Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/11 leq. 3
  • ’Mino ke Mpho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Mino ke Mpho
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Boloka ’Mino Sebakeng se Loketseng Joang?
    Tsoha!—1993
  • Nka Etsa’ng Hore ’Mino o se ke oa Ntaola?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Na nka Mamela ’Mino o Mong le o Mong oo ke U Ratang?
    Bacha Baa Botsa
  • Na U Tla Khetha ’Mino ka Bohlale?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 8/11 leq. 3

’Mino ke Mpho

U NAHANA hore bophelo bo ka be bo le joang ha ho ne ho se na ’mino? Ho se na lipina tse monate tse koeetsang bana. Ho se na lipina tsa lerato. Ho se na ’mino oa pop. Ho se na ’mino o binoang ke lihlopha tsa libini o tsamaisanang le liletsa. Ho se na lipina tse thobang maikutlo. Batho ba bangata ba nahana hore bophelo bo ne bo tla ba bosula.

Ka sebele, ’mino o ama batho maikutlo ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng. O re thoba maikutlo, oa re thabisa, oa re hlasimolla le ho re susumetsa. Oa re nyakallisa hape oa re llisa. Ho phaella moo, kaha ’mino o ama maikutlo, o na le tšusumetso e matla. Ke hobane’ng ha ’mino o re susumetsa hakaale maikutlong? Karabo e bonolo feela ke hore: ’Mino ke mpho e babatsehang e tsoang ho Molimo. (Jakobo 1:17) Kaha ’mino ke mpho e tsoang ho Molimo, batho bohle—ebang ba baholo kapa ba bacha—ba lokela ho o ananela, ’me ’mino e be o hahang le oo bohle ba ka o mamelang.

Ke khale ’mino o le teng. Ka mohlala, bopaki ba lintho tsa khale tse epolotsoeng bo bontša hore ka lilemo tse makholo pele ho Mehla ea rōna e Tloaelehileng, merabe e meng ea Maafrika e ne e letsa meropa, manaka le mangenengene. Machaena a boholo-holo a ne a letsa liphala. Batho ba Egepeta, India, Iseraele le ba Mesopotamia ba ne ba letsa liharepa. Mohlomong ntho e ’ngoe e bontšang ka ho toba hore ke khale ’mino o le teng ke mantsoe a ngotsoeng ka Bibeleng ho Genese 4:21. Moo re bala ka monna e mong ea bitsoang Jubale hore e ile ea e-ba “mothehi oa bohle ba tšoarang harepa le phala.” Lilemo tse makholo-kholo hamorao, Morena Solomone oa Iseraele o ile a bontša ho thahasella ’mino haholo ’me a batla lehong la boleng bo phahameng ho etsa liharepa le liletsa tse ling tse likhoele.—1 Marena 10:11, 12.

Ke ’nete hore mehleng eo, e le hore motho a thabele ’mino, o ne a lokela ho bapala seletsa se itseng kapa ho mamela ha motho e mong a se bapala. Empa kajeno batho ba limilione ba ka mamela ’mino ka hore ba khoathe kapa ba tobetse konopo feela k’homphieutheng. Ha e le hantle, lipina tsa mefuta-futa li ka rekotoa kapa tsa kopitsoa Inthaneteng ’me tsa bapaloa ka lisebelisoa tse fellang ka pokothong. Phuputsong e entsoeng ka 2009 naheng e ’ngoe ea Bophirimela, ho fumanoe hore bacha ba pakeng tsa lilemo tse 8 le tse 18, ba qeta lihora tse fetang tse peli ka letsatsi ba mametse ’mino kapa lintho tse ling tse rekotiloeng.

Tloaelo ena e re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ’mino le thepa ea theknoloji e sebelisoang ’minong e hlahisoa ka bongata hakana. Ka sebele, ’mino ke khoebo e khōlō. Empa na u kile ua ipotsa hore na ke’ng e etsang hore lipina tse ling li ratoe haholo?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 3]

’Mino oa Fumaneha Inthaneteng

O KA KOPITSOA: Hangata batho ba lefella pina e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e kopitsang Inthaneteng, ’me ka mor’a moo e ba ea bona. Ba bang ba etsa peeletso—eo hangata e tsamaisanang le konteraka ea selefouno kapa ea lintho tse ling tseo ba li rekang—e ba lumellang hore ba kopitse ’mino Inthaneteng le ho o bapala hafeela ba ntse ba sebelisa konteraka eo.

O KA BAPALOA: Batho ba ka mamela lipina tse ling Inthaneteng empa ba sa li kopitse. Hangata lipina tseo ha li lefelloe, le hoja motho a ka fumana tse ling tse khethehileng haeba a entse peeletso.

[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 3]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Tlhahisong ea ’Mino

Lilemong tsa bo-1880

Rekoto ea keramafono

Lilemong tsa bo-1890

Steel wire

Lilemong tsa bo-1940

Reel-to-reel tape

Lilemong tsa bo-1960

K’hasete

Lilemong tsa bo-1980

Compact disc (CD)

Lilemong tsa bo-1990

Lifaele tsa digital audio (MP3, AAC, WAV le tse ling tse joalo)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela