Na ke Boithabiso bo se Nang Kotsi Kapa Chefu ea Kelello?
K’honsareteng ea ’mino oa rock, se seng sa libini se ile sa kenya mosali ka lebokoseng ’me sa tsoela pele ho ratha lebokose ka selepe. Mali ao eseng a sebele a ile a tsaraletsoa molomong oa sebini, eaba se tšoela bamameli ka oona.
Ka 1984 moshemane ea lilemo li 19 o ile a ithunya. Batsoali ba hae ba ile ba bolela hore ho ipolaea ha hae ho susumelitsoe ke mantsoe a pina ea rock e bitsoang “Suicide Solution.”
Makasine oa bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 o ile oa hatisa tlaleho ea boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali bo etsoang ke litho tsa sehlopha sa ’mino libakeng tsa bona tsa ho aparela, hammoho le ka har’a studio ha ho hatisoa ’mino oa sona. Lirekoto le lik’hasete tsa rock li ne li na le setšoantšo se nyonyehang sa litho tsa botona le botšehali.
PEFO, ho ipolaea, le likamano tsa botona le botšehali tse nyonyehang—tsena ke feela tse ling tsa lihlooho tse sa hloekang tse hlahellang lirekotong tsa rock, ho li-video, le lik’honsareteng tsa ’mino. Ha likhang ka mananeo ana a hlomphollang li hlaha esita le ho isoa khotla, libini le lik’hamphani tse hatisang li leka ho fana ka litlhaloso tse qhelelang thōko likarolo tsena tse belaetsang. Ka mohlala, setšoantšo se nyonyehang joale ho boleloa hore se tšehetsa polelo ka “tšenyeho ea kelello ea Mokhatlo oa Batho oa Amerika le hore na e tla qetella e re timelitse joang.” ’Minong o mong ka ho tšoanang, mantsoe ao ka ho hlakileng e leng ntho e ’ngoe empa a emela ntho e ’ngoe a sebelisoa bakeng sa setho sa botona (joaloka lithunya kapa lithipa) joale ho boleloa hore ke lintho tsa sebele.
Libini le lik’hamphani tse hatisang li ka ’na tsa phonyoha likahlolo tsa lekhotla, empa na ruri batho baa thetsoa? Na uena oa thetsoa? Na u ka hana hore pefo, likamano tsa botona le botšehali, le lintho tse tsamaisanang le tšebelisano le meea ke metsoako ea bohlokoa ’minong oa rock e matla e rekisoang haholo kajeno?
’Mino oa Morethetho o Matla le Rap
Ho theosa le lilemo, mefuta e mengata ea rock e ile ea qaptjoa. Mefuta e ’meli, oa morethetho o matla le oa rap, haufinyane e ’nile ea hlaseloa ka hobane e le litšila ka mokhoa o makatsang.
Ka kakaretso ’mino oa morethetho o matla ke ’mino o tletseng mafolo-folo, oo molumo oa oona o hōlisoang haholo ka lisebelisoa tsa motlakase ka morethetho o tulang ka ho pheta-phetang. Ho ea ka makasine oa Time, “libapali tsa ’mino oa morethetho o matla li bapalla haholo menahano e arohileng ea bamameli ba bacha ba banna ba basoeu ka ho iponahatsa e le batho ba ka thōko ba sa thetsoang ba fetohetseng mokhatlo oa batho o senyehileng.” ’Mino o mongata oa morethetho o matla o etselitsoe ho tšosa. A mang a mantsoe a lipina tsa ’ona a ke ke a ngoloa. Makasine oa bongaka Texas o hlokomela hore lipolelo tse ngata tsa ’mino oa morethetho o matla li rorisa “boikutlo bo sa tloaelehang mabapi le likamano tsa botona le botšehali, pefo, lehloeo, le tšebelisano le meea.”
Pefo e tsamaisanang le ’mino oa morethetho o matla ke ntho e ’ngoe e etsang hore motho a amehe ka ’ona. Ka mohlala, bamameli ba ile ba baka morusu esita le ho chesa arena e khōlō ha k’honsarete ea ’mino e emisoa hobane sebini se ile sa kula. K’honsareteng e ’ngoe bacha ba bararo ba ile ba bipetsoa ’me ba shoa ha barati ba likete ba ’mino oo ba mathela sethaleng, ba sututsa batho ba ka pele ’me ba ba hatakela.
’Minong oa rap, hape o tsejoang e le hip-hop, sebini (kapa libini) se bua mantsoe ka tsela e lumellanang hammoho le morethetho o bapaloang, hangata o etsoang ka tšebetso ea li-computer e bitsoang sampling. ’Mino o mongata oa rap o etsoa ke libini tsa batho ba batšo empa o rekoa ke bamameli ba batho ba batšo le ba basoeu. Melaetsa e ’maloa ea rap ke e nepahetseng, e khahlanong le lintho tse kang ho hlekefetsoa ha bana le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Leha ho le joalo, rap e ngata e bua ka ho fetohela bolaoli, pefo, ho hloea basali, le bochaba. Lipina tse ngata li na le mantsoe a hlomphollang le litlhaloso tse mpe tsa likamano tsa botona le botšehali.
Pefo e ’nile ea e-ba bothata lik’honsareteng tse ling tsa rap. K’honsareteng e ’ngoe, litho tse 300 tsa sehlopha sa linokoane li ile tsa hlasela bamameli, ba ileng ba itoanela ka litulo tsa tšepe ho fihlela mapolesa a fihla ’me a emisa k’honsarete. Batho ba 45 ba ile ba tsoa kotsi.
Selemong se fetileng, Mokhatlo oa Mapolesa a Naha New York o ile oa etsa boipiletso ba ho qoba litšebelisano leha e ka ba life le lifeme tsohle tsa Time Warner, Inc., ho fihlela k’hamphani eo e khaotsa ho rekisa pina ea rap e bitsoang “Cop Killer.” Hlooho ea mokhatlo oo oa mapolesa, Peter Kehoe, o ile a re: “Pina ena e hlahisa lehloeo ’me e khothaletsa le ho rorisa ho bolaoa ha mapolesa. E le phello e tobileng ea pina ena, mapolesa a tla bolaoa.” Qetellong, ha ea ka ea hlola e rekisoa.
Na ho na le Liphello?
Ha libini li bina ka bobe kapa esita le ho bo etsa sethaleng, sena se ba le phello efe ho bamameli le bashebelli? Nahana ka ho hlokometsoeng le liphihlelo tse latelang.
Dr. Carl Taylor, eo e leng letsoho la moprofesa lefapheng la toka bakeng sa batlōli ba molao Univesithing ea Naha ea Michigan, o tiisa hore likhalala tsa rock li “khothaletsa mokhoa o itseng oa bophelo. . . . Litho tsa sehlopha li hlile li susumetsa bacha.”
Moshemane e mong ea pholohileng boiteko ba ho ipolaea o itse ’mino o ile oa koeetsa eena le motsoalle oa hae (ea ileng a atleha ho ipolaea) monahanong oa hore “karabelo mathateng a bophelo ke lefu.”
Ka 1988 bacha ba bararo ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ba ile ba bolaea motsoalle feela bakeng sa ho ithabisa. E mong oa bona o ile a bolela hore boikutlo ba ho thabisoa ke lefu bo qalile ka ’mino oa morethetho o matla.
Ka mor’a k’honsarete e ’ngoe ea ’mino oa rap, bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ba ile ba pshatla lifensetere tsa libaka tsa sechaba. Mokomishinara oa tšireletso ea sechaba oa Pittsburgh, Pennsylvania, o ile a re: “Ka ho feletseng ha ho pelaelo kelellong ea ka hore ’mino oa rap o susumelelitse pefo ena.”
Patlisiso e entsoeng ea bacha le lihlopha tsa bolumeli ba Satane li bontšitse hore ba bangata ba ba amehileng borapeling ba Diabolose ke ba sebelisang lithethefatsi ho tlōla ’me hape ba mamela ’mino oa morethetho o matla, o tlotlisang tšebeliso ea lithethefatsi le o khothaletsang boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. Ka lebaka leo, batho ba bacha ba tšoaetsoang ba hoheloa lihlopheng tsa bolumeli ba Satane.
Ka ho hlakileng, ha bacha ba susumeletsoa ho sebelisa lithethefatsi hampe, tlōlo ea molao, kapa ho ipolaea, ho ka etsahala hore ho na le ho hongata ho susumetsang boitšoaro bo joalo ho feta ’mino. Ka ntle ho pelaelo ho senyeha ha bophelo ba lelapa le mokhatlo oa batho ka kakaretso ho tlatsetsa haholo ho sena. Empa ’mino o ka sebeletsa e le motheo o khothaletsang batho ba bacha ba tšoaetsoang habonolo ho etsa lintho tseo mohlomong ba neng ba ke ke ba li nahana. Na batho ba seng ba nyahame ka lebaka la mathata a bophelo ba hloka ’mino o ba khothaletsang ho inehela litšekamelong tse senyang?
Ntlha ke hore ’mino o mobe o ka sebeletsa joaloka chefu ea kelello ho bamameli ba ’ona. Hopola, molaetsa oa ’mino o joalo ke o matla haholo hobane o tsoa ho likhalala, bahale, ba rapeloang ke balateli ba bona.
Ho Thoe’ng ka Uena?
U mamela ’mino ofe? Mohlomong u se u ntse u le hlokolosi ka ’mino oo u o khethang ’me hoo hoa babatseha. Ka lehlakoreng le leng, haeba u har’a ba mamelang ’mino o tlotlollang kapa oa mofuta o belaetsang, na u o tšoaelitse hampe? Esita le haeba boitšoaro ba hao bo sa fetoha, na ka ho tšepahala u ka bolela hore boikutlo ba hao ha boa tšoaetsoa hampe? Ho ntse ho le joalo, ho ipepesetsa lipuong tse sa hloekang ka mehla ho ka bolaea kutlo ea hao, ho ka etsa hore u ikutloe hore litaba tseo ha li mpe hakaalo.
Nahana ka mohlala oa mohlankana ea ileng a leka ho kopanya bophelo ba hae joaloka Mokreste le ho mamela ka mehla ’mino oa morethetho o matla le rap. Ha aa ka a susumetsoa ho etsa lintho tse kang polao, ho ipolaea, kapa borapeli ba Diabolose. Empa hlokomela kamoo boikutlo ba hae bo ileng ba ameha ka teng. O ile a bolela: “’Mino ona o hlaha haholo. O ile oa etsa hore ke sebetse ka tsela e khutsitseng le hoja ke ne ke bontša litšekamelo tse mpe le tse befileng ka ho fetisisa. . . . Ke ne ke phela lefatšeng la ho inahanela la lehloeo. Ha ho letsatsi le ileng la feta ntle le hore ke nahane ka ho teba ka ho ipolaea.” O ile a etsa qeto ea ho fetola litloaelo tsa hae tsa ho mamela. ’Me ha a etsa joalo, boikutlo ba hae bo ile ba ntlafala haholo.
Batho ba emelang ’mino ona o mobe ba ka pheha khang ho lokafatsa lehlakore lena le lebe la ’mino oa rock. Empa liqeto tsa hao ke life? Na u ka tutubala le ho thiba litsebe tsa hao ho bona le ho utloa litšila tse feteletseng tsa molaetsa oa ’ona? Na u ka ea lik’honsareteng tse tšoanang le tse hlalositsoeng pelenyana u sa tšohe hore na u sireletsehile kapa che? ’Me ho thoe’ng ka kamano pakeng tsa ’mino o joalo le liketso tse hlabisang lihlong tsa libini le bamameli ba ’ona?
Haeba u tsotella bophelo ba hao, u qoba lijo tse ka ’nang tsa u ntšang kotsi esita le haeba li le monate. ’Mino o sa hloekang, ebang ke rock kapa leha e ka ba mofuta ofe o mong, o kotsi bakeng sa ho hloeka ha kelello ea hao. Na u ka batla ho ipepesetsa boithabiso bo kenyang chefu kelellong? Che. Kahoo, u ka etsa joang ho ba le pono e elileng, le e leka-lekaneng tabeng ena? Ka kōpo nahana ka lintlha tse bontšitsoeng sehloohong se latelang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
Borapeli ba Diabolose Ke’ng?
Borapeli ba Diabolose, bo khothaletsoang ke mantsoe a mang a lipina tsa ’mino oa morethetho o matla, hase boithabiso bo se nang kotsi. Texas Medicine/The Journal e ile ea hlalosa hore borapeli bo joalo bo akareletsa liketso tse tlohang “litšebeletsong tsa mekete ea borapeli tse se nang kotsi ho ea ho noeng mali a tsoang lithong tseo ba li pommeng ’meleng ea bona le mahlabelong a liphoofolo.” Borapeli ba Satane bo bolela “ho sebelisana le diabolose. Mekete ea borapeli e tobileng e sebelisoa ho lebisa matla ho tsoa ho Satane ho ea ho balateli. . . . Thuto ea ho khetha ka tokoloho le thato li bolela ho etsa leha e ka ba eng seo u batlang ho se etsa ka ntle le ho nahana ka Molimo, ka ntle ho molato, le ka ntle ho letsoalo.” Ka lebaka leo, ba bang ba etsa liketso tsa ho tlōla molao ka ntle le lihlong.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
U ne u ke ke ua kenya lithōle mpeng ea hao. Hobane’ng ha u li kenya kelellong ea hao?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Na u lokela ho ikutloa u lokolohile u le ketsahalong e tšoanang le ena?