Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 1/8 maq. 25-29
  • Na Kannete ho Noa ho ka Nketsa Lekhoba la Tahi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Kannete ho Noa ho ka Nketsa Lekhoba la Tahi?
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tahi le Bokhoba ba Tahi
  • Lebaka le Etsang Hore ba Noe
  • Joala—Bo Kotsi Bakeng sa Bacha!
  • Ke Hobane’ng ha U Qala?
  • Na Bakreste ba Lokela ho Noa Joala?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Tataisoa ke Melao-motheo ea Molimo ka ho Noa Joala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • E-ba le Pono e Loketseng ka Tšebeliso ea Lino Tse Tahang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • U ka Etsa’ng Hore U Khaotse ho Noa Haholo?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 1/8 maq. 25-29

Na Kannete ho Noa ho ka Nketsa Lekhoba la Tahi?

HO QALILE ha Jerome a le lilemo li robong feela. Oa hlalosa: “Ke ile ka latsoa lino tse setseng moketeng o neng o tšoaretsoe lapeng, ke ile ka tahoa, ’me ka rata tsela eo ke neng ke ikutloa ka eona.” Ho reka, ho pata, le ho noa joala kapele ho ile ha fetoha tloaelo ho Jerome. Leha ho le joalo, oa lumela: “Ke ne ke sa tsebe hore ke na le bothata ho fihlela ha ke le lilemo li 17. Ha ba bang ba ne ba ja lijo tsa hoseng, ’na ke ne ke noa [kotara ea lithara] ea vodka!”

Tekanyo ea ho noa joala le ho bo sebelisa hampe e hōla ka tekanyo e tšosang har’a batho ba bacha lefatšeng lohle. United States feela, liithuti tse ka holimo ho limillione tse leshome—e leng halofo—ea liithuti tsa Amerika tse lilemo li 13 ho ea ho 18 bonyane li noele seno se tahang se le seng selemong se fetileng. Tse ka bang limillione tse robeli li noa beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ha e le hantle, ka selemo bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ba U.S. ba noa makoti-koti a libiri a ka holimo ho limillione tse sekete le libotlolo tse fetang limillione tse 300 tsa seno-mapholi se nang le veine ka selemo!

Bibele e re mabapi le seno se tahang: “E mong le e mong ea khelosoang ke bona [sona] ha a bohlale.” (Liproverbia 20:1, NW) Leha ho le joalo, bacha ba limillione, joaloka Jerome, ba khelosoa ke tahi. Likotsi tsa tšebeliso e mpe ea tahi ke life? U ka tseba joang haeba u fetoha lekhoba?

Tahi le Bokhoba ba Tahi

Ha bo bolokiloe joaloka veine e batang e ’mala o hlakileng kapa biri e nang le lekoeba, joala bo shebahala bo se na kotsi. Leha ho le joalo, tatso le ponahalo li ka thetsa. Tahi ke sethethefatsi—se matla.

Lingaka li re tahi e baka ho tepella maikutlo ho amang boko, e ama karolo e bohareng ea tsamaiso ea methapo. Ha motho e moholo a bo noa ka litekanyo tse itekanetseng, bo ka ba le phello e se nang kotsi, e thabisang. Pesaleme ea 104:15 e re, ‘Veine e thabisa pelo ea motho.’ Leha ho le joalo, joala bo bongata haholo bo baka botahoa—boemo boo ho bona matla a ho laola ’mele le monahano a fokotsehileng haholo. Joaloka Jerome, motho e ka ba lekhoba, a nka bohato bo kotsi bo tlohang ho batleng seno ho ea ho se hlokeng kapa ho se lakatseng. Ke hobane’ng ha see se etsahala? ’Mele o ka hlaolela mamello ea tahi haeba e sebelisoa ka ho tlōlisa. Joale ea sebelisang tahi o lokela ho noa haholo hore a utloe liphello tsa eona. Leha ho le joalo, le pele motho a ho hlokomela e se e le lekhoba. Hang ha motho e se e le lekhoba, bophelo ba hae bo fetoha habohloko. Bacha ba ka bang limillione tse hlano ba U.S. ba na le bothata ba ho noa.

Lebaka le Etsang Hore ba Noe

Ka bo-1930 mocha ea lilemo tse ka tlaase ho 20 ea itekanetseng oa U.S. o ile a latsoa joala ka lekhetlo la pele ha a le lilemo tse ka bang 18. Kajeno, o etsa joalo pele a ba lilemo li 13. Ba bang ba qala ba sa le banyenyane haholo. “Ke ne ke le lilemo li tšeletseng, . . . ’me ka noa biri e nyenyane khalaseng ea ntate moholo oa ka. . . . Ke ile ka ba le molika-likoane!” Kamoo ho hopolang Carlotta—lekhoba la tahi le hlaphoheloang. Ha u qala u sa le monyenyane haholo, monyetla oa ho ba lekhoba o moholo.

Ho hlakile hore lithaka hangata li na le khatello e khōlō tabeng ena. Empa ka linako tse ling batsoali le bona ba ka jarisoa molato. Ba bang ba noa ho tlōlisa ka bobona, ba sebelisa joala e le hore ba ka ikutloa hamolemo, kapa esita le ho ikhantša ka hore bona ha ba tahoe. Bukana e buang ka bokhoba ba tahi e re: “Bana bao e bang batho ba baholo ba noang ka tsela e nang le boikarabelo ho bonahala hore ba tsoa malapeng ao joala bo talingoang ka tsela e loketseng le ka tsela e sa susumetsoeng ke maikutlo . . . , moo ho noa ho nang le sebaka sa hona se loketseng.”a

Thelevishene ke tšusumetso e ’ngoe e matla ho bacha. Ka lilemo tse 18 mocha ea itekanetseng oa Amerika o bone litšoantšo tsa batho ba noang tse 75 000 thelevisheneng—tse 11 ka letsatsi. Liphatlalatso tsa thekiso tse masene, tse entsoeng ka hloko ho etsa hore ho noa ho bonahale e le monyako o isang boithabisong le leratong, li bontša limotlelara tse tsosang takatso ea botona le botšehali li noa li le meketeng e lerata. Lino tse tahang li kenngoa tatso ea litholoana le mabitso a tšoasang. Liphatlalatso tsa khoebo li phetha morero oa tsona. Mafelo-beke a mang le a mang, bacha ba U.S. ba 454 000 ba ea meketeng eo ho eona ho nooang ka ho tlōlisa, ’me sena se susumelelitse mookameli oa lingaka tse buoang oa United States ho bolela hore ba bangata ba bona “e se e le makhoba a tahi, ’me ba bang bohle e ka ’na eaba e se e tla ba ’ona.”

Leha ho le joalo, bacha ba bang ba susumeletsoa ho noa ke maikutlo a ka hare a ho ferekana. Kim o bolela se entseng hore a noe biri haholo: “Ke ne ke sebelisa [joala] ho fetola boikutlo ba ka ’me bo nketsa hore ke ikutloe hamolemonyana.” Haeba mocha a le lihlong kapa a se na boitlhompho, ho noa ho ka bonahala e le tharollo e hohelang. Leha ho le joalo ba bang ba noa ka morero oa hore ba se ke ba tobana le linnete tse itseng tse bohloko tsa bophelo, joaloka tlhekefetso ea batsoali kapa ho hlokomolohuoa. Ke hobane’ng ha Ana a ile a qala ho noa? “Ha ho mohla ke ileng ka fumana lerato leo ke neng ke le hloka.”

Ho sa tsotellehe hore na ke lebaka lefe le etsang hore mocha a qale ho noa, ka morao ho nako mocha a ka ho fumana ho le boima ka ho eketsehileng ho laola ho noa ha hae. Ka nako eo a ka iphumana a tobane le bokhoba ba tahi. Na u se u qalile ho noa? Joale araba lipotso tsa tlhahlobo sehloohong se reng “Haesale U Qala ho Noa.” U ka fumana hore likarabo li senola ho hongata.

Joala—Bo Kotsi Bakeng sa Bacha!

“Ba lulang nako e telele ba noa veine” ba lemosoa ke Bibele hore “qetellong . . . e ntša chefu joaloka marabe.” (Liproverbia 23:29-32, NW) Chefu e ntšoang ke noha e ka ntša motho kotsi kapa ea ’molaea butle-butle ka ho mo utloisa bohloko. (Bapisa le Liketso 28:3, 6.) Ka ho tšoanang, ho sebelisa joala hampe le ho noa bo bongata ka nako e telele ho ka u bolaea butle-butle. Ho ka senya kapa ha felisa litho tsa bohlokoa, tse joaloka sebete sa hao, manyeme, boko, le pelo. ’Mele e mecha e hōlang le likelello ka ho khethehileng li hlaseloa habonolo haholo ke tšenyo e joalo, eo ka linako tse ling e ke keng ea lokisoa.

Tšebeliso e mpe ea joala e ka senya maikutlo a hao haholo ho feta ’mele oa hao. Ka nakoana seno se ka hōlisa boikutlo ba hao ba ho itšepa. Empa ho itšepa hoo se u fang hona ke ho thetsang—’me phello ea sona ea fela. Nakong eo u sitisa khōlo ea hao ea maikutlo le ea kelello. Ho e-na le ho hlaphoheloa le ho tobana le boemo ba ’nete, u noa seno se seng. Ka mor’a ho hlaphoheloa ka likhoeli tse 11, Peter ea lilemo li 18 o re: “Ke lokela hore joale ke tobane le maikutlo a ka ’me ke fumane litsela tse ncha tsa ho sebetsana le maemo ao joala bo neng bo nthusa ho sebetsana le ’ona pele. Ke nahana hore maikutlong le litšebelisanong tsa ka le batho ba bang ke lilemo li ka bang leshome le metso e meraro.”

Hape ho na le likotsi tsa ho noa le ho khanna. Mafu a litseleng tse khōlō a amanang le tahi ke sesosa se seholo sa mafu a batho ba bacha United States. Ho noa ho amahanngoa le lipolao, ho ipolaea, le ho khangoa ke metsi—lisosa tse ling tsa mafu a bacha a mangata.

Ho phaella moo tšebeliso e mpe ea joala e ka ba le liphello tse senyang bophelong ba lelapa la hao, setsoalleng, mosebetsing oa sekolo, le bomoeeng. Bibele e ho beha ka tsela ena: “Mpontše motho ea noang haholo, . . . ’me ke tla u bontša motho ea ferekaneng le ea itšoabelang, eo ka mehla a bakang bothata ’me ka mehla a tletlebang. Mahlo a hae a mafubelu, ’me maoma a hae a ka be a ile a qojoa. . . . U tla ikutloa joalokaha eka u leoatleng, o tšoeroe ke boloetse ba leoatle, o robetse ntlheng ea sekepe se tsokotsehang.” (Liproverbia 23:29-34, Today’s English Version) Lena ke lehlakore la ho noa leo ho seng mohla le bontšoang ke liphatlalatso tsa khoebo tse khahlisang tsa thelevishene.

Ke Hobane’ng ha U Qala?

Ka hona linaha tse ngata li thibela bacha ho noa joala. Haeba u Mokreste, u na le lebaka le tlamang la ho mamela melao eo, joalokaha Molimo a u laela hore u “ikokobetse ka tlas’a borena.” (Ba-Roma 13:1, 2) Esita le haeba taba ea hore bacha ba sebelise tahi e lumeletsoe ka molao ho latela moetlo oa sebaka seo, na ruri ho tla u tsoela molemo ho qala ho noa nakong ena ea bophelo ba hao? Joalokaha 1 Ba-Korinthe 6:12 e bolela, “tsohle li lumelehile, empa hase tsohle tse nang le molemo.” Na kannete u ikemiselitse ho jara boikarabelo ba lino tse tahang?

Ke ’nete hore ha lithaka li u fa veine e batang e ’mala o motle, e ka ba ho lekang ho utloa kamoo e latsoehang ka teng. Leha ho le joalo, elelloa hore u fuoa ntho e ka fetohang sethethefatsi seo u ka se lemallang. Linakong tsa Bibele bacha ba bomolimo, ba kang Daniele, Shadrake, Mishake, le Abede-Nego, ba bile le sebete sa ho tobana le balaoli ba Babylona ’me ba hana lijo tse silafatsang le veine eo ba neng ba e fuoe ke morena oa mohetene oa Babylona. Le uena ka ho tšoanang u ka ba le sebete sa ho hana!—Daniele 1:3-17.

Ka morao ho nako u tla ba ea hōlileng ka ho lekaneng—molaong, kelellong, maikutlong, le ’meleng—hore u ka noa joala haeba eo e le khetho ea hao. Leha ho le joalo, u tla ba bohlale ha u lekanyetsa ’me u qoba ho ba lekhoba la tahi. Bacha ba bangata e se e le makhoba a tahi, ’me sehlooho sa nako e tlang se tla hlalosa seo ba ka se etsang e le hore ba ka hlaphoheloa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Meetlo e meng ka ho tloaelehileng e lumella bacha ho noa lino tse tahang ha ba e-ja. Esita leha ho le joalo, ke ho bohlale hore batsoali ba nahane ka ho teba hore na ke’ng se molemohali bakeng sa bana ba bona ’me ba se lumelle moetlo o tloaelehileng ho tataisa liqeto tsa bona tsohle.

[Lebokose le leqepheng la 26]

HAESALE U QALA HO NOA:

◻ Na u na le metsoalle e fapaneng kapa e seng mekae?

◻ Na bophelo lapeng bo thatafala haholoanyane?

◻ Na u fumana ho le thata ho robala, kapa u ikutloa u le tlas’a khatello kapa u tšoenyehile?

◻ Na u hloka seno ho ikutloa u lokolohile har’a ba bang?

◻ Na ka mor’a ho noa u ikutloa u sa thaba kapa u itšoabela?

◻ Na u bua leshano mabapi le ’nete ea hore ua noa kapa ua pata?

◻ Na u hlajoa ke lihlong kapa ua halefa ha motho e mong a u hlalosetsa mekhoa ea hao ea ho noa?

◻ Na motho e mong o kile a u eletsa kapa a soasoa ka tšebeliso ea hao ea joala?

◻ Na u lumela hore ho lokile hore u ka noa veine e batang le biri hobane e se joala bo bohale?

◻ Na ha u sa thahasella kapa u tlohetse mesebetsi ea boikhathollo le lipapali tseo u kileng ua li thabela?

Haeba u arabile lipotso tse peli tse ka holimo ka e, ho ka bontša hore u na le bothata bo tebileng ba ho noa. Haeba ho joalo, e tla ba ho bohlale ho batla thuso hang-hang.

Mohloli: THE REGENT HOSPITAL, New York, NY.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Makhoba a mangata a tahi a bile le mathata a ho noa a sa le manyenyane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela