Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 17
  • U ka Etsa’ng Hore U Khaotse ho Noa Haholo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Etsa’ng Hore U Khaotse ho Noa Haholo?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho noa joala hantle ke ho noa hakae?
  • U ka bona joang hore u se u noa haholo?
  • Lintho tse hlano tse tla u thusa ho khaotsa ho noa haholo
  • Na Bakreste ba Lokela ho Noa Joala?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Joala U ka bo Laola Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Tataisoa ke Melao-motheo ea Molimo ka ho Noa Joala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Tšebeliso e Mpe ea Joala le Bophelo bo Botle ba ’Mele
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 17
’Mè o shebile khalase e tšetseng joala boo a ntseng a bo noa ha a lutse a le mong ha hae.

U ka Etsa’ng Hore U Khaotse ho Noa Haholo?

Batho ba bang ba noa haholo ha ba jeoa ke bolutu, ba imetsoe kelellong, kapa hobane feela ho se na ntho e monate e ba tlosang bolutu. Na u se u noa ho feta kamoo u neng u tloaetse kateng? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng hore u se ke oa noa haholo kapa oa lemalla joala? Litlhahiso ke tsena tse molemo tse ka u thusang tabeng eo.

  • Ho noa joala hantle ke ho noa hakae?

  • U ka bona joang hore u se u noa haholo?

  • Lintho tse hlano tse tla u thusa ho khaotsa ho noa haholo

Ho noa joala hantle ke ho noa hakae?

Bibele e re: “U se ke ua ba har’a ba noang veine haholo.”​—Liproverbia 23:20.

Nahana ka taba ena: Bibele ha e re ho phoso ho noa joala hantle. (Moeklesia 9:7) Empa ea bontša hore ho na le phapang pakeng tsa ho noa hantle, ho noa haholo le ho tahoa. (Luka 21:​34; Baefese 5:​18; Tite 2:3) Le haeba u sa tahoe ha u noele haholo, ho noa haholo ho ka etsa hore u etse liqeto tse fosahetseng, u kule kapa u se ke oa isana hantle le batho ba bang.​—Liproverbia 23:​29, 30.

Linaheng tse ngata, ba boholong pusong ba elelloa phapang e teng pakeng tsa ho noa hantle le ho noa haholo. Baa metha hore na motho o noa hantle kapa o noa haholo ka ho sheba hore na ka tloaelo motho a ka noa joala bo bokae ka letsatsi le hore na motho o qeta matsatsi a makae beke le beke a noa.a Empa joala ha bo tšoare batho kaofela ka tšela e tšoanang, ebile ka linako tse ling ho molemo hore motho a se ke a noa ho hang. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o re:

“Le botlolo e le ’ngoe kapa tse peli tsa joala li ka ba ngata haholo maemong a kang ana:

  • Ha u khanna kapa u sebelisa mechine.

  • Ha u le moimana kapa u nyantša.

  • Ha ho e-na le meriana e itseng eo u e sebelisang.

  • Ha u tšoeroe ke bokulo bo itseng.

  • Ha u sitoa ho laola hore na u noe hakae.”

U ka bona joang hore u se u noa haholo?

Bibele e re: “A re batlisiseng litsela tsa rōna ’me re li phenye.”—Lillo tsa Jeremia 3:40.

Nahana ka taba ena: Haeba u lula u itlhahloba hore na u noa joang ebile u etsa liphetoho ha ho hlokahala, u ka itšireletsa likotsing tse bakoang ke ho noa haholo. Itlhahlobe u sebelisa lintlha tse ka tlaase mona, li ka u thusa ho bona hore na u se u noa haholo.

  • U noa joala hore u thabe. U utloa eka u hloka ho noa ha u batla ho ikhatholla kapa ho ithabisa le batho ba bang. U noa joala ha u e-na le mathata.

  • U noa haholo ho feta kamoo u neng u tloaetse. U noa hangata le ho feta. U se u noa joala bo bohale haholo, ebile u hloka ho bo noa bo le bongata hore u ikutloe ka mokhoa oo u tloaetseng ho ikutloa kateng ha u qeta ho noa.

  • Tsela eo u noang ka eona e u baketse mathata hae kapa mosebetsing. Mohlala, u reka joala bo bongata ho feta boo u ka bo khonang.

  • U etsa liqeto tse fosahetseng ha u se u noele, tse kang ho batla ho khanna, ho sesa kapa ho sebelisa mechine.

  • Batho ba bang ba re ba tšoenyehile ke tsela eo u noang ka eona. Ha ba u joetsa, oa ikemela. U leka ho patela batho ba bang hore oa noa, kapa u bua leshano ka hore na u noa joala bo bokae.

  • U utloa ho le thata ho tlohella ho noa haholo. Leha u se u re u lekile ho fokotsa joala boo u bo noang, u utloa ho hana.

Lintho tse hlano tse tla u thusa ho khaotsa ho noa haholo

1. Iketsetse moralo

Bibele e re: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.”​—Liproverbia 21:5.

K’halendara.

Leka ho etsa tjena: Khetha hore na u tla noa ka matsatsi afe bekeng. Ipehele moeli o hantle oa hore na u tla fella libotlolong tse kae matsatsing ao. Hape u khethe bonyane matsatsi a mabeli beke le beke ao ka ’ona u reng ha u na ho noa.

Mokhatlo o mong o thusang mafutsana o naheng ea United Kingdom o rutang batho ka joala o re: “Ho phomolela joala hangata ke tsela e ntle ea ho fokotsa menyetla ea ho bo lemalla.”

2. Kenya moralo oa hao tšebetsong.

Bibele e re: “Le phethe.”​—2 Bakorinthe 8:11.

Khalase e tšetseng joala e pel’a botlolo ea seno-mapholi.

Leka ho etsa tjena: Fumana hore na libotlolo tse itekanetseng tsa joala li kae ka boholo e le hore u khone ho bala le ho metha hantle hore na u noa joala bo bokae. Batla lino tse ling ntle le joala, tseo u li ratang ebile li le ntle bakeng sa bophelo bo botle, ebe u li beha haufinyane.

Mokhatlo oa U.S. National Institute on Alcohol Abuse and Alcoholism o re: “Liphetoho tse nyenyane tseo u li etsang li ka u fokoletsa menyetla ea ho hlaheloa ke mathata a bakoang ke joala.”

3. U se ke oa koenehela liqeto tsa hao.

Bibele e re: “E ea lōna e ke e bolele E, ’me Che ea lōna, Che.”​—Jakobo 5:12.

Motho o hana ho fuoa joala.

Leka ho etsa tjena: Itokisetse ho hana ka tsela e hlomphang empa u tiile haeba motho e mong a ka kena-kenana le meralo eo u iketselitseng eona ka hore a u fe joala.

Mokhatlo oa U.S. National Institute on Alcohol Abuse and Alcoholism o re: “Haeba u potlakela ho hana ha batho ba bang ba u fa joala, ho ke ke ha e-ba bonolo hore u utloe u batla ho bo nka.”

4. Lula u shebile melemo eo u tla e fumana.

Bibele e re: “Qetello ea taba hamorao e molemo ho feta tšimoloho ea eona.”​—Moeklesia 7:8.

Lethathamo.

Leka ho etsa tjena: Ngola lethathamo la mabaka ao ka ’ona u batlang ho khaotsa ho noa haholo. U ka kenyelletsa mabaka a kang ana: hore u robale hantle, u phele hantle, u baballe chelete le ho isana hantle le batho ba bang. Haeba u bolella batho ba bang liqeto tseo u li entseng, bua haholo ka melemo ea tsona ho feta mathata.

5. Kopa Molimo ho u thusa.

Bibele e re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”​—Bafilipi 4:13.

Motho oa rapela.

Leka ho etsa tjena: Haeba u tšoenngoa ke hore u noa haholo, rapela Molimo. Mo kope hore a u fe matla le bokhoni ba ho ithiba.b Hape u iphe nako ea ho bala Lentsoe la hae, Bibele e le hore u fumane likeletso tse ka u thusang. A ka u thusa hore u khaotse ho noa haholo.

a Mohlala, Lefapha la Bophelo le Litšebeletso Tsa Sechaba la United States le re motho o noa haholo haeba “a noa libotlolo tse ’nè kapa ho feta tsa joala ka letsatsi. Ho batho ba bo-’mè, ke libotlolo tse robeli kapa ho feta ka beke, le tse hlano kapa ho feta ka letsatsi. Ho batho ba bo-ntate, ke libotlolo tse 15 kapa ho feta ka beke.” Libotlolo tsa joala lia fapana ka boholo ho ea ka linaha. Kahoo u ikopanye le ba tsa bophelo bo botle ho fumana hore na sebakeng sa heno u lokela ho fella libotlolong tse kae tsa joala hore e tle ebe u noele hantle.

b Haeba u sitoa ho khaotsa ho noa haholo, u ka ’na oa lokela ho batla thuso ea litsebi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela