka boikutlo boo Bakreste-’moho ba ka bang le bona ka ’mino oa hao. Na o ka tšoenya ba bang?—Ba-Roma 15:1, 2.

Ho Atolosa Khetho ea Hao ea ’Mino

Ho ka ’na ha hlokahala hore u etse liphetoho khethong ea hao ea ’mino. Empa kaha khetho e ea etsoa, e ka fetoloa. Sebini se seng se hlahelletseng se re: “Bana ba bangata ha ba e-s’o ka ba utloa letho haese mofuta oa ’mino o phahamisoang ka matla ke litsebi tsa thekiso.” Pheko ke efe? U se ke ua itlamella mofuteng o le mong oa ’mino. Leka ho atolosa khetho ea hao ea ’mino.

Ka ho hlakileng, ho ntse ho hlokahala hore u khethe. Empa har’a ’mino oa setso, jazz, e, le ’mino oa classic, ho ka ba le ’mino o mongata o ahang oo u ka ithutang ho u thabela. Ha e le hantle, e ka ’na eaba u se u ntse u thabela ’mino o joalo u sa hlokomele. Ka mohlala, ’mino oa classic e ka ’na eaba ke oona selelekela sa litšoantšo tseo u li ratang tsa baesekopo le lipontšo tsa thelevishene. Ak’u nahane kamoo ’mino oo o ka bang monate ka teng ha u o mamela ntle ho tšitiso.

Bacha ba bang ba Bakreste ba qalile ho fetola khetho ea bona ea ’mino ka ho mamela litheipi tsa Kingdom Melodies tse hatisoang ke Mokhatlo oa Watch Tower. Meloli ena, e tloaelehileng har’a Lipaki tsa Jehova, e akareletsa mefuta ea ’mino e fapaneng e ahang. Ho na le mefuta e fapaneng ea ’mino e molemo eo metsoalle e ka e khothaletsang. Michelle o re: “Motsoalle e mong o ile a nthuta ho thabela ’mino oa orchestra—joaloka Beethoven.” Oa lumela: “Pele ke ne ke sa o rate.”

Mokhoa o mong oa ho atoloha ke ho ithuta ho bapala seletsa sa ’mino. Hona e ke ke ea e-ba ho phephetsang le ho khotsofatsang feela empa ho tla u pepesetsa mefuteng e mengata ea ’mino ho fapana le rock. Jackie o re: “Ho letsa ’mino ho hlile ho monate, hobane u sebelisa talenta eo u nang le eona.” Ka ho etsa boiteko bo itseng u ka ba ua khona ho etsetsa ba bang boithabiso bo ahang.

Ka sebele ’mino ke mpho e tsoang ho Molimo, empa u lokela ho hlokomela hore u se e sebelise hampe. Mocha e mong oa lumela: “Ke na le ’mino oo ke tsebang hantle hore ke lokela ho o lahla. Empa o monate haholo.” Leha ho le joalo, nahana ka kotsi eo mocha enoa a e bakang kelellong le pelong ea hae ka ho mamela ho fosahetseng! Qoba leraba le joalo. U se ke ua lumella ’mino ho u silafatsa kapa ho laola bophelo ba hao. Khomarela litekanyetso tse phahameng tsa Bokreste ’minong oa hao. Rapella tataiso le thuso ea Molimo bakeng sa ho khetha ’mino oa hao. Batla metsoalle e nang le litumelo tse tšoanang le tsa hao.—Ba-Roma 12:2, 12.

’Mino o ka u thusa ho khatholoha. O ka u thusa ho koala sekheo ha ho le bolutu. Empa ha o khaotsa, mathata a hao a lula a ntse a le teng. Ebile lipina li ke ke tsa nka sebaka sa metsoalle ea sebele. Kahoo u se ke ua lumella ’mino ho ba ntho ea bohlokoa bophelong ba hao. O thabele, empa etsa hore e se be ntho ea bohlokoa bo boholo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona litokollo tsa Tsoha! tsa February 8, le March 8, 1993.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Na ’mino o kena-kenana le lithuto tsa hao?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela