Bacha Baa Botsa . . .
Na ke Lokela ho ea Likonsareteng Tsa Rock?
Sehlopha sa ’mino se tsebahalang haholo se tla toropong ea motse oa heno. Litekete li rekisoa ka potlako, kahoo u lokela ho etsa qeto hona joale. Na u tla ba teng?
’MINO o hloekileng boemong bo loketseng e ka ba ntho e monate. Etsoe, Jehova Molimo o re bōpile re e-na le matla a ho thabela ’mino, ’me o amohela mefuta e mengata e sa tšoaneng ea ’mino.
Kajeno har’a bacha, ka tloaelo ’mino o ratoang haholo ke ’mino oa rock ka mofuta leha e le ofe mefuteng ea oona e mengata. Ba bangata ba o thabela ka ho fetisisa moo o bapaloang libini li le teng ka seqo. Leha ho le joalo, har’a lintho tse ling, litlaleho tsa pefo le boitšoaro bo sa laoleheng likonsareteng tsa rock li phahamisa lipotso tse tebileng bakeng sa bacha ba tšabang Molimo. Ke’ng se hlileng se etsahalang likonsareteng tsa rock? Na e ne e tla ba khopolo e ntle ho ea ho e ’ngoe?
Ho Khetha ’Mino
Taba ea pele, ha re hlahlobeng ’mino ka booona. ’Mino o ka bontša—le ho susumetsa—maikutlo a mangata a sa tšoaneng. Mehleng ea Bibele, hangata batho ba Molimo ba ne ba sebelisa ’mino ho bontša lerato la bona ho Molimo. (Pesaleme ea 149:3; 150:4) ’Mino o ne o boetse o sebelisoa ho bontša thabo, ho susumetseha maikutlo le ho sareloa. (Genese 31:27; Baahloli 11:34; 1 Samuele 18:6, 7; Mattheu 9:23, 24) Leha ho le joalo, ka bomalimabe hase kamehla ’mino e ’nileng ea e-ba o hloekileng esita le mehleng ea Bibele. ’Mino o tsoileng taolong, oa boitšoaro bo bobe e ka ’na eaba o ile oa phetha karolo e itseng ho susumetseng Baiseraele ba bang ho etsa sebe ha sechaba se ne se le liahelong Thabeng ea Sinai.—Exoda 32:1-6, 17, 18, 25.
Ho bua ’nete, boholo ba ’mino oa rock ka ho tšoanang bo phahamisa lintho tse mpe—boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, lithethefatsi, borabele, tšebelisano le meea. Sena ha se bolele hakaalo hore u tlameha ho tela ’mino, empa Bibele e bolella Bakreste hore ba ‘tsoele pele ho etsa bonnete ka se amohelehang ho Morena.’ (Ba-Efese 5:10, NW) Kahoo u tlameha hore u be ea khethang le ea nang le temohisiso mabapi le ’mino.a
Khetho ea hao ea ’mino e u ama joang? Na e u etsa hore u ikutloe u thabile, u na le khutso kapa khotso? Kapa e u etsa hore u ikutloe u halefile, u na le borabele kapa u tepeletse maikutlo? Monna e mong oa Mokreste Denmark o hopola mehla ea ha e sa le mothoholetsi oa ’mino oa rock o morethetho o boima, e leng mofuta oa ’mino oa rock. O re: “Ke ne ke o mamela ha ke ntse ke sebetsa. ’Me haeba ke ne ke etsa phoso, ke ne ke halefa hoo ke neng ke pshatlakanya ntho eo ke neng ke sebetsa ho eona ’me ke e lahlela koana ke halefile!” Mocha e mong oa lumela: “Ke ne ke mamela ’mino oa rap haholo le ’mino oa rock o morethetho o boima o neng o tlotlisa botona le botšehali le mokhoa oa bophelo oa lefatše. ’Mino ona o ile oa fepa kelello ea ka, ’me liphello e ile ea e-ba takatso e feteletseng ea lintho tsena tseo ba neng ba bina ka tsona.” Joale, haeba ’mino o rekotiloeng feela o ka ba le liphello tse joalo, ak’u nahane ka matla a pontšong eo ho eona libini li binang ka seqo!
Hape nahana: ’Mino oo o tla ba le molumo o mokae? Ke ’nete hore batho ba na le khetho e fapaneng tabeng ena. ’Me Bibele ha e qhelele thōko ’mino o nang le molumo o utloahalang hantle. Ha ho ne ho neheloa tempele ea Salomone, liletsi tsa terompeta feela li ne li le 120! (2 Likronike 5:12) E tlameha ebe seo se ile sa etsa molumo o moholo ka ho hlollang! Leha ho le joalo, ho na le phapang e khōlō pakeng tsa mohoo oa thoriso e eang ho Molimo le ’mino oa rock o thibang litsebe. Tabeng ea ’mino o thibang litsebe, hangata molumo o sebelisetsoa ho tsosa moea oa ho se tsotelle letho har’a letšoele. Empa Bibele e nyatsa “meketjana e lerata,” kapa “meketjana e hlaha.” (Ba-Galata 5:21; Byington) ’Me ho hlompha ’mele oa hao ho tla qhelela thōko taba ea ho mamela ’mino o lerata hoo u ka ipeang kotsing ea ho senya kutlo ea hao.—Ba-Roma 12:1.
Ntlha e ’ngoe e lokelang ho nahanoa e hlalosoa ho Jobo 12:11. Mono Bibele ea botsa: “Ha ke re, tsebe e ka ’na ea khetha lipolelo, joalo ka mahalapa ha a tseba ho khetha lijo na?” Tumellanong le sena, u lokela ho “khetha” mantsoe a pina! Mocha e mong oa Mokreste oa lumela: “Ke ile ka qala ho mamela mantsoe a lipina tse ling tseo ke neng ke li rata, ’me ho makaleng ha ka li ne li sa lokela hore Mokreste a ka li mamela. Ke ile ka fumana ho hlokahala hore ke lahle ’mino oo.” (1 Ba-Korinthe 14:20; Ba-Efese 5:3, 4) Hape, hlokomela hore libini tse ngata li sebelisa likonsarete bakeng sa ho buella lipina tsa tsona tse lokolotsoeng morao-rao—tseo e ka ’nang eaba li na le boitsebiso bo fapaneng hōle le ’mino oa tsona oa khajana, oo mohlomong o hlomphehang haholoanyane.
Ho phaella moo, u lokela ho etsa bonnete ba hore ’mino ha o na maikutlo a itseng a bodemona—e leng ntho e hlaheletseng ka ho khetheha mefuteng ea ’mino oa rock o morethetho o boima. Lihlopha tsa ’mino oa rock o morethetho o boima li tumme hampe ka ho ikhabisa le ho khabisa lialbamo tsa tsona ka matšoao a bodemona le lintho tsa bolumeli ba bosatane. (Jakobo 3:15) Ho ea konsareteng ea sehlopha se joalo ho hang ho ke ke ha khahlisa Molimo, ea re laelang hore re “hanele Diabolose”!—Jakobo 4:7.
Ho Tsoa Taolong
Ke’ng se ka ’nang sa etsahala konsareteng ka boeona? Ngoanana e mong ea lilemong tse ka tlaase ho 20 ea bitsoang Stacey o ile a tsamaea le metsoalle ea hae ho ea bona sehlopha sa ’mino seo ba neng ba nahana hore se bapala ’mino o batlang o le motle. Empa eitse bohareng ba konsarete, sebini se eteletseng sehlopha seo pele se ile sa etsa eka se buisana le meea ’me sa memela bamameli hore ba kopanele boitekong ba ho teana le lefatše la meea! Na e ne e mpa e le leqheka feela? Mohlomong. Empa kaha Bibele e nyatsa tšebelisano le moea ka sebōpeho leha e le sefe, Stacey le metsoalle ea hae ba ile ba ikutloa ba tlameha ho tsoa.—Levitike 19:31; Deuteronoma 18:10-13; Tšenolo 22:15.
Bacha ba bang ba Bakreste ba bile le liphihlelo tse tšoanang tse bohloko, hobane le hoja tšebelisano le meea e totobetseng e ka ’na ea batla e tšoha e etsahala likonsareteng tsa rock, boitšoaro bo tsoileng taolong bo tloaelehile. Konsareteng e ’ngoe sehlopha sa ’mino se ile sa thusa ho hlohlelletsa morusu o ileng oa qetella ka hore ho hlahe likotsi tse 60 le ho baka tšenyo e fetang R725 000! Konsareteng e ’ngoe hape, bacha ba bararo ba ile ba hatakeloa holimo ho fihlela ba e-shoa. Ke ’nete hore boholo ba likonsarete tsa rock ha bo felle ka morusu, likotsi kapa mafu. Empa ho na le tlhokahalo e totobetseng ea ho ba hlokolosi. Liproverbia 22:3 e re: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa; empa ea leebelo eena o ea pele, ’me o oela tsietsing.”
Kahoo haeba u nahana ka ho ea konsareteng, fumana boitsebiso bohle. Na sehlopha sa ’mino se na le botumo ba ho susumetsa boitšoaro bo tsoileng taolong? Sehlopha seo sa ’mino se hohela bashebelli ba mofuta ofe? (1 Ba-Korinthe 15:33) Tšebeliso ea tahi le lithethefatsi e etsoa ho isa bohōleng bofe? ’Me ho thoe’ng ka holo ea konsarete ka boeona? Na nakong e fetileng e kile ea ba le mathata a tšireletso? Litokisetso tsa ho lula e tla ba life? Ha e mong le e mong a itulela moo a ratang, monyetla oa hore e mong a ntšoe kotsi o eketseha haholo.
Tšebeliso ea lithethefatsi le tahi li jele setsi likonsareteng tsa rock. Mocha e mong oa Mokreste ea feletsoeng ke tšepo eo bocheng ba hae a ileng a ea konsareteng ea sehlopha sa ’mino oa classic rock o ile a re: “Batho ha ba tlele ’mino. Ba tletse ho tla tahoa.” O ile a etsa qeto ea hore ke la ho qetela a ea konsareteng. Ka ho tšoanang ngoanana e mong oa Mokreste ea lilemong tse ka tlaase ho 20 oa tlaleha: “Ke sa hopola ke ea konsareteng moo sehlopha sa ’mino se ‘tsoetseng pele’ se neng se bapala. Ho ne ho tšosa haholo! Batho ba ne ba tsuba matekoane. Puo ea teng e ne e le e tšabehang, ’me ba bangata moo ba ne ba shebahala joaloka barapeli ba Satane ka lebaka la tsela eo ba neng ba apere ka eona.” Esita le moo lithethefatsi li thibetsoeng ka thata-thata, ho tloaelehile hore ba bangata har’a bashebelli ba fihle ba se ntse ba tahiloe. Na ke ntho e ka etsahalang hore ho ea ketsahalong e joalo ho be tumellanong le taelo ea Bibele ea “ho tela ho se tšabe Molimo le litakatso tsa lefatše, re tle re phele nakong ea joale ka kelello”?—Tite 2:12.
Matla a Tikoloho
Leha ho le joalo, u ka ’na ua ikutloa hore ha ho hlokahale hore u tšoenyehe mabapi le kamoo ba u potolohileng ba itšoereng kateng hafeela u sa kopanele pefong ka bouena. Leha ho le joalo, tikoloho eo u leng ho eona ea u ama. Ho Ba-Efese 2:2, Bibele e bua ka “matla a sebaka, e leng moea o sebetsang joale baneng ba ho se lumele.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Hlokomela hore lefatše lena le na le “moea,” kapa boikutlo ba kelello bo laolang. O hohle, o atile joaloka moea ka booona. Empa hape hlokomela hore moea ona, kapa boikutlo, bo na le “matla”—matla a ho fetola menahano ea hao, maikutlo le boitšoaro—haeba u ipepesetsa ho oona! U ke ke ua phefumoloha moea ona o matla ebe ha u angoe ke letho.
Maemong a mangata likonsarete tsa rock ke libaka tseo ho tsona ho pepesetsoa moea oa lefatše ho leng boemong bo phahameng. Motho a ka hoheloa habonolo ke tikoloho e lerata e bang teng—kapa ke ho hoeletsa le ho tsoka matsoho ho batlang ho tšoana hantle le ho rapela libini. Thoriso e joalo e feteletseng e hlakola borapeli boo ka tšoanelo e leng ba Molimo. E tšoana le borapeli ba litšoantšo, ntho eo ka ho hlakileng e nyatsuoang ka Mangolong. (1 Ba-Korinthe 10:14; 1 Johanne 5:21) Na u batla ho ba kotsing ea hore u amehe ho bona?
Ke ntho e ke keng ea hanyetsoa ho bolela hore boholo ba likonsarete tsa rock bo ama likotsi tse pupetsang melemo leha e le efe eo motho a ka ’nang a e fumana ka ho ea ho tsona. Ka ho hlakileng, batsoali ba hao ke bona ba tla etsa qeto ea hore na ho ea konsareteng e itseng ho tla lumelloa kapa che. Empa haeba u na le bolokolohi ba ho iketsetsa qeto eo, khetha ka bohlale. Ho na le litsela tse ngata tseo motho a ka ithabisang ka tsona tse hloekileng ’me li sa ame likotsi tsa ho ea likonsareteng tsa rock.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa . . .” tse buang ka ’mino tse hlahang litokollong tsa February 8, March 8 le April 8, 1993 tsa Tsoha!
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Tahi, lithethefatsi le boitšoaro bo hlaha li tloaelehile likonsareteng tsa “rock”