Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 2/8 maq. 15-17
  • Ke Joang Nka Khaotsang ho Noa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Joang Nka Khaotsang ho Noa?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlōla ho Hana Hore Bothata bo Teng
  • Matlafatsa Boikemisetso ba ho Khaotsa
  • Fumana Thuso
  • Fumana Metsoalle e Mecha
  • U ka ho Lesa!
  • Joala U ka bo Laola Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Tataisoa ke Melao-motheo ea Molimo ka ho Noa Joala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Na Kannete ho Noa ho ka Nketsa Lekhoba la Tahi?
    Tsoha!—1993
  • Na Bakreste ba Lokela ho Noa Joala?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 2/8 maq. 15-17

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Joang Nka Khaotsang ho Noa?

“Ka linako tsohle ke ne ke ikutloa ke khathatsehile letsatsing le latelang, maikutlong le moeeng!”—Bob.

“Ke ne ke lula ke le bothateng lapeng, sekolong, le metsoalleng le mapoleseng!”—Jerome.

BOB le Jerome ka bobeli ba ne ba kotula litholoana tsa ho noa lino tse tahang khafetsa ho feta tekanyo. Ka bobeli e ile ea ba makhoba a tahi. ’Me le hoja Bob qetellong a ile a khona ho khaotsa ho noa ho hang, Jerome o ntse a leka ho hlōla bokhoba ba tahi.

Bokhoba ba tahi ke bothata bo ntseng bo hōla har’a batho ba bacha likarolong tse ngata tsa lefatše. Ba bang ba hakanya hore United States feela, bacha ba ka bang limillione tse hlano ba na le bothata bo tebileng ba ho noa. Leha ho le joalo, haeba u mocha oa Mokreste, ntle le pelaelo u qobile ho leka ho noa lino tse tahang, haholo-holo haeba ho noa ha bacha ba ka tlaase ho lilemo tse mashome a mabeli ho sa lumelloe ke molao sebakeng sa heno. Leha ho le joalo, boitsebiso bo latelang bo tla u thusa ho matlafatsa boikemisetso ba hao ba hore ho hang u se ke ua qala ho noa—bonyane ho fihlela u ba moholo ’me u khona ho sebetsana le hona hamolemo. Empa haeba u se u ntse u na le bothata ba lino tse tahang, re tšepa hore boitsebiso bona bo tla u thusa ho loantša bothata bona. Ho ka khoneha hore u hlōle bothata haeba u hlile u leka hape u na le thuso ea Jehova Molimo.

Ho Hlōla ho Hana Hore Bothata bo Teng

Bohato ba pele le bo boima ka ho fetisisa boo u lokelang ho bo nka ke ba ho hlōla ho hana hore bothata bo teng. Ka tloaelo makhoba a tahi a hana ho lumela hore a na le bothata bo itseng ba ho noa. Boipolelo bo fokolang ba lekhoba la tahi ke hore, ‘Ha e ntlhōle.’ Ka mohlala, ak’u nahane ka e mong ea lilemo li 15 ea ileng a re: “Ha ke na bothata ba ho noa. Ke inoella libotlolo tse tšeletseng feela tsa biri bosiu bo le bong.” Re hopotsoa ka tlhaloso ea Bibele ea monna ea ‘iqekang e le eena hore ho ke ke ha fihleloa bokhopo ba hae e leng ho hloea.’—Pesaleme ea 36:2.

E, ho hana hore bothata bo teng ho kotsi. Kahoo haeba u na le bothata ba ho noa, u tlameha ho lumela ’nete eo e bohloko e le uena.a U se ke ua iphapanyetsa metsoalle, banab’eno, kapa batsoali ba u bolellang hore u noa haholo. Hase lira tsa hao hobane ba u bolella ’nete. (Bapisa le Ba-Galata 4:16.) Bob (ea boletsoeng qalong) o ne a tloaetse ho noa haholo mafelo-beke a mang le a mang. Ha motsoalle a mo atamela ka hona, Bob o ile a qhela khopolo ea hore o na le bothata ba ho noa, ’me a khaotsa puisano. Empa tahi e ne e ama bophelo ba Bob joang? Bob oa ipolela: “Ha ke ne ke sa noe ke ne ke tšoha le ho khathatseha haholo ’me ha ke noele ke ne ke tsoa taolong. Lelapa la ka le ne le qhalane—joalokaha kamano ea ka le Molimo e ne e senyehile.”

Ka lekhetlo le leng, Bob o ile a qetella a khaolitse ho ikemela ’me a lumela ho motsoalle oa hae hore e hlile o lemaletse tahi. Ka mor’a ho heletsa lerako la ho hana, Bob o ile a khona ho qala ho lesa tloaelo eo.

Matlafatsa Boikemisetso ba ho Khaotsa

Moprofesa George Vaillant o ngola hore “bokhoba ba tahi . . . boa phekoleha, empa . . . ho tla hloka boikarabelo bo boholo ho ea nang le bothata.” Hoo ho akareletsa hore u ikemisetse ho khaotsa ho noa lino tse tahang. Ho haelloa ke boikemisetso ho ka bolela hore u tla phela—u be u shoe—u le lekhoba la tahi. Ke’ng se ka u thusang? Ho tsepamisa mohopolo tšenyong e bakoang ke bokhoba ba tahi ho tla u thusa ho ‘hloea bobe’ ’me ho ka matlafatsa boikemisetso ba hao ba ho khaotsa ho noa ho hang.—Pesaleme ea 97:10.

Ka mohlala, u ka ’na ua nahana haholo ka tšenyo e khōlo eo bokhoba ba tahi bo e bakang ’meleng, maikutlong, le boitšoarong. Bonneteng, ho ka bonahala eka mothangoana o thoba ka nakoana bohloko ba hao bo ka hare kapa maikutlo a hore ha u oa bohlokoa. Empa qetellong, ho itšetleha ka tahi ho mpa ho baka mathata a eketsehileng; setsoalle sea qhalana, ’me likamano tsa lelapa li ba tlas’a khatello. Ho feta moo, ka baka la hobane tahi e theola boitaolo ba hao, e ka “felisa kelello” habonolo ’me ea u lebisa boitšoarong bo bobe bo tebileng.—Hosea 4:11.

Hape, nahana ka seo tekanyo e ngata ea tahi e ka se etsang ’meleng oa hao, ka ho senya butle-butle litho tsa hao tsa bohlokoa. Kahoo Bibele e re ho noa haholo ho ka fella ka ‘bomalimabe, ho ikoahlaea, likomang, lillo, le maoma.’ (Liproverbia 23:29, 30, The New English Bible) Na khotsofalo leha e le efe ea nakoana e tšoanela phello ee?

Ho ka boela ha thusa ho ikhopotsa hore ha u hloke tahi hore u thabe. Leha e le hore u hloka boikutlo ba maiketsetso ba ho hlasimoloha le monyaka hore u be le boitlhompho, bophelo bo botle, metsoalle e tšepahalang, le lelapa le u ratang. Katleho likarolong tsena tsa bophelo e tlisoa ke ho sebelisa Lentsoe la Molimo. (Pesaleme ea 1:1-3) Lentsoe leo le boetse le u fa tšepo ea bokamoso bo khanyang haholoanyane—bophelo bo sa feleng ho se na bohloko ba maikutlo kapa ba ’mele! (Tšenolo 21:3, 4) Ho ba le tšepo e joalo ho boetse ho u fa lebaka le leng la ho se noe lino tse tahang.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 6:9, 10.

Fumana Thuso

Leha ho le joalo, hore feela u be le takatso ea ho lesa ho noa ha hoa lekana. U tla boela u hloke tšehetso le thuso ea ba bang. Morena Salomone o ile a re: “Ba babeli ba feta a le mong. Leha ba e-oa, e mong a ka tsosa molekane oa hae.” (Moeklesia 4:9, 10) Ho tšepa motho e mong hore a u thuse ka bothata ba hao ho ke ke ha ba bonolo. Empa lekhoba la tahi le ntseng le leka ho e lesa le bitsoang Katy le fana ka keletso ena: “Ithute ho tšepa batho, haholo-holo lelapa la heno.” E, mabakeng a mangata lelapa la heno le boemong bo molemo ka ho fetisisa ba ho u fa lerato le tšehetso tseo u li hlokang.

Ke ’nete, boemo ba lelapa la heno e ka ’na eaba ke bona bo ileng ba kenya letsoho hore u be u qetelle u noa. Empa haeba batsoali ba hao ba ne ba ka hlokomelisoa boemo ba hao, na ba ke ke ba bona tlhokahalo ea ho ntlafatsa lintho lapeng? Kahoo ke hobane’ng ha u sa leke ho atamela batsoali ba hao, u ba tsebise hore u na le bothata bo tebileng? Ho e-na le ho ba jarisa molato ’ohle, ba kōpe thuso le tšehetso. Ho phuthuloha le ho tšepahala ho batsoali ba hao ho tla thusa lelapa la heno ho ‘kopana hammoho’ joaloka ntlo ea Molimo. (Ba-Efese 4:16) Ka tsela ena kaofela ha lōna le ka qala ho sebetsa hammoho bakeng sa ho lesa tahi ka ho atlehileng.

Haeba tšehetso ea lelapa e sa fumanehe, ba bang ba ka thusa.b (Liproverbia 17:17) Bob o ile a etsoa motsoalle ke moholo e mong oa Mokreste ea neng a kopana le eena beke le beke ka nako ea likhoeli tse seng kae ho hlahloba tsoelo-pele ea hae. Bob o re: “Thahasello le tlhokomelo tsa hae li ile tsa mpha boitšepo boo ke neng ke bo hloka bakeng sa ho khaotsa tloaelo ea ka ea tšebeliso e mpe.”—Jakobo 5:13, 14.

Ka holimo ho tsohle, hlokomela hore u hloka thuso ea Jehova Molimo. Itšetlehe ka eena bakeng sa ho fumana matla. E, ka thuso ea Molimo “ba pelo li hlabehileng” ba ka ‘folisoa le ho tlamelloa maqeba a bona’ ke Jehova.—Pesaleme ea 147:3; bona le Pesaleme ea 145:14.

Fumana Metsoalle e Mecha

Tlhahlobo e ’ngoe New Zealand e ile ea tlaleha hore metsoalle ke tšusumetso e ka sehloohong ho bacha ba sebelisang tahi hampe. Kahoo u tla fumana ho le thata ho khaotsa ho noa haeba u ntse u kopana le ba noang. Ka lebaka leo Bibele ea eletsa: “U se ke ua tloaela manoa-joala.” (Liproverbia 23:20) Theha setsoalle se secha, se ahang. Joalokaha e le ’nete hore “litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle,” metsoalle e metle ke tšusumetso e molemo.—1 Ba-Korinthe 15:33.

Kim o ile a fumana hore ho fela ho joalo. Oa lumela: “Ho ne ho le thata, empa ke ne ke lokela ho fetola metsoalle ea ka . . . Ke ne ke sa batle ho ba moo tahi le lithethefatsi li leng teng.” Ke ’nete, ho ka bonahala ho le thata ho fumana metsoalle e sa noeng. Leha ho le joalo, u tla fumana bacha ba behang mohlala har’a Lipaki tsa Jehova ba sa noeng ho tlōla molao. Leha e le hore ba itšetlehile ka tahi e le mohloli oa boithabiso kapa ho baleha bothata bo itseng. Kahoo ba ka thusa—eseng ho sitisa—boiteko ba hao ba ‘ho hlobola motho oa khale le liketso tsa hae.’—Ba-Kolosse 3:9.

U ka ho Lesa!

Ho phela ntle ho tahi e tla ba ntoa e tsoelang pele. Ka linako tse ling ho se noe ho ka ba thata haholo. Ana o ile a lumela: “Ke ntse ke ba tlas’a tšusumetso [ea ho noa] ka matla, haholo-holo ha ke khathatsehile, ke ferekane, ke le tlas’a khatello ea maikutlo kapa ke utloile bohloko.” Kahoo hase ho sa tloaelehang hore lekhoba la tahi le lekang ho ho lesa le qale ho noa hape, e leng ho tla le bakela maikutlo a boima a molato. Haeba seo se ka etsahala, hopola hore “bohle re khopjoa nthong tse ngata.” (Jakobo 3:2) Hape, hopola hore Jehova ke Molimo ea mohau ea utloisisang mefokolo ea hao.—Pesaleme ea 103:14.

Leha ho le joalo, hlokomela hore u se ke ua sebelisa mosa oa Molimo hampe. Ithute phosong ea hao, ’me u ikemisetse haholoanyane ho feta pele hore u se ke ua boela ua noa hape. Ka ho bontša boikemisetso bo joalo, Bob o ile a khona ho khaotsa ho noa. Ho tloha nakong eo, o khonne ho thabela likamano tse tletseng khotso le lelapa la hae hape le Molimo. Bophelo ba hae bo thabileng hona joale bo akareletsa ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng. Le uena u tla ba le thabo le khotso ea kelello, haeba u hlōla ntoa khahlanong le tahi.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Na Kannete ho Noa ho ka Nketsa Lekhoba la Tahi?” (January 8, 1993, Tsoha!) se tla u thusa ho bona hore na u na le bothata tabeng ena.

b Ba bangata ba fumane molemo ho lingaka le baeletsi ba rupeletsoeng ho sebetsana le bokhoba ba tahi. Litsebi tse ling li lumela hore ho fihlela boitšoaro ba bokhoba bo ka khaotsoa, mosebetsi oa ho khaotsa likarolong tse ling ho hang u ke ke ua atleha. Ka lebaka lena le a mang, ba bang ba khothaletsa hore makhoba a tahi a kene mananeong a ho loantša liphello tsa tahi sepetlele kapa kliniking.

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Makhoba a tahi a macha a na le tloaelo ea ho hana ho lumela hore a na le bothata

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela