Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 10/8 maq. 4-9
  • Tšebeliso e Mpe ea Joala le Bophelo bo Botle ba ’Mele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšebeliso e Mpe ea Joala le Bophelo bo Botle ba ’Mele
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bo Kotsi Kelellong
  • Lefu la Sebete le Kankere
  • Masea a Tšeletsoeng Chefo
  • Ho Noa ho se Nang Kotsi
  • Kamoo U ka Buisanang le Bana ba Hao ka Joala Kateng
    Se ka Thusang Lelapa
  • U ka Etsa’ng Hore U Khaotse ho Noa Haholo?
    Lihlooho Tse Ling
  • E-ba le Pono e Loketseng ka Tšebeliso ea Lino Tse Tahang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Joala U ka bo Laola Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 10/8 maq. 4-9

Tšebeliso e Mpe ea Joala le Bophelo bo Botle ba ’Mele

“Santé!” “Salute!” “Za vashe zdorovye!” “Chuc suc khoe!” Ebang ke ka Sefora, Setaliana, Serussia, kapa ka Sevietnam, ho utluoa litumeliso tse tšoanang pele metsoalle e noa hammoho: “Bophelo bo botle!” Leha ho le joalo, ho makatsang ke hore batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba noa joala hore bo be bo ba bolaee.

TŠEBELISO e mpe ea joala ke bothata bo rarahaneng, bo akarelletsang ho noa ho kotsi, ho sebelisa joala hampe le ho bo lemalla. Ho noa ho kotsi, joalokaha ho hlalositsoe ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, ke “mokhoa oa ho noa joala ka tsela e ka bang le liphello tse kotsi” ’meleng, kelellong, kapa sechabeng. Ho akarelletsa ho noa ho tlōla meeli e behiloeng ke ba boholong ba tsa bophelo kapa e behiloeng ke molao. Ho bo sebelisa hampe, hoo hape ho bitsoang tšebeliso e mpe ea joala, ke ho noa hoo motho a seng a ntse a ipakela mathata a bophelo ’meleng kapa kelellong le hoja a e-s’o bo lemalle. Ho bo lemalla ho ’nile ha hlalosoa e le “ha motho a se a sitoa ho ithiba hore a se ke a noa.” Motho ea lemaletseng joala oa bo lakatsa, o tsoela pele ho bo noa ho sa tsotellehe mathata a bakoang ke joala, ’me ha bo le sieo o tšoaroa ke babalase.

Ho sa tsotellehe hore na u lilemo li kae, u motona ka u motšehali, kapa u oa morabe ofe, ha ua lokoloha likotsing tsa ho noa ho kotsi. Hantle-ntle joala bo etsa eng ’meleng? Likotsi tsa ho noa ho tlōla ke life bophelong? Hona ka kakaretso ho noa joala ho nkoang e le ho se nang kotsi ke ho joang?

Bo Kotsi Kelellong

Ethanol, motsoako oa lik’hemik’hale o teng linong tse ngata tse tahang, e kotsi methapong ea kelello—ke hore ke ntho e ka senyang tsamaiso ea methapo. Ha e le hantle, motho ea tahiloeng o tšoana le motho ea noeleng chefo ea mofuta o itseng. Ha e le ngata, ethanol e baka ho ea le mailiili nako e telele le lefu. Ka mohlala, har’a liithuti tsa Japane, tloaelo ea ikkinomi, kapa ea ho noa joala motjetje, e ea ba bolaea selemo le selemo. ’Mele o khona ho fetola ethanol ntho e se nang kotsi, empa hase ntho ea hang-hang. Haeba joala bo nooa ka potlako ho feta kamoo ’mele o ka bo amohelang kateng, ethanol e bokellana ’meleng ’me e qala ho kena-kenana le tšebetso ea boko ka tsela e totobetseng. Ka tsela efe?

Puo, pono, tšebelisano ea litho tsa ’mele, monahano le boitšoaro kaofela li amana le tšebetso e rarahaneng ea lik’hemik’hale methapong ea boko, kapa liseleng tsa bona tsa bohlokoahali. Boteng ba ethanol bo fetola tšebetso ena, bo sitisa tsamaiso e itseng e fetisetsang melaetsa bokong ho sebetsa hantle kapa bo etse hore e sebetse ka potlako e sa tloaelehang—e leng lik’hemik’hale tse fetisetsang melaetsa methapong ea boko ho tloha ho e meng. Kahoo boitsebiso bo bongata bokong boa fetoloa, bo sitise boko hore bo sebetse ka tsela e tloaelehileng. Ke ka lebaka leo motho ha a e-noa haholo a bang le leleme le rarahaneng, a bonelang lintho leroothong, a imeloang ke maoto ha a tsamaea le ho felloa ke boitšoaro le ho hloka botsitso—e leng matšoao ’ohle a tloaelehileng a botahoa.

Ha motho a noele joala nako e telele, ho sebetsa ha boko ba hae ho tloaela chefo ea ethanol ’me methapo ea boko e sebetsa ka tsela e tloaelehileng. Sena se etsa hore ’mele oa hae o tloaele joala, e leng ho bolelang hore joala bo se bo e-ba le phello e fokolang ho feta pejana. Temallo e ba teng ha boko bo se bo tloaelane le ho ba teng ha joala hoo bo ke keng ba sebetsa hantle ha joala bo le sieo. ’Mele o lakatsa joala hore o be le botsitso tšebetsong ea lik’hemik’hale ’meleng. Ha motho a sa noe joala, ho sebetsa ha boko ba hae ho hloka botsitso ka ho feletseng ’me o ba le matšoao a babalase, a kang ho ngongoreha, ho thothomela, kapa esita le ho ba le sethoathoa.

Ntle le ho fetola ho sebetsa ha boko, tšebeliso e mpe ea joala e ka etsa hore lisele li fokole ’me li shoe, e leng ho fetolang sebōpeho sa boko. Le hoja ho hlaphoheloa leha e se ka ho feletseng ho ka ba teng ka ho itima joala, e ’ngoe ea tšenyo ena e bonahala e ke ke ea hlola e lokisoa, e leng ho amang mohopolo le tšebetso ea ho lemoha lintho le ho feta. Ho senyeha ha boko ha ho bakoe feela ke ho noa joala nako e telele. Ho bonahala phuputso e bontša hore esita le ho sebelisa joala hampe ka nako e khutšoanyane ho ka ba kotsi.

Lefu la Sebete le Kankere

Sebete se etsa mosebetsi o babatsehang ka ho ntša lik’hemik’hale tse chesang lijo, se loantša tšoaetso, se laola phallo ea mali ’me se hleka maro le lintho tse chefo ’meleng ho kopanyelletsa le joala. Ho noa joala nako e telele ho senya sebete ka mekhahlelo e meraro. Mokhahlelong oa pele, ha ethanol e sileha e liehisa ho sileha ha mafura, ’me ho etsa hore a bokellane sebeteng. Sena se bitsoa sebete se mafura. Hamorao, ho ruruha ho sa foleng ha sebete, kapa hepatitis, ho ba teng. Le hoja joala bo ka baka lefu la ho ruruha ha sebete ka ho toba, bo boetse bo bonahala bo fokotsa ho itšireletsa ha ’mele livaeraseng tsa hepatitis B le hepatitis C.a Haeba ho sa laoloe, ho ruruha ho etsa hore lisele li phatlohe ’me li shoe. Ho mpefatsa boemo le ho feta, ho bonahala joala bo khoephetsa tsamaiso ea tlhaho e laoloang ke liphatsa tsa lefutso e etsang hore lisele ka botsona li itimetse.

Mokhahlelo oa ho qetela ke ho thatafala ha sebete. Boemo bo ntseng bo mpefala ba ho ruruha ha sebete le ho felisoa ha lisele, bo baka tšenyo e ke keng ea etsolloa. Hamorao, sebete se ba le maqhutsu ho e-na le ho lula eka ke seponche. Qetellong, moo ho nang le lebali la leqeba ho thibela mali ho phalla hantle, e leng ho etsang hore sebete se khaotse ho sebetsa ’me ho felle ka lefu.

Joala sebeteng bo na le phello e ’ngoe e liehang ho bonahala—sebete ha se khone ho itšireletsa ho loantšeng phello ea lintho tse bakang kankere. Ho phaella linthong tse kolekelang ho hlaheng ha kankere ea sebete, joala bo eketsa haholo kotsi ea kankere ea molomo, ea qoqotho, ea kolu le ea ’metso. Ho feta moo, joala bo etsa hore lintho tse bakang kankere tse teng koaeng, li phunyeletse lera la ka hanong, e leng ho eketsang kotsi ho batho ba tsubang. Basali ba noang letsatsi le leng le le leng ba kotsing e khōloanyane ea ho tšoaroa ke kankere ea matsoele. Ho latela phuputso e ’ngoe, kotsi eo ba noang joala hararo kapa ho feta ka letsatsi ba neng ba le ho eona ea ho tšoaroa ke kankere e ne e le liphesente tse 69 ho feta ea ba sa noeng.

Masea a Tšeletsoeng Chefo

Phello e bohloko ka ho khetheha ea ho sebelisa joala hampe ke eo masea a e-song ho tsoaloe a bang le eona. International Herald Tribune ea tlaleha: “Joala bo kotsi ho lesea le ntseng le hōla ka pōpelong ho feta ho sebelisoa ha sethethefatsi sefe kapa sefe se seng.” Ha mosali oa moimana a e-noa, ngoana oa hae ea ntseng a hōla le eena oa noa, ’me phello e chefo ea joala e kotsi ka ho fetisisa boemong bona ba ha lesea le ntse le bōptjoa ka pōpelong. Joala bo baka tšenyo e ke keng ea lokisoa setsing sa tsamaiso ea lona ea methapo. Methapo ea boko ha e bōpehe hantle. Lisele lia bolaoa. Lisele tse ling li qetella li le libakeng tse fosahetseng.

Phello e ba lesea le nang le matšoao a hore le noa joala, e leng sesosa se ka sehloohong sa ho holofala kelellong ha bana ba e-song ho hlahe. Mathata a bana ba hlahileng ba e-na le matšoao a ho noa joala a akarelletsa ho holofala kelellong, mathata a puo le ho lieha ho hōla, ho itšoara ka mokhoa o sa tloaelehang, ho lieha ho hōla, ho ba mafolofolo ka tsela e sa tloaelehang, ho se utloe le ho se bone hantle. Bana ba bangata ba mofuta ona ba boetse ba hlaha ba holofetse lifahlehong.

Ho phaella moo, esita le bana bao bo-’m’a bona ba neng ba e-noa joala ka ho itekanela ha e le baimana ba ka holofala ka tsela e itseng, ho akarelletsang le ho ba le mathata a tsela eo ba itšoarang ka eona le ho ba le bothata ba ho ithuta. “Ha ho hlokahale hore u be lekhoba la tahi hore u be u ntše lesea la hao kotsi, u ka le ntša kotsi ka hore feela u noe joala ha u ntse u le moimana,” ho rialo Moprofesa Ann Streissguth, oa lefapha la joala le lithethefatsi leseeng le e-s’o tsoaloe Univesithing ea Washington. Tlaleho ea French National Institute of Health and Medical Research, Alcool—Effets sur la santé, e re: “Ho noa joala ho kotsi nakong eo kaofela ea ha motho e le moimana, ’me ha ho tekanyo e kileng ea fumanoa ea hore mosali ea immeng a ka e noa ho se kotsi e ka hlahang.” Ka lebaka leo, tsela e bohlale ka ho fetisisa eo basali ba immeng kapa ba rerang ho ima ba ka e nkang ke hore ba se ke ba noa joala leha e le bofe ho hang.b

Ho Noa ho se Nang Kotsi

Lethathamo la likotsi tsa bophelo bo botle tse boletsoeng ka holimo ha lea fella. Ka 2004 sehlooho se seng makasineng ea Nature se ile sa totobatsa hore “esita le joala bo bonyenyane bo eketsa menyetla ea ho tsoa kotsi le ho matlafatsa menyetla ea hore motho a tšoaroe ke mafu a ka bang 60.” Ha ho talingoa see, ho noa ho se nang kotsi ke hofe? Kajeno batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba thabela ho noa ka linako tse ling. Senotlolo sa bophelo bo botle ke ho noa ka teka-tekano. Empa ho noa ka teka-tekano hantle-ntle ke eng? Batho ba bangata ba tla nka hore tsela eo ba noang ka eona ke e itekanetseng, mohlomong ba beha mabaka a hore hafeela ba sa tahoe kapa e sa be makhoba a joala, ha ho na bothata. Leha ho le joalo, motho a le mong ho ba bane Europe o noa joala ka tsela eo ho nkoang ho le kotsi.

Mehloli e sa tšoaneng e hlalosa ho noa ka ho itekanela e le ho noa ligramo tse 20 tsa joala bo sa tsoakoang ka letsatsi, kapa likala tse peli bakeng sa banna, le ligramo tse 10 kapa sekala se le seng bakeng sa basali. Ba boholong lefapheng la bophelo Fora le Brithani ba buella “meeli e utloahalang” ea likala tse tharo ka letsatsi bakeng sa banna le tse peli bakeng sa basali. U.S. National Institute on Alcohol Abuse and Alcoholism e tsoela pele ho buella hore “batho ba lilemo li 65 le ho feta ba lokela ho fokotsa ho noa ha bona joala hore e be sekala se le seng ka letsatsi.”c Leha ho le joalo, kaofela re itšoara ka tsela e sa tšoaneng joaleng. Bathong ba bang, esita le tekanyo ena e tlaase e ka ’na eaba e phahame haholo. Ka mohlala, 10th Special Report to the U.S. Congress on Alcohol and Health e hlokometse hore “joala bo itekanetseng bo ka ba kotsi ho batho ba nang le bothata ba ho feto-fetoha maikutlong le ho tšoenyeha nako le nako.” Lilemo tsa motho, pale ea bokuli ba hae le sebōpeho sa ’mele ke lintlha tse lokelang ho nahaneloa.—Bona lebokose le reng “Ho Fokotsa Likotsi.”

Ke thuso efe e teng ho ba sebelisang joala hampe? Sehlooho se latelang se tla araba potso ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho latela phuputso e entsoeng Fora, kotsi ea ho ba le lefu la ho thatafala ha sebete e phahame ka makhetlo a imenneng habeli ho bakuli ba tšoaelitsoeng ke vaerase ea hepatitis C (HCV) ba noang haholo ho feta bakuli ba nang le HCV, ba noang ka ho itekanela. Ho buelloa hore batho ba nang le HCV ba noe hanyenyane haholo kapa ba se ke ba noa joala ho hang.

b Basali ba anyesang ba lokela ho hlokomela hore ka mor’a hore ba noe, tahi e bokellana lebeseng. Ha e le hantle, tahi e ba matla lebeseng ho feta maling, kaha ho na le metsi a mangata lebeseng ho monya joala ho feta maling.

c Kaha ho bitsoang “sekala” ho fapana ho ea ka libaka, hore na ke joala bo bokae ka khalaseng ho tla itšetleha ka hore na sebakeng ka seng ho tšeloa bo bokae ’me ho lokela ho nahaneloa pele motho a noa.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 5]

NA U KA TŠOARA E LE ’NGOE PELE U TSAMAEA?

Ke khale lithibelo tsa ho khanna motho a le tlas’a tšusumetso ea joala li le teng joalokaha e le khale le likoloi li le teng. Naha ea pele ea ho ba le molao o joalo ke Denmark ka 1903.

Ha u noella mpeng e se nang letho, joala bo maling bo mathela motho hloohong ka nako e ka etsang halofo ea hora bo noeloe. Ho fapana le maikutlo a tloaelehileng, ho noa kofi, ho phefumoloha moea o hloekileng le ho ikoetlisa ho ke ke ha u thusa hore u hlaphoheloe. Ntho feela e tlang ho fokotsa matla a joala ’meleng oa hao ke ho feta ha nako. Hape, u se ke ua lebala hore ebang u noa khalase ea veine, ea biri kapa ea joala bo thata, tahi ea bona ea tšoana.d

Esita le joala bo bonyenyane feela bo ka sitisa matla a hao a ho khanna. Joala bo ama pono ea hao ea mahlo. Matšoao a tsela a bonahala a le manyenyane. Matla a ho bona ka mahlakoreng le hoja motho a shebile pele hammoho le matla a ho lekanyetsa sebaka le ho tsepamisa mohopolo linthong tse hōle aa fokotseha. Matla a boko a ho fetisa boitsebiso, matla a ho arabela linthong le a ho sebelisana ha litho tsa ’mele aa khineha.

Haeba u hlaheloa ke kotsi ka mor’a hore u noe joala, ho ka etsahala hore likotsi tsa hao li be mpe haholo ho feta ha u ne u hlaphohetsoe. Ho feta moo, menyetla ea hore u pholohe ho buuoa leha e le hofe ha tšohanyetso ea fokotseha ka lebaka la phello ea joala pelong le potolohong ea mali. Tlaleho ea French National Institute of Health and Medical Research e re: “Kahoo, ho fapana le maikutlo a atileng a batho ba bangata, boholo ba mafu a amanang le joala ke a bakhanni ba tahiloeng ka bobona.” Ka lebaka la likotsi tsena, tlaleho eo e fana ka litlhahiso tse latelang:

◼ Se ke ua noa eaba ua khanna.

◼ Se ke ua kena koloing ea mokhanni ea neng a ntse a e-noa.

◼ Se ke ua lumella metsoalle kapa batsoali hore ba khanne ba le tlas’a tšusumetso ea joala.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

d Ho bontšoa hore ka kakaretso, hora e ’ngoe le e ’ngoe joala bo ka etsang ligramo tse supileng boa tsoa maling. Sekala sa joala se fapana ho ea ka linaha. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o hlalosa sekala se tloaelehileng e le se nang le ligramo tse 10 tsa joala bo sa tsoakoang. Sena e ka ba limililithara tse 250 tsa biri, tse 100 tsa veine, kapa tse 30 tsa joala bo thata.

[Litšoantšo]

Ka kakaretso likala tsena li na le tekanyo e tšoanang ea tahi

Botlolo ea biri e tloaelehileng (330 ml e nang le tahi ea 5%)

Thoto e le ’ngoe ea joala bo thata (whiskey, gin, vodka) (40 ml e nang le tahi ea 40%)

Khalase ea veine (140 ml e nang le tahi ea 12%)

Khalasenyana ea seno se tahang se natefisitsoeng sa ka mor’a lijo (70 ml e nang le tahi ea 25%)

[Lebokose le leqepheng la 6]

HO LEMALLA JOALA—NA HO LIPHATSENG TSA LEFUTSO?

Boitekong ba ho phekola bokhoba ba tahi, bo-rasaense ba ’nile ba loanela ho utloisisa karolo e phethoang ke liphatsa tsa lefutso qalong ea tsona le ha li ntse li hōla. Ho tloha ka nako eo bo-rasaense ba sibolotse liphatsa tse ’maloa tseo ho bonahalang li susumetsa tsela eo motho a itšoarang ka eona ha a noele. Leha ho le joalo, lintlha tse amanang le liphatsa tsa lefutso hase tsona feela lintho tse amehang bokhobeng ba tahi. Esita le haeba batho ba bang ba na le tšekamelo e itseng ea lefutso, ho lemalla ntho ke ntho e ka qojoang. Ho ameha maemo a potolohileng batho. Khōliso e fosahetseng ea bana, tšebeliso e mpe ea joala ka lapeng kapa ke lithaka, ho hohlana le ba bang, mathata a maikutlo, ho imeloa kelellong, ho ba mabifi, ho phehella menyaka, ho se angoe ke liphello tsa joala ho phahameng, kapa ho ba lekhoba la sethethefatsi se itseng kaofela li ’nile tsa boleloa e le tse ling tsa lisosa. Lintlha tsena le tse ling li bula menyetla ea ho lemalla joala.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

FORA:

Liphuputso li hakanya hore palo ea batho ba sebelisang joala hampe ke limilione tse ka bang tse hlano, palo eo ho eona ba pakeng tsa limilione tse peli le tse tharo e leng ba lemaletseng joala

NIGERIA:

Ho latela koranta ea Lagos Daily Champion, “Manigeria a fetang limilione tse 15 ke makhoba a tahi”—ke hore liphesente tse ka bang 12 tsa baahi ba moo

PORTUGAL:

Naha ena e na le palo e phahameng ka ho fetisisa lefatšeng ea batho ba noang joala bo sa tsoakoang. Liphesente tse 10 tsa baahi li na le “bokooa bo tebileng bo bakiloeng ke joala,” kamoo ho tlalehang koranta ea Lisbon Público

UNITED STATES:

Ho latela 10th Special Report to the U.S. Congress on Alcohol and Health, “Maamerika a ka bang limilione tse 14—e leng liphesente tse 7,4 tsa baahi—a oela har’a batho ba sebelisang joala hampe kapa bao e leng makhoba a tahi”

[Lebokose le leqepheng la 8]

HO IPHOKOLETSA LIKOTSI

Litlhaloso tse latelang tsa litekanyetso tsa ho iphokoletsa likotsi li ile tsa phatlalatsoa ke Lefapha la Bophelo bo Botle ba Kelello le ho Lemalla Lithethefatsi, la Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo. Ho iphokoletsa likotsi ha ho bolele hore likotsi ha li na ho hlaha. Batho ba itšoara ka litsela tse sa tšoaneng ha ba noele.

◼ U se ke ua noa ho feta likala tse tloaelehileng tse peli ka letsatsie

◼ U se ke ua noa bonyane matsatsi a mabeli ka beke

Maemong a latelang, esita le sekala se le seng kapa tse peli li ka ba kotsi haholo:

◼ Ha u khanna kapa u sebelisa mochine

◼ Ha u le moimana kapa u anyesa

◼ Ha u sebelisa meriana e itseng

◼ Ha u e-na le bokuli bo itseng

◼ Haeba u sitoa ho laola ho noa ha hao

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

e Sekala se le seng se tloaelehileng se lekana le ligramo tse 10 tsa joala khalaseng e le ’ngoe.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mohloli: Brief Intervention for Hazardous and Harmful Drinking

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

JOALA—NA BO MOLEMO BAKENG SA PELO?

Bo-rasaense ba nahana hore lik’hemik’hale tse fumanehang veineng e khubeli (polyphenols) li thibela ho ba teng ha k’hemik’hale e etsang hore methapo ea mali e sesefale.

Ho feta moo, ka kakaretso joala bo ’nile ba amahanngoa le ho ’nileng ha bitsoa k’holeseterole e ntle. Hape bo fokotsa ntho e ka etsang hore mali a hloebe.

Melemo leha e le efe e tsoang joaleng ho bonahala e fumaneha ha motho a noa hanyenyane ka linako tse sa tšoaneng bekeng, ho e-na le ho noa haholo ka bosiu bo le bong. Ho noa ho feta likala tse peli ka letsatsi ho amahanngoa le khatello ea mali, ’me ho noa haholo ho phahamisa monyetla oa ho otloa ke stroke ’me ho ka etsa hore pelo e ruruhe hammoho le ho etsa hore e otle ka tsela e sa tsitsang. Ho se noe ka boitekanelo ho baka likotsi tsena le likotsi tse ling bophelong, ho senya liphello leha e le life tse ntle tseo joala bo bang le tsona tsamaisong ea ho otla ha pelo. Ntho leha e le efe e molemo ha e feta tekano, e ka ba kotsi.

[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 7]

KAMOO JOALA BO KA U SENYANG KATENG

Bokong

lisele ha li sebetse hantle, mohopolo oa lahleha, kelello ea imeloa, boitšoaro e ba bo mabifi

Ho se bone hantle, ho se bue hantle, ho se sebelisane ha litho tsa ’mele

Kankere ea ’metso, ea molomo, ea matsoele, ea sebete

Pelo

ho fokola ha mesifa, pelo e ka ’na ea ema

Sebete

se ba mafura, ebe sea ruruha, se qetelle se le thata (ho thatafala ha sebete)

Likotsi tse ling

ho fokola ha tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung, liso tsa ka maleng, ho ruruha ha manyeme

Basali ba baimana

kotsi ea masea a holofetseng

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

“Joala bo kotsi ho lesea le ntseng le hōla ka pōpelong ho feta ho sebelisoa ha sethethefatsi sefe kapa sefe se seng”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela