Bacha Baa Botsa . . .
Na ke Reretsoe Esale Pele Hore ke Tšoane le Ngoan’eso?
“U TLIL’O qetella u tšoana le ngoan’eno! U hlokomele, kapa ho seng joalo u tla qetella u tšoana le eena!”
Haeba u na le ngoan’eno oa ngoanana kapa oa moshemane ea ileng a kheloha tseleng e loketseng—eo mohlomong a ileng a lelekoa heno, a kenngoa teronkong, kapa a lelekoa phuthehong ea Bokreste—mohlomong mantsoe ana a utloisang bohloko ha a macha litsebeng tsa hao. Batsoali, matichere, beng ka uena ba u nahanelang se molemo, ’me esita le lithaka tse ling tsa hao li ka a pheta khafetsa. Ka linako tse ling u ka ba le boikutlo ba hore metsoalle e meng ea u koekoetla.
Ho hlakile hore ho ba le moholoane ea hahamallang ho latela tsela e mpe ke phihlelo e mpe ka boeona. Ngoanana ea bitsoang Carol, eo abuti oa hae a ileng a khaoloa (a lelekoa) phuthehong ea Bokreste, oa hopola: “Ke ne ke le haufi-ufi le abuti oa ka ho feta batho ba bang bohle. Ha a tlohela ho ba Mokreste, ho ile ha nkama ka ho teba.”a Becky, ea neng a le lilemo li 15 ha ausi oa hae a khaoloa, ka ho tšoanang oa hopola: “Ke sa hopola letsatsi leo a ileng a mpolella hore u lelekiloe. Ke ile ka utloa bohloko haholo. Ka ikutloa ke ekiloe. A ka etsa sena joang ho rōna?”
Hape ho bohloko ha motho a ke ke a buisana le moholoane oa hae ka bolokolohi joalokaha a kile a etsa pele. Becky oa tletleba: “Re ne re le haufi-ufi. Ke ile ka hloloheloa ho bua le eena le ho etsa lintho le eena.” Ho phaella tahlehelong eo, ho na le masoabi a ho bona motho eo u neng u mo talima e le mohlala oa hao a hlōleha. Mocha ea bitsoang Marvin o re ka abuti oa hae: “Re ne re mo talima joaloka mohlala. Empa joale o ne a se a le sieo.”
Leha ho le joalo, karolo e bohloko ka ho fetisisa ea hona hohle e ka ’na ea ba tšabo e sallang ea hore u reretsoe esale pele hore u qetelle ka tsela e tšoanang.
Na u Latela le ho Etsisa Moeta-pele?
Patlisisong e ’ngoe, bacha ba etsang karolo ea 64,9 lekholong ba ile ba lumela hore ba susumetsoa haholo ke abuti kapa ausi oa bona. Ngoanana e mong o itse: “Abuti oa ka . . . o ne a na le tšusumetso e khōlō bophelong ba ka. Ka mehla o ne a mpontša thahasello e khethehileng. O ne a nkisa libakeng tse fapaneng hammoho le metsoalle ea hae, a nthuta ho ngola, ho tlama lieta, ’me ka mehla o ne a le teng haeba ke na le bothata bo bonyenyane.”—Adolescents and Youth, ea Dorothy Rogers.
Mongoli Joy P. Gage o bontšitse hore ha ngoan’abo motho ea hlomphuoang a fetoha lerabele, “bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ba ka nyahama maikutlo.” O pheta pale ea ngoanana ea bitsoang Linda ea neng a talimile abuti oa hae e le mohlala. Ha a tlohela mosali oa hae, ea e-ba ho “nyamela” ha motho eo Linda a neng a mo talimile e le mohlala. Joy Gage o re: “Abuti enoa oa hae eo a neng a ikutloa a tlamehile ho mo etsisa o ne a se a sa lokela ho etsisoa.” E le phello ea hona, “Linda o ile a halefa. A hlaseloa ke tšabo.” Linda a qala ho sebelisa joala.—When Parents Cry.
Ho sebetsa litaba ka tsela e joalo e feteletseng ho tloaelehile. Ha e le hantle, buka How to Survive Your Child’s Rebellious Teens, ea Myron Brenton, ea hlokomela hore “ho isa tekanyong e khōlō kapa e nyenyane, ka mehla bana ba bang ka lapeng ba angoa ke boitšoaro ba borabele ba ngoana e mong.” Brenton o hlalosa hore ka linako tse ling bacha ba setseng ka lapeng “ba ikutloa ba soketsoe. Ka ho tšoha baa ipotsa: ‘Na hona ho ka etsahala ho ’na? Na ke sa tla ke ke etse lintho ka tsela ee ea bohlanya? Na ke na le bohlanya bo joalo ka ho ’na?’”
Khetha Tsela e Fapaneng
Leha ho le joalo, na hona hohle ho bolela hore u reretsoe esale pele hore u latele mohlala o mobe oa ngoan’eno? Le hanyenyane. U na le matla a ho ikhethela tsela eo u tla e nka. (Bapisa le Joshua 24:15.) Bacha ba bangata ba tšabang Molimo mehleng ea Bibele ba ile ba etsa sona seo.
Ka mohlala, nahana ka Jakobo e mocha. Ngoan’abo oa lefahla Esau, e ne e le ea “etsang litaba tsa Molimo bosaoana.” (Ba-Heberu 12:16) Leha ho le joalo, Jakobo e ile ea ba monna ea se nang molato oa tumelo. (Genese 25:27; Ba-Heberu 11:21) Bara ba babeli ba banyenyane ba Aarone, Eleazare le Ithamare, ba ile ba tšepahala tšebeletsong ea Jehova ha baholoane ba bona, Nadabe le Abihu, ba ne ba bolaoa ke Jehova. Kamoo ho bonahalang ka teng bana bana ba baholo ba ile ba bolaoa bakeng sa ho tlōla melao e mabapi le tsela ea ho etsa mesebetsi ea bona ea boprista ha ba le tlas’a tšusumetso ea tahi. Empa Eleazare le Ithamare ha ba ka ba etsisa baholoane ba bona, ’me bobeli ba bona ba ile ba thabela litokelo tsa ho ba baprista ba Jehova Molimo.—Levitike 10:1-11.
Le uena u ka khetha tsela ea boitšoaro ba bomolimo ’me ua qoba ho itlisetsa masisa-pelo le ho a tlisetsa batsoali ba hao.
‘Baa Nkoekoetla’
Leha ho le joalo, Carol oa hlalosa: “E mong le e mong o letetse hore ke etse phoso. Batsoali ba bang ba nahana hore ke tla ba tšusumetso e mpe ho bana ba bona.” Mohlomong le uena u ikutloa ka tsela eo ka linako tse ling. Empa hoo hangata ho bonahalang e le ho beoa leihlo ka tsela e se nang mosa ke kameho e susumetsoang ke se molemo. Leha ho le joalo, ha batsoali ba bana ba bang ba bona hore u itšoara hantle ka mehla, hangata ho khathatseha ha bona ho tla fela.—Bapisa le 1 Petrose 2:12.
Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha kapele metsoalle e meng e iphapanya? Mohlomong hona ha ba ho etse hobane ba sa u tšepe, empa hobane ba mpa ba sa tsebe seo ba ka se buang. Mohlomong ba ikutloa ba sa lokoloha ho u atamela, ba elelloa hore uena le lelapa leno le utloile bohloko haholo; mohlomong ba tšaba hore ba tla bua ntho e fosahetseng. Ke hobane’ng ha u sa etse sohle se matleng a hao hore u hlōle tšitiso ena ka hore u qalise moqoqo? Leka ho ba le khutso le ho ba mosa haeba ba bang ba botsa lipotso tse amang maikutlo, joaloka, “Ho etsahetse’ng ka ngoan’eno?”
Rea lumela hore ba bang ba ka bonahala ba u koekoetla. ’Me ha batho ba u nka joalokaha eka u motho e mobe, sena se etsa hore u lakatse ho tsoela pele u etsa lintho tse mpe. Leha ho le joalo, ka mehla hopola mantsoe a Ba-Galata 6:9: “Re se ke ra khathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ea teng, ha re sa tepelle.”
Hangata, nako e qalang ea masoabi e feta kapele. Becky e mocha o re: “Ka mor’a nako batho ba ile ba qala ho ntšoara joalokaha ba ne ba etsa pele.” Oa eketsa: “’Nete ea hore metsoalle eohle ea ka ha ea ka ea nkoekoetla e ne e le thuso e khōlō. Ba ne ba ikemiselitse ho nthusa.” Bakreste-’moho le uena ba bangata ba tla ikemisetsa ho u thusa. Ba tla u thusa hore u ‘etsetse maoto a hao litsela tse lokileng.’—Ba-Heberu 12:13.
Buisana le ba Bang ka Taba Ena
Ke ’nete hore ka linako tse ling u ka ikutloa joaloka mohlankana ea bitsoang Fred eo ngoan’abo a ileng a khaoloa. O ile a ipolela: “Ke ne ke itšehla thajana. Empa ke ile ka lemoha hore ho ne ho sa nthuse kapa hona ho thusa batsoali ba ka ho boloka maikutlo a ka.” E, qoba ho ikarola, haholo-holo ho batsoali ba hao. (Liproverbia 18:1) Marvin o fana ka tataiso e molemo ha a re: “Buisana le motho e mong ka taba ena. U lokela ho etsa joalo!”
Ka mohlala, na ba bang ka phuthehong ba bonahala ba u koekoetla? Batsoali ba hao ba ka khona ho u thusa haeba u ba hlokomelisa bothata bona. Kapa mohlomong u ferekane hobane batsoali ba hao ba lebisa tlhokomelo ea bona eohle ho ngoana ea tsoileng tseleng ’me ba hlokomoloha litlhoko tsa hao. U se itšoare hampe ka morero oa ho hapa tlhokomelo ea bona. Ho e-na le hoo, e-ba le puisano e tšepahalang le bona, ’me u ba tsebise kamoo u ikutloang ka teng.
Fred o ne a atisa ho sebelisa monyetla oa thuto ea lelapa ea Bibele hamolemo bakeng sa ho etsa sena. “Haeba ke na le bothata, ke ne ke sebelisa monyetla oo ho bua ka taba eo le Ntate le ’Mè.” Ka lipuisano tse joalo u ka thusoa ho utloisisa kamoo boemo bona bo utloisitseng batsoali ba hao bohloko ka teng. Ka nako e tšoanang, ba tla utloisisa maikutlo a hao hamolemonyana ’me mohlomong ba tla lokisetsa ho u fa tlhokomelo e eketsehileng ea botho.
Ho hlakile hore hase bacha bohle ba nang le batsoali ba tšabang Molimo. Haeba boemo bo le joalo, leka ho buisana le Mokreste ea hōlileng ka litaba tsena. (Liproverbia 17:17) Hape hoa thusa ho ipoloka u phathahane mesebetsing ea moea. Marvin o re: “U lokela ho bontša hore ka sebele ha u batle ho qetella u le mobe. Ha u ipoloka u le mafolo-folo ’me u bontša hore ka sebele u batla ’nete, baena ba hao ba Bakreste ba tla ikemisetsa ho u tšehetsa.”
Ho sa tsotellehe se etsahalang, ka mehla u na le tšehetso ea Ntate oa hao oa leholimo. (Pesaleme ea 27:10) Pesaleme ea 62:8 e re: “Le tšollele lipelo tsa lōna pel’a oona.” E ka ba tšireletso ea sebele ho uena. Kannete o utloisisa seo u leng sona ka hare, esita leha ba bang ba sa u utloisise kapa ba u ahlōla hampe.—1 Samuele 16:7.
U ka ba ea Fapaneng
Maele a Bibele a re: “Motho ea seli o bona kotsi, a e balehe.” (Liproverbia 22:3, BPN) E, haeba u ka ba le takatso ea ho latela ngoan’eno, nahana ka litholoana tsa tsela ea hae e mpe. Becky o re: “Ho bona liphello tsa liketso tsa khaitseli ea ka ho ile ha nthusa hore ke qobe ho kena bothateng.”
Fred, Marvin, le Becky—ba qotsitsoeng sehloohong sena—ba ile ba fapana le banab’abo bona ba ileng ba latela tsela e mpe; bohle ba ile ba hahamalla mosebetsi o itseng tšebeletsong ea Bokreste. Ho thoe’ng ka uena? Ho ka etsahala hore ka mehla u rata ngoan’eno. Empa ha ho hlokahale hore u phele joaloka eena. U ka ikhethela seo u se batlang. U ka ba ea fapaneng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Ha ho hlokahale hore u kopanele le ngoan’eno borabeleng