Bacha Baa Botsa . . .
Na ho na le Kotsi Lipapaling Tsa ho Tšoantšisa Batho ba Bang?
“Ke monahano feela. Ka nako e ’ngoe u leselamose. Nakong e latelang u mohlabani. U ka ba motšoantšisi oa batho ba fapa-fapaneng bao u ka inahanelang bona. Ha ho na meeli.”—Christophe.
“E-BA sohle seo u ke keng ua khona ho ba sona.” Makasine e ’ngoe e ile ea qotsa lepetjo lena ha e hlalosa papali e ’ngoe ea tšoantšiso e tummeng e inahaneloang. Ho bacha ba bangata, ho balehela lefatšeng la lintho tse inahaneloang la lipapali tsa ho tšoantšisa batho ba bang ho hlile hoa ipiletsa. Leha ho le joalo, ha e le hantle lipapali tsa ho tšoantšisa batho ba bang ke eng?
Ho ea ka buka e bitsoang Jeux de rôle (Lipapali tsa ho Tšoantšisa Batho ba Bang), “motšoantšisi ka mong o tšoantšisa karolo kapa ketsahalo e itseng ea motho oa tšōmong ea leng thōmong e itseng kapa letšolong le itseng ’me o itokisetsa ho ipeha kotsing lefatšeng la lintho tse inahaneloang.” Sepheo sa papali ena ke ho hlaolela sebōpeho sa motho enoa ea inahaneloang ka ho fumana phihlelo, chelete, lihlomo, kapa matla a boselamose tse hlokahalang ho phetha thōmo eo.
Lipapali tsa ho tšoantšisa batho ba bang li ile tsa tuma ka bo-1970 ha ho ne ho bapaloa tšoantšiso ea Dungeons and Dragons.a Ho tloha nakong eo, li ile tsa fetoha khoebo e kenyang liranta tse limilione-milione, e akarelletsang lipapali tsa morabaraba, likarete tsa ho becha, libuka tsa litšoantšiso, lipapali tsa k’homphieutha, esita le lipapali tsa tšoantšiso tsa sethaleng tseo ho tsona batšoantšisi ba tšoantšisang maemo a kotsi. Kamoo ho bonahalang kateng, ho na le libapali tsa kamehla tse fetang limilione tse tšeletseng United States le tse likete tse makholo Europe. Likolong tse ngata tse phahameng Fora ho na le mekhatloana ea lipapali tsa ho tšoantšisa batho ba bang, athe Japane teng ke mofuta o tloaelehileng haholo oa lipapali tsa video.
Babuelli ba lipapali tsena ba bolela hore li susumetsa monahano, li fana ka malebela a ho rarolla mathata, hape li khothalletsa batho ho sebelisana ’moho. Leha ho le joalo, bahanyetsi ba tsona ba ’nile ba amahanya lipapali tsena le ho ipolaea, ho bolaea, ho beta, ho silafatsoa ha mabitla le borapeli ba Satane. Madrid, Spain, bacha ba babeli ba ile ba tšoaroa ka pelaello ea ho bolaea monna ea lilemo li 52 ha ba ntse ba tšoantšisa karolo e ’ngoe ea papali ea ho tšoantšisa batho ba bang. Japane, mocha e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o ile a bolaea batsoali ba hae ’me a itšeha manonyeletso a matsoho e le tlhōrō ea papali e tšoanang. Ke ’nete hore liketsahalo tsena ke tse ikhethang—libapali tse ngata li bohlale ebile li botsoalle. Leha ho le joalo, bacha ba Bakreste ba etsa hantle ho botsa, ‘Na lipapali tsa ho tšoantšisa batho ba bang li ntoketse? Na ho hlokahala hore motho a be hlokolosi?’
Pefo le Boloi
Lipapali tsa ho tšoantšisa batho ba bang lia fapa-fapana, ka tsela eo li tšoantšisang ka eona le ka seo li se tšoantšisang. Leha ho le joalo, bongata ba lipapali tsena bo bontša pefo, haeba e se karolo e khōlō ea tsona. Ha e le hantle, linthong tsohle tse inahaneloang tseo lipapali tsena li iqapelang tsona, hangata pefo e phetha karolo e khōlō bakeng sa ho tsoela pele—kapa ho pholoha. Joale, ke joang ho bapala lipapali tse joalo ho ka lumellanang le keletso ea Bibele? Liproverbia 3:31 e re: “U se ke ua honohela motho ea mabifi, le ka mohla u se ke ua etsa hore boitšoaro ba hao bo tšoane le ba hae.” (New Jerusalem Bible) Bibele e boetse e re khothalletsa ho ‘batla khotso le ho e phehella’—eseng pefo.—1 Petrose 3:11.
Ntho e ’ngoe e tšoenyang ke hore hangata boselamose bo hlahella pepenene lipapaling tsena. Hangata libapali e ka ba baloi kapa batho ba bang ba nang le matla a boselamose. Litšitiso kapa lira li hlōloa ka mekhoa ea boloi. Ho tlalehoa hore papali e ’ngoe e ratoang “e lumella libapali ho tšoantšisa Mangeloi kapa Bademona ba sebeletsang Mangeloi a Maholo kapa Likhosana tsa Bademona . . . Lintho tse hlomphollang Molimo li etsa hore e be e tšehisang.” Papali e ’ngoe ea k’homphieutha e bile e lumella sebapali ho ba matla ’ohle ka ho thaepa feela lentsoe “Satane.”
Bacha ba bang ba Bakreste ba behile lebaka la hore ha ho letho le phoso ka lipapali tsa ho tšoantšisa batho ba bang hafeela motho a sa qete nako e ngata haholo a li bapala. Mocha e mong o re: “E mpa e le papali feela.” Mohlomong ho joalo. Empa Molimo o ile a lemosa Baiseraele khahlanong le ho ameha boloing. Molao o neng o filoe Moshe o ne o bolela hore “leha e le mang ea sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele . . . ke ntho e manyala ho Jehova.”—Deuteronoma 18:10-12, NW.
Na joale ke bohlale ho bapala papali leha e le efe e khothalletsang boloi? Na ho bapala likarolo tsa ba nang le matla a boselamose ha ho tšoane le ho nyakurela “lintho tse tebileng tsa Satane”? (Tšenolo 2:24) Mocha e mong oa lumela: “Ka mor’a ho qeta letsatsi lohle ke bapala papali ea ho tšoantšisa motho e mong, ke ne ke tšaba ho tsoela ka ntle ho ntlo. Ke ne ke utloa eka motho e mong o tla ntlhasela.” Na ntho leha e le efe e tšosang joalo e ka ba molemo?
Lintlha Tse Ling
Bakorinthe ba Pele 7:29 e re: “Nako e setseng e fokotsehile.” Kahoo, ntho e ’ngoe e tšoenyang haholo ka lipapali tsena tsa ho tšoantšisa batho ba bang ke hore li nka nako. Lipapali tse ling li nka lihora, matsatsi, kapa esita le libeke ha motho a li bapala. Ho feta moo, ho tšoantšisa ho ka kena motho maling, esita le ho lemalloa, hoo lintho tse ling tsohle li ka nkang sebaka sa bobeli. Mocha e mong oa lumela: “Ha ke ne ke hlōla phephetso karolong ka ’ngoe, ke ne ke batla liphephetso tse batlang li le tomanyana ebile e le tsa ntho tse ka etsahalang. Ka sebele ke ne ke tšoasehile.” Temallo e joalo e ka ama mosebetsi oa mocha oa sekolo le mesebetsi ea hae ea moea joang?—Baefese 5:15-17.
Mocha e mong oa Japane oa hopola: “Ke ne ke lula ke nahana ka se latelang seo ke tlang ho se etsa papaling, esita leha ke ne ke sa bapale. Ha ke le sekolong le libokeng, sohle seo ke neng ke se nahana e ne e le papali eo. Ho ile ha isa bohōleng boo ho bona ke neng ke se ke sitoa ho nahana ka ntho leha e le efe e ’ngoe. Bomoea ba ka bo ne bo soahlamane.” Christophe, ea boletsoeng sethathong, o bolela hore o ne a le “hōle le lefatše la sebele.” Ke ’nete hore ho na le ‘nako ea ho tšeha le nako ea ho tlōla-tlōla,’ empa na boikhathollo bo lokela ho lumelloa ho pupetsa mesebetsi ea moea?—Moeklesia 3:4, NW.
Hape, nahana hore na ke moea oa mofuta ofe oo papali eo e o khothalletsang. Makasine e ’ngoe ea Fora e phoqa papali e ’ngoe ea ho tšoantšisa batho ba bang ka mantsoe a latelang: “U tla bona lintho tsa mefuta-futa tse bolileng, tse litšila le tse fosahetseng, tse hlophisitsoeng le tse reretsoeng ho etsa hore u utloe meriri ea hao e baleha le ho fetola pono ea hao ka lefatše ka ho sa feleng.” Na maikutlo a joalo a lumellana le keletso ea Bibele ea ho ba “bana ba banyenyane mabapi le bobe”? (1 Bakorinthe 14:20) Christophe o ile a qetella a entse qeto ea hore lipapali tseo a neng a li bapala li ne li “sa lumellane le litekanyetso tsa Bokreste tsa boitšoaro.” Oa phaella: “Ke ne ke sa bone kamoo nka bang le seabo boboleling, ka kopanela libokeng, ’me ka ithuta lintho tse molemo, tse kang lerato la Bokreste, ha ka nako e tšoanang ke ntse ke bapala litšoantšiso tse sa amaneng ka ho feletseng le Bokreste. E ne e le ntho e sa utloahaleng ho hang.”
Na Lia Thetsa Kapa ke Lintho Tsa Sebele?
Bacha ba bangata ba hoheloa ke lipapali tsena e le ha ba balehela lintho tsa sebele. Empa na ho molemo ho qoela lefatšeng la lintho tse inahaneloang? Setsebi sa kahisano sa Lefora, Laurent Trémel, sea hlalosa: “Liketsahalo tsa sebele lefatšeng, tse laoloang ke bokamoso bo sa tsitsang, . . . li fapane hōle le liketsahalo tsena tse ke keng tsa etsahala empa li bonahala eka ke tsa sebele, tseo u qetellang u nepa melao ea tsona le tseo ho tsona u ka fetolang motho ea itseng ho latela seo u leng sona kapa seo u ka ratang ho ba sona.” Setsebi sa mafu a kelello, Etty Buzyn, le sona se tsoela pele ho re: “Ha ba bapala, bacha ba nka hore ba phela bophelo bo kotsi, ba fetola lefatše, empa bonneteng ha ba khone ho sebetsana le boemo leha e le bofe bo hlileng bo leng kotsi. Ba baleha sechabeng le meeling ea sona.”
Qetellong, paleho e joalo e lebisa pherekanong feela, kaha linnete tsa bophelo li sala li ntse li larile ka pele ha papali e fela. Hamorao linnete tsena li tlameha ho tojoa. Ka sebele, ha ho katleho kapa ho ipeha kotsing ka ho tšoantšisa karolo leha e le efe e inahaneloang e tla ke e koale sekheo sa ho hlōleha kapa ho ba le bokhoni bo fokolang bophelong ba sebele. Ntho e bohlale e ka etsoang ke ho talimana le linnete tsa bophelo—ka ho toba! Leotsa matla a hao a temoho ka ho tobana le maemo a sebele bophelong. (Baheberu 5:14) Hlaolela litšoaneleho tsa moea tse tla u nolofalletsa ho sebetsana ka katleho le mathata a hao. (Bagalata 5:22, 23) Ho etsa joalo ke ho khotsofatsang le ho putsang haholo ho fapana le ho bapala papali leha e le efe.
Sena ha se bolele hore lipapali tsohle tse amanang le ho tšoantšisa batho ba bang li kotsi. Le morao koo mehleng ea Bibele, bana ba banyenyane ba ne ba bapala lipapali tse kenyelletsang tekanyo e itseng ea ho inahanela lintho le ho tšoantšisa batho ba bang, joalokaha Jesu ka boeena a ile a hlokomela. (Luka 7:32) ’Me Jesu ha aa ka a nyatsa boikhathollo bo se nang molato. Leha ho le joalo, bacha ba Bakreste, hammoho le batsoali ba bona, ba lokela ‘ho tsoela pele ba nepisisa hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.’ (Baefese 5:10) Ha u hlahloba papali, ipotse, ‘Na e bonahatsa “mesebetsi ea nama”? Na e tla sitisa kamano ea ka le Molimo?’ (Bagalata 5:19-21) Ka ho hlahloba lintlha tse joalo, u ka etsa qeto e bohlale mabapi le lipapali tsa ho tšoantšisa batho ba bang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea March 22, 1982, leqepheng la 26-7.
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Ke moea oa mofuta ofe oo lipapali tse ling tsa ho tšoantšisa batho ba bang li o khothalletsang?