Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/11 maq. 4-6
  • Ke’ng e Etsang Hore Lipina Tse Ling li Ratoe Haholo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke’ng e Etsang Hore Lipina Tse Ling li Ratoe Haholo?
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Kopanya Mantsoe le Liletsa
  • Ka Studio
  • Ho li Rekisa
  • Nka Etsa’ng Hore ’Mino o se ke oa Ntaola?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Nka Boloka ’Mino Sebakeng se Loketseng Joang?
    Tsoha!—1993
  • Na U Tla Khetha ’Mino ka Bohlale?
    Tsoha!—2011
  • Na nka Mamela ’Mino o Mong le o Mong oo ke U Ratang?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 8/11 maq. 4-6

Ke’ng e Etsang Hore Lipina Tse Ling li Ratoe Haholo?

INDASTERI ea ’mino e lula e fetoha ’me ba ho eona ba hlōlisana ka matla. Lipina tseo batho ba khethang ho li mamela li lula li fetoha, tse ratoang lia tsoa ’me ho kena tse ncha le mekhoa e mecha ea theknoloji e nkela ea khale sebaka. Setsebi sa mecha ea phatlalatso, e leng Kelli S. Burns, se re baphatlalatsi ba ’mino “ba lula ba batla pina e ncha e tsoang pele.” Empa ha ho bonolo ho etsa hore pina eo e be e ratoang haholo. Buka e ’ngoe e fanang ka tataiso litabeng tsa khoebo e re: “Bacha ba bangata ba lakatsa ho ba likhalala tsa ’mino, . . . empa hangata ho nka nako hore motho a fumane konteraka ea ho rekota, ebile ho boima.”—Sheba lebokose le reng, “Liphetoho Indastering ea ’Mino,” leqepheng la 6.

Ho Kopanya Mantsoe le Liletsa

Bangoli ba lipina (1) ba leka ho ngola mantsoe a tla ama batho maikutlo—a etse hore ba nahane ka ho teba ka lintho tseo ba tšepang ba bileng ba lakatsang ho li finyella le ka maikutlo a bona a tebileng. Ke taba efe e hlahellang lipineng tse ngata? Ha e le hantle, ke lerato. Bangoli ba boetse ba leka ho hlahisa lipina tse nang le mantsoe a hohelang bamameli a bileng a hopolehang.

Hangata ka mor’a moo, mongoli o rekota sampole ea pina eo. Haeba batsamaisi ba k’hamphani e rekotang ba nka hore batho ba ka reka pina eo, ba ka ’na ba fa sebini konteraka ea ho rekota (2). Empa haeba ba belaella sebini seo (mohlomong hobane se sa tsejoe), ba ka ’na ba reka pina eo hore e binoe ke sebini se tsebahalang.

Ka Studio

Hangata lik’hamphani tse rekotang li hira mohlahisi ea nang le phihlelo e le hore a okamele mosebetsi oa ho rekota (3). Mohlahisi ke eena ea etsang qeto ea hore pina e ka rekotoa. O boetse oa hira ebile o okamela studio, bahlophisi ba ’mino, bakopitsi, libini, ba binang likarolo tse ling, lienjinere tse rekotang le thepa e hlokahalang e le hore ho hlahisoe rekoto ea boleng le eo batho ba tla e reka.

Lipina tse ngata li rekotoa ka mekhahlelo, hangata ho qaloa ka meropa, likatara le piano. Hamorao, ho kenyelletsoa mantsoe a sebini, a ba binang likarolo tse ling, liletsa tse llang li le ling le melumo e meng e ikhethang e natefisang pina e le hore ho hlahisoe faele ea digital eo ho etsoang tse ling ka eona (4).

Ho li Rekisa

Lik’hamphani tse rekotang li atisa ho etsa livideo tsa lipina (5) hore li bapatse lihlahisoa tsa tsona. Livideo tsena tse nkang metsotso e meraro ho isa ho e mehlano, li ka ’na tsa nyakallisa bashebelli joalokaha eka ba konsareteng ea ’mino le ho bontša batho libini tseo. ’Me li ka ’na tsa kenyetsa k’hamphani chelete e ngata.

Libini li rekisa lialbamo tse ngata libakeng tseo li tšoarang likonsarete ho tsona (6). Kahoo li atisa ho bapatsa lialbamo tse ncha ka ho ea libakeng tse sa tšoaneng le ka ho tšoara likonsarete. Libini tse ngata li ipulela Liwebsaete (7) tse nang le lisampole tsa lipina, lifoto, livideo, li-blog le litaba tse amanang le likonsarete tse tlang hammoho le liaterese tsa liwebsaete tsa batšehetsi ’me habohlokoa le ho feta libaka tseo ba ka rekang ’mino ho tsona Inthaneteng.

Ke mang ea etsang qeto ea hore na pina e itseng e tla ratoa kapa che? Ha e le hantle, ke uena—momameli. U khetha ’mino u itšetlehile ka eng? Na u khetha ’mino hobane u rata morethetho oa oona kapa sebini, kapa melao-motheo ea boitšoaro le eona e susumetsa khetho ea hao? Ke habohlokoa hore u ipotse lipotso tsena, kaha ’mino o na le tšusumetso e matla ebile o ka re ama ka ho teba. Ntlha ena e re hopotsa keletso ea bohlokoa e tsoang ho ’Mōpi oa rōna e reng: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.”—Liproverbia 4:23.

U ka sebelisa keletso ee e bohlale joang tabeng ea ’mino? Haeba u motsoali, u ka phetha boikarabelo ba hao joang ba ho sireletsa bana ba hao moeeng, kelellong le maikutlong?

[Lebokose le leqepheng la 6]

Liphetoho Indastering ea ’Mino

Inthanete le thepa e theko e tlaase e sebelisetsoang ho rekota e tlatselitse phetohong e teng indastering ea ’mino. Kajeno, libini li khona ho rekota lipina tsa boleng li le lapeng le ho li abela batho lefatšeng ka bophara. Makasine ea The Economist e tlaleha hore “libini tse ’maloa tse tsebahalang li ile tsa rekota lipina le ho li aba li sa sebelise lik’hamphani tse rekotang.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela