’Mino oa—Kajeno Ho Qoba Maraba
BA BANG ba pheha khang ka melemo le likotsi tsa ho hlahloba ’mino oa rock e le hore ho ntšoe likarolo tse sa lokang tsa ’ona. Ba bang ba pheha khang ka liphello tsa ’ona tse ntšang kotsi ka mokhoa o bolotsana ho bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20. Empa haeba u Mokreste, ho nahana ka mabaka ana ha ho bohlokoa joaloka tseko ena ea sehlooho: ’Mino o ka ama kamano ea hao le Molimo joang?
Tataiso ea Mokreste bophelong ke Lentsoe la Molimo, Bibele. E na le melao-motheo mabapi le karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo, ho akareletsa boithabiso. Tataiso ea Bibele e sireletsa ba e mamelang litšileng le kotsing. Ho feta moo, ho amoheloa ke Molimo ho itšetlehile ka ho mamela Lentsoe la hae. Ka hona, melao-motheo e Lentsoeng la Molimo e tataisa khetho ea Mokreste ea ’mino. (Pesaleme ea 43:3; 119:105; 2 Timothea 3:16, 17) Joale, ke tataiso efe ea Mangolo e re thusang khethong ea rōna ea ’mino?
Ho Leka-lekana Hoa Hlokahala
Moeklesia 7:16 ea hlokomelisa: “U se ke ua iketsa ea lokileng ka ho fetisisa, u se ke ua ipea ea hlalefileng ka ho tlōlisa; hobane ke ha u no u tla timeletsa’ng na?” Pele u lahla ’mino o itseng e le o mobe, ipotse haeba mohlomong e le taba ea khetho ea botho kapa che. Hopola, u ka ’na ua se rate ’mino o itseng, empa hoo ha ho o etse ’mino o mobe.
Lehlakore le leng la taba ena ea boikutlo bo leka-lekaneng le bontšoa ho Moeklesia 7:17, 18: “U se ke ua iketsa e mobe ka ho fetisisa, u se ke ua ipea leoatla; hobane ke ha u no u tla shoela’ng, e e-so ho be nako ea hao? Ho molemo ha u ka tšoara hona, ’me letsoho la hao le se ke la furalla hono; hobane ea tšabang Molimo o tsoa tsietsing tsohle.”
Joale, ho thoe’ng haeba Mokreste a mamela ’mino o khothaletsang pefo, bochaba, boitšoaro bo bobe, borapeli ba Diabolose, le ho ipolaea? Ba-Efese 5:3, 4 e toba taba: “Empa ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli; leha e le taba e lihlong, leha e le ea booatla, leha e le ea mesoaso e mebe, e leng taba tse sa tšoanelang; ho mpe ho utloahale liteboho.” E, ba lakatsang botsoalle le Jehova ba ke ke ba etsa litšila boithabiso ba bona. Ba ke ke ba beha mabaka ka hore hafeela ba sa etse lintho tsena tse mpe, ho lokile ho thabisoa ke tsona.
Hase feela se boleloang ke mantsoe a pina se e etsang e molemo kapa e mpe ponong ea Mangolo. E khothaletsa moea ofe? Ka kōpo bala Ba-Galata 5:19 ho isa ho 23 Bibeleng ea hao. Ke lethathamo lefe le hlalosang hantle moea oa ’mino oo u o mamelang? Haeba ’mino o bontša “mesebetsi ea nama,” joale pono ea Jehova e hlakile hantle tabeng ena.
Haeba Mokreste a leka ho kopanya bophelo ba hae ba tšebeletso e halalelang ho Molimo le boithabiso ba ’mino o hlephisang boitšoaro, o tla ithuta hore kannete ha li tsamaisane. Ho tšoana le ho noa lero le monate la litholoana le chefu. Lero la litholoana le ke ke la thibela chefu ho u bolaea. Mantsoe a ho 2 Ba-Korinthe 6:14-17 a hlakisa taba: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le kopano efe le lefifi? Kreste o na le selekane sefe le Beliale? Kapa ea lumetseng o na le kabelo efe le ea sa lumelang? . . . Ka baka leo, tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo [Jehova]; le se ke la ama sesila.”
Joale, tsena ke litseko tsa Mangolo tse tobaneng le ba lakatsang ho ba le kamano e haufi le Molimo. Haeba u nka melao-motheo ea Bibele e le ea bohlokoa, hlahloba ka ho teba ’mino oo u o mamelang. Hlahlobisisa ka hloko pokello ea hao ea lirekoto le li-video. Lahla se hlomphollang melao-motheo ea Bibele. Haeba u belaela, li lahle. Etsa ho tšoanang ka lik’honsarete tsa ’mino le libuka tseo u li balang—fothola ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se nang kopano e loketseng le ho loka.
Tšekamelo ea ho Beha Mabaka
Haeba u hoheloa ’minong o meeling ea ho lokileng le ho hobe kapa ’mino o fetelang ka ’nģane ho tataiso ea Mangolo, ho ka ’na ha ba thata ho tobana le tseko ka boikutlo bo tsitsitseng. Ba bang ba beha mabaka ka boiteko ba ho ikemela le ho lokafatsa boemo ba bona ba ho sekisetsa. Haeba u iphumana u etsa joalo, ak’u etse khefu ’me u nahane. Na tsela eo u nahanang ka eona e ea utloahala, kapa na ho mpa ho bontša ho khomarela ’mino oo ka maikutlo? Hlokomela mabaka a latelang a fanoeng ke ba bang ’me u hlokomele hore, ha a hlahlobisisoa, mabaka a joalo a mpa a bonahala e le ho ikemela.
Ho sireletsehile ho mamela sehlopha sena hobane litho tsa sona li khahlanong le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Empa na sehlopha seo se khahlanong le liketso tse ling tsa bobe, tse kang bohlola, pefo, le ho se hlomphe ba boholong? Ba-Galata 5:9 e re: “Tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela.”—Bapisa le Jakobo 2:10.
Bophelo lefatšeng lena ha bo na toka ho hang. Na ruri re ka nyatsa lihlopha tsena ha li hlahisa khalefo ea tsona ka boemo ba lefatše? Bibele e khothaletsa khalefo e lokileng khahlanong le bobe ba tsamaiso ena empa e lebisa ’Musong oa Bomessia e le tharollo.—Daniele 2:44; Mattheu 6:9, 10.
Tšepo e khanyang ea Bakreste e fapane le litebello tse lerootho tsa libini tse ngata tse buellang ho hana boitšoaro bo botle e le tharollo ea mahlomola a batho. Ka sebele, khalefo ea lefatše ea senya hape e hlaha, e bontša bohlale ba tsamaiso ena ea lintho.—Ba-Roma 12:9; Jakobo 3:15-18.
Libini tseo li hloahloa haholo, esita le ho koetlisoa ka litekanyetso tse phahameng haholo. Empa ho ba hloahloa hoo sebapali se binang ka hona ha ho sebetse ha ho lekanngoa molaetsa oa ’mino le melao-motheo ea Bibele, na ha ho joalo? Morena Salomone o ne a le hloahloa linthong tse ngata, ho akareletsa le ’mino. Empa ha a koenehela borapeli ba ’nete, Bibele ea tlaleha, “ebile moo Jehova a halefelang Salomone, hobane pelo ea hae e be e khelohile ho Jehova.” Ka ho tšoanang, Nimrode e ne e le seahi le setsomi se hloahloa, empa eena le basebetsi-’moho le eena ha baa ka ba amoheloa ke Molimo. Hobane’ng? Hobane Nimrode e ne e le “setsomi se matla khahlanong le Jehova.”—1 Marena 11:9; Genese 10:8, 9, NW.
Lipina tse ’maloa tsa sehlopha seo ha li na kotsi, ho akareletsa lipina tse ling tsa “rock” e morethetho o bonolo. Kotsi mona ke hore pina e se nang kotsi e ka etsa hore motho a reke le ho mamela lipina tsohle tse rekotong kapa k’haseteng, ’me ho ka etsahala hore tse ngata tsa tsona li litšila. Joalokaha kopi ea metsi e ke ke ea hloekisa qubu ea seretse, pina e se nang kotsi mona le mane ha e fetole moea o akareletsang oa boitšoaro bo hlephileng o rekotong kapa k’haseteng kapa sehlopheng.
Kannete likhalala tsena ha li rapele Satane kapa ho phela ka boitšoaro bo bobe. Li mpa li tšoantša sethaleng. ’Nete ke hore ’mino oo ba o sebelisang ho thabisa bamameli ba bona o mobe kapa o tletse bobe. Ba-Kolosse 3:8 e laela Bakreste, hore ba se thabisoe ke lintho tse joaloka khalefo le polelo e lihlong, empa ho ‘lahla ntho tseo kaofela.’ Pauluse o ile a bolella Ba-Efese hore ‘ba se ke ba ba le kabelo [le bana ba sa mameleng] mesebetsing e nyopang ea lefifi, ba mpe ba e nyatse.’ Na motho ea thabisoang ke mesebetsi ea lefifi a ka ba boemong ba ho nyatsa ba e etsang?—Ba-Efese 5:6, 11.
Ha ke mamele mantsoe a pina. Ke utloa feela mololi oa eona. Empa mantsoe a pina a ka ngoloa kelellong u sa hlokomele ’me a baka bothata hamorao. Le hoja re nahana hore boitsebiso bo hlakohile likelellong tsa rōna, e ka ’na eaba ha bo e-s’o lebaloe ho hang. Kahoo, ke ho kotsi hakaakang ho ipepesetsa ka boikemisetso melaetsa e hanyetsang keletso e ho Ba-Filippi 4:8 ka ho toba, hore re boloke likelello tsa rōna li nahana ka hloko lintho tsohle tse hloekileng, tse ratehang, le tse botumo bo botle.
Hape, hopola hore mang kapa mang ea “batlang setsoalle le lefatše o ipeha sera ho Molimo.” Lebaka ke hobane lefatše la batho le ikarotseng ho Molimo le moea oa lefatše ke lintho tse hlahisitsoeng ke Sera se seholo sa Jehova, Satane Diabolose. Joale nahana ka hona. Na monna o ne a ka utloisisa haeba mosali oa hae a khabisa ntlo ka setšoantšo sa moratuoa oa hae oa pele esita le haeba a bolela hore ha a na maikutlo a khethehileng bakeng sa hae empa hore setšoantšo seo e mpa e le sa ho khabisa feela? Che, o ne a tla batla se tsoe ka tlung le kelellong ea hae. Ho thoe’ng haeba re ne re tlisa ’mino o sebeletsang morero oa Sera sa Jehova mahaeng a rōna le lipelong tsa rōna? Na ruri ho etsa phapang haeba re bolella Jehova, “Ke thahasella mololi feela; ke hlokomoloha mantsoe a pina”?—Jakobo 4:4, NW; 1 Ba-Korinthe 10:21, 22.
Nka Khato e Tiileng
Haeba u ntse u ipepesetsa ’mino o khothaletsang bobe, lebaka la hao la sebele ke lefe? U ka ’na ua se lumellane le likhopolo tse mpe, empa ’mino ka booona mohlomong o ka u khahla haholo—morethetho o hohelang, o tšoasang—hoo u o fumanang u ke ke ua o qoba ’me u sa batle ho khaotsa ho o mamela.
Empa ho etsa ntho e nepahetseng ha ho bonolo ka mehla. Re behoa tekong haholo-holo ha litekanyetso tsa Molimo li re tataisa ho tlohela ntho eo re khomaretseng ho eona ka maikutlo. Na re tla beha mabaka a ho lokafatsa boemo ka hore taba ea rōna e fapane ’me re tsoele pele ho ‘tenyetsehela ka ’nģa tse peli,’ kapa na re tla nka khato e tiileng khahlanong le seo Jehova a se hloileng?—1 Marena 18:21.
Ho sa tsotellehe boitelo ba botho bo amehang, re tla thaba ka ho fetisisa haeba re etsa khetho e thabisang Jehova. Sena se bolela hore re tlameha ho se ame sesila. Haeba re etsa joalo, joale Jehova o tšepisa hore o tla re amohela. E, o tla re balla har’a batho ba hae ba ratehang.—2 Ba-Korinthe 6:17.
Jehova o re nahanela se molemo. O entse litaelo tsa hae ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba rōna. Arabela kōpong ea hae e tšepalang e fumanoang ho Esaia 48:17, 18. “’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang, ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona. Oho! hoja u ka lemoha litaelo tsa ka! Khotso ea hao e ka ’na ea phalla joale ka nōka; ho loka ha hao ho ka tlala joale ka maqhubu a leoatle.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]
Boikarabelo ba Batsoali
Haeba u motsoali, u na le boikarabelo ba Mangolo ba ho ruta bana ba hao ho tseba phapang pakeng tsa ’mino o lokileng le o mobe. Sena se bolela ho tloaelana le seo ba se mamelang. Ho bolela ho tiea tabeng ea ’mino oo u tla o lumella lapeng la hao le oo u ke keng oa u lumella.
Beha mabaka le bana ba hao. Qoba likhang tse ka fokolisang mabaka a hore ba kholoe seo u se buang. Lipolelo tse kang, “Ha ke utloisise hore na ke hobane’ng ha u mamela litšila tseo,” li ka khannela bana ho tšoarella haholoanyane khethong ea bona. Ho hlahisa mokhoa oa bophelo o mobe oa libini ka ho tšoanang ho ka ’na ha se kholise, haholo-holo haeba mokhoa o joalo o sa bontšoe ’minong. Mohlankana e mong o ile a re: “Ha motho a ka re ’mino ’ohle oa rap o mobe, ka sebele ke nahana hore u mpa a hloka tsebo!”
Kahoo ithute ka ho lekaneng ka boitsebiso bona. Ithute hore pono ea Molimo ke efe litabeng tsena. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ka ho u lokisetsa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse hlalosang taba ena ka ho qaqileng. Tseba linnete. Etsa hore ho hlake hore taba ke litekanyetso tsa Bibele eseng ea ho kenya khetho ea hao ea botho baneng ba hao.—Ba-Efese 6:4.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Haeba Mokreste a mamela ’mino o hlephisang boitšoaro, na ka letsoalo le letle a ka eletsa ba bang khahlanong le oona?
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
U tla thaba ka ho fetisisa haeba u etsa khetho e thabisang Jehova