Ho Reka Nako ea ho Bala le ho Ithuta
‘Le ithekele nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo.’—Baefese 5:16.
1.Ke hobane’ng ha ho le bohlale hore re aro-arole tšebeliso ea nako ea rōna, hona tsela eo re sebelisang nako ea rōna ka eona e ka senola eng ka rōna?
HO NA le polelo e reng “ho beha nako ke ho boloka nako.” Motho ea behang nako e tobileng bakeng sa lintho tseo ho hlokahalang hore a li etse hangata o tla rua molemo o moholoanyane nakong ea hae. Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola: “Ho na le hora e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho na le nako ea lintho tsohle tlas’a maholimo.” (Moeklesia 3:1, Moffatt) Kaofela re na le nako e lekanang; ho tsoa ho rōna hore na re e sebelisa joang. Tsela eo re lekanyetsang lintho tse tlang pele le ho arola nako ea rōna ka eona e senola haholoanyane hore na ke eng eo re nkang e le ea bohlokoahali ho rōna.—Matheu 6:21.
2. (a) Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a re’ng ka seo re se hlokang moeeng? (b) E ka ba hantle hore re itlhahlobe ka tsela efe?
2 Re tlamehile ho nka nako e itseng re e-ja le ho robala hobane ’mele o hloka lintho tsena. Empa ho thoe’ng ka seo re se hlokang moeeng? Rea tseba hore re tlameha ho se finyella le sona. Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o itse: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Ke ka lebaka leo “lekhoba le tšepahalang le le masene” kamehla le re hopotsang bohlokoa ba ho nka nako e itseng re bala le ho ithuta Bibele. (Matheu 24:45) U ka ’na ua hlokomela hore na sena se bohlokoa hakae, empa ua ba le maikutlo a hore ho hang ha u na nako ea ho ithuta kapa ho bala Bibele. Haeba ho joalo, a re hlahlobeng litsela le mekhoa ea hore bophelong ba rōna re bule menyetla e eketsehileng ea ho bala, ho ithuta le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo.
Ho Fumana Nako ea ho Bala le ho Ithuta Bibele
3, 4. (a) Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso efe mabapi le tšebeliso ea nako ea rōna, ’me see se akarelletsa eng? (b) Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a re eletsa hore re ‘ithekele nako e loketseng’?
3 Ka lebaka la nako eo re phelang ho eona, kaofela ha rōna ho hlokahala hore re ele hloko mantsoe a moapostola Pauluse a reng: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekela nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo. Ka lebaka lena khaotsang ho ba ba se nang kahlolo e molemo, empa le tsoele pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.” (Baefese 5:15-17) Ka sebele, keletso ena e akarelletsa litšobotsi tsohle tsa bophelo ba rōna re le Bakreste ba inehetseng, ho akarelletsa le ho fumana nako ea ho rapela, ho ithuta, ho ea libokeng le ho kopanela ka hohle kamoo re ka khonang boboleling ba “litaba . . . tse molemo tsa ’muso.”—Matheu 24:14; 28:19, 20.
4 Kajeno ho bonahala hore bahlanka ba Jehova ba bangata ba na le bothata ba hore bophelong ba bona ba kenyelletse ho bala Bibele le ho ithuta ka ho tebisa maikutlo. Ho totobetse hore re ke ke ra eketsa hora e ’ngoe letsatsing la rōna, ka hona, e tlameha ebe keletso ea Pauluse e bolela ntho e ’ngoe e fapaneng. Ka Segerike, poleloana ho “ithekela nako e loketseng” e bolela ho reka ntho e itseng hobane u lahleheloa ke e ’ngoe. W. E. Vine ho Expository Dictionary ea hae, o re e bolela “ho sebelisa monyetla o mong le o mong ka ho feletseng, ho etsa hore o mong le o mong o sebetse hamolemohali, hobane ha o fetile o fetile.” Nako e loketseng ea ho bala le ho ithuta Bibele re ka e reka ho eng?
Re Lokela ho Etelletsa Pele Lintho Tse Tlang Pele
5. Ke hobane’ng ha re lokela ho “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholoanyane,” hona re ka ho etsa joang?
5 Ho ekelletsa linthong tseo re tlamehang ho li etsa ho iphelisa, re na le lintho tsa ngata tsa moea tseo re lokelang ho li hlokomela. Re le bahlanka ba Jehova ba inehetseng, re na le “ho hongata hoo [re] ka ho etsang mosebetsing oa Morena.” (1 Bakorinthe 15:58) Ka lebaka lena, Pauluse o ile a laela Bakreste ba Filippi ho “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholoanyane.” (Bafilippi 1:10) Sena se bolela hore ho etelletsoe pele lintho tse tlang pele. Kamehla lintho tsa moea li lokela ho nkoa e le tsa bohlokoa ho feta tsa nama. (Matheu 6:31-33) Empa, ho boetse ho hlokahala teka-tekano e le hore re ka finyella seo re tlamehang ho se etsa moeeng. Re arola nako ea rōna joang bakeng sa litšobotsi tse sa tšoaneng tsa bophelo ba rōna ba Bokreste? Balebeli ba tsamaeang ba tlaleha hore har’a “lintho tsa bohlokoa haholoanyane” tseo Mokreste a lokelang ho li hlokomela, ho ithuta le ho bala Bibele ho bonahala e le lintho tse hlokomolohiloeng.
6. Ho reka nako e loketseng ho ka akarelletsa eng tabeng ea mosebetsi oa boipheliso kapa ea mosebetsi oa lelapa?
6 Joalokaha re se re bone, ho reka nako e loketseng ho akarelletsa “ho sebelisa monyetla o mong le o mong ka ho feletseng” le “ho etsa hore o mong le o mong o sebetse hamolemohali.” Ka hona, haeba mekhoa ea rōna ea ho bala le ho ithuta Bibele e se metle, ho ne ho tla ba molemo ho itlhahloba ho bona hore na re sebelisa nako ea rōna joang. Haeba mosebetsi oa rōna oa boipheliso o le boima, o nka nako ea rōna e ngata le matla, re lokela ho rapella sena ho Jehova. (Pesaleme ea 55:22) Re ka ’na ra khona ho etsa liphetoho tse ka etsang hore re salloe ke nako e eketsehileng bakeng sa lintho tsa bohlokoa tse amanang le borapeli ba Jehova, ho akarelletsa ho ithuta le ho bala Bibele. Ke ka nepo ho thoeng mosebetsi oa mosali ha o fele. Ka hona, baralib’abo rōna ba Bakreste le bona ba lokela ho etelletsa pele lintho tse tlang pele ’me ba behelle ka thōko linako tse tobileng tsa ho bala Bibele le ho ithuta ka hloko.
7, 8. (a) Hangata nako ea ho bala le ho ithuta e ka rekoa mesebetsing efe? (b) Morero oa ho ithabisa ke ofe, ’me ho hopola see ho ka re thusa joang ho etelletsa pele lintho tse tlang pele?
7 Bongata ba rōna re ka reka nako ea ho ithuta ka ho tlohela mesebetsi e sa hlokahaleng. Re ka ’na ra ipotsa, ‘Ke qeta nako e kae ke bala limakasine tsa lefatše kapa likoranta, ke shebeletse mananeo a thelevishene, ke mametse ’mino, kapa ke bapala lipapali tsa video? Na ke qeta nako e eketsehileng ke sebelisa k’homphieutha ho feta eo ke e qetang ke bala Bibele?’ Pauluse o re: “Khaotsang ho ba ba se nang kahlolo e molemo, empa le tsoele pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.” (Baefese 5:17) Ho sebelisa thelevishene ka ho hloka kahlolo e molemo ho bonahala e le lebaka le ka sehloohong la hore ebe Lipaki tse ngata ha li na nako e lekaneng ea ho ithuta le ho bala Bibele.—Pesaleme ea 101:3; 119:37, 47, 48.
8 Ba bang ba ka ’na ba bolela hore ba ke ke ba ithuta ka linako tsohle, ba re ho hlokahala hore ba ikhatholle ka nako e itseng. Le hoja sena e le ’nete, ho ka ’na ha e-ba molemo ho nahana ka nako eo re e nkang re ikhatholla ebe re e bapisa le nako eo re e nkang re hlile re ithuta kapa re bala Bibele. Phello e ka ’na ea e-ba e makatsang. Le hoja boithabiso le boikhathollo li hlokahala, li lokela ho behoa sebakeng sa tsona. Morero oa tsona ke ho re khatholla hore re be le matla a macha bakeng sa lintho tsa moea. Mananeo a mangata a thelevishene le lipapali tsa video li etsa hore motho a khathale, empa ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo hoa khatholla ebile hoa matlafatsa.—Pesaleme ea 19:7, 8.
Kamoo ba Bang ba Bulang Monyetla oa ho Ithuta Kateng
9. Melemo ea ho latela keletso e fanoeng bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—1999 ke efe?
9 Selelekela sa khatiso ea 1999 ea bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla se re: “Ho tla ba molemo haholo ho hlahloba temana ea letsatsi le litlhaloso tse tsoang bukaneng ena hoseng. U tla utloa eka Jehova, Morupeli e Moholo, o u tsosa ka litaelo tsa hae. Ha ho buuoa ka Jesu Kreste ka mokhoa oa boprofeta, ho boleloa hore o rua molemo litaelong tsa Jehova hoseng ho hong le ho hong: ‘Ke eena [Jehova] ea ntsosang ka meso eohle, ea bulang litsebe tsa ka, ke tle ke tsebe ho mamela ka mokhoa oa ba rutoang.’ Litaelo tse joalo li ile tsa neha Jesu ‘leleme la ba rutehileng’ e le hore a ka ‘tseba ho khothatsa ea khathetseng ka lentsoe.’ (Esa. 30:20, NW; 50:4; Mat. 11:28-30) Ho tsosoa hore u utloe keletso e nakong e tsoang Lentsoeng la Molimo hoseng ho hong le ho hong ho ke ke ha u thusa feela hore u hlōle mathata a hao empa hape ho tla u neha ‘leleme la ba rutehileng’ e le hore u thuse ba bang.”a
10. Ba bang ba bula monyetla oa ho bala le ho ithuta Bibele joang, hona melemo ke efe?
10 Bakreste ba bangata ba latela keletso ena ka ho bala temana ea letsatsi le tlhaloso ea eona le ka ho bala Bibele kapa ho ithuta esale hoseng-seng. Fora pula-maliboho e mong ea tšepahalang o tsoha esale hoseng kamehla ebe o nka metsotso e 30 a bala Bibele. Ke’ng se mo nolofalelitseng ho etsa see ka lilemo tsee tsohle? O re: “Ke khothetse haholo ebile ke khomarela kemiso ea ka ea ho bala ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe!” Ho sa tsotellehe hore na re khetha nako efe ea letsatsi, ntho ea bohlokoahali ke hore re khomarele kemiso ea rōna. René Mica, ea bileng tšebeletsong ea bopula-maliboho ka lilemo tse fetang 40 Europe le Afrika Leboea, o re: “Ho tloha ka 1950 ke ’nile ka ipehela pakane ea ho bala Bibele kaofela selemo le selemo, e leng ntho eo hona joale ke e entseng ka lilemo tse 49. Ke ikutloa hore sena ke sa bohlokoahali bakeng sa hore ke lule ke e-na le kamano e haufi le ’Mōpi oa ka. Ho thuisa ka Lentsoe la Molimo ho nthusa ho utloisisa toka ea Jehova le litšoaneleho tse ling tsa hae hamolemo ’me e ’nile ea e-ba mohloli oa matla a hlollang.”b
“Phepelo ea Lijo ka Nako e Tšoanetseng”
11, 12. (a) “Motsamaisi ea tšepahalang” o ’nile a lokisetsa ‘phepelo efe ea lijo’ tsa moea? (b) Ho ’nile ha lokisetsoa “phepelo ea lijo” joang ka nako e tšoanetseng?
11 Joalokaha ho ja kamehla ho phelisa motho hantle ’meleng, kemiso ea kamehla ea ho ithuta le ho bala Bibele e phelisa motho hantle moeeng. Kosepeleng ea Luka, re bala mantsoe ana a Jesu: “Ke mang eo ka sebele e leng motsamaisi ea tšepahalang, ea masene, eo mong’a hae a tla mo beha holim’a sehlopha sa hae sa bahlokomeli hore a ’ne a ba fe tekanyo ea bona ea phepelo ea lijo ka nako e tšoanetseng?” (Luka 12:42) Hona joale ka lilemo tse ka holimo ho 120, ho ’nile ha lokisetsoa “phepelo ea lijo [tsa moea] ka nako e tšoanetseng” ka Molula-Qhooa, hammoho le ka libuka tse ling le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng.
12 Hlokomela polelo ena “ka nako e tšoanetseng.” Ka motsotso o nepahetseng, ‘Morupeli oa rōna e Moholo,’ Jehova, ka Mora oa hae le sehlopha sa lekhoba, o ’nile a tataisa batho ba hae litabeng tsa thuto le tsa boitšoaro. Ho bile joalokaha eka re le sehlopha re utloile lentsoe le reng ho rōna: “‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona,’ esere la ea ka ho le letona kapa la ea ka ho le letšehali.” (Esaia 30:20, 21, NW) Ho feta moo, ha batho ba bala Bibele le lingoliloeng tsa Bibele ka hloko, hangata ba ba le maikutlo a hore mehopolo e hlalositsoeng ka har’a tsona e lebisitsoe ho bona ka ho toba. E, keletso ea bomolimo le tataiso li tla tla ka nako e re tšoanetseng, ’me li re nolofalletse ho hanela moleko kapa ho etsa qeto e bohlale.
Hlaolela Mekhoa e Metle ea ho Iphepa
13. Mekhoa e meng ea ho iphepa moeeng e seng metle ke efe?
13 Hore re rue molemo ka ho feletseng ‘phepelong e joalo ea lijo’ tse lokisetsoang ka nako e tšoanetseng, ho hlokahala hore re be le mekhoa e metle ea ho iphepa. Ho hlokahala hore re be le kemiso ea kamehla ea ho bala Bibele le ho ithuta ’me re e khomarele. Na u na le mekhoa e metle ea ho iphepa moeeng le linako tse tsitsitseng tsa ho ithuta u tebisitse maikutlo? Kapa u mpa u thalatsa mahlo feela boitsebisong boo re bo lokiselitsoeng ka hloko, ua phaka, kamoo ho ka boleloang kateng, kapa ha u bile ha u je ho hang ka linako tse ling tsa ho ja? Mekhoa ea ho iphepa moeeng e seng metle e entse hore ba bang ba fokole tumelong—ba be ba oe.—1 Timothea 1:19; 4:15, 16.
14. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho bala boitsebiso boo ho ka ’nang ha bonahala eka bo tloaelehile?
14 Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ba se ba ntse ba tseba lithuto tsa motheo le hore hase sehlooho se seng le se seng se nang le ntho e ncha ka ho feletseng. Ka lebaka leo, ha ho hlokahale hore ba ithute ka tsela e hlophisitsoeng le hore ba be teng libokeng kamehla. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ho hlokahala hore re hopotsoe lintho tseo re seng re ithutile tsona. (Pesaleme ea 119:95, 99; 2 Petrose 3:1; Jude 5) Hantle feela joalokaha seapehi se apehang hamonate se lokisa metsoako e le meng ea motheo ka litsela tse ngata tse monate, sehlopha sa lekhoba se lokisetsa lijo tsa moea tse matlafatsang ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng. Esita le lihlooho tse nang le litaba tseo pele ho ’nileng ha buuoa ka tsona hangata, ho na le lintlha tse molemo haholoanyane tseo re ke keng ra rata hore li re fose. Taba ke hore seo re se fumanang boitsebisong boo re bo balang se itšetlehile haholo ka hore na re nka nako e kae le hore re leka ka matla hakae ho bo bala.
Melemo ea Moea ea ho Bala le ho Ithuta
15. Ho bala le ho ithuta Bibele ho re thusa joang hore re be baboleli ba molemo ba Lentsoe la Molimo?
15 Ho na le melemo e mengata eo re e fumanang ka ho bala le ho ithuta Bibele. Re thusoa ho finyella boikarabelo bo bong ba rōna ba motheo ba Bokreste, e leng hore re ka ’na ra ba ‘basebetsi bao ho seng letho leo ba ka hlajoang ke lihlong ka lona, ba tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Timothea 2:15) Ha re ntse re bala le ho ithuta Bibele haholoanyane, likelello tsa rōna li tla tlala mehopolo ea Molimo haholoanyane. Joale, joaloka Pauluse, re tla khona ho ‘behela batho mabaka a tsoang Mangolong, re hlalosa le ho paka ka litšupiso’ ’nete e babatsehang ea merero ea Jehova. (Liketso 17:2, 3) Tsebo ea rōna ea ho ruta e tla ntlafala, ’me meqoqo ea rōna, lipuo le likeletso e tla ba tse hahang haholoanyane moeeng.—Liproverbia 1:5.
16. Re rua molemo ka litsela life ha re bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo?
16 Ho ekelletsa moo, ho sebelisa nako bakeng sa ho hlahloba Lentsoe la Molimo ho tla re nolofalletsa hore re lumellanye bophelo ba rōna le litsela tsa Jehova ka ho feletseng haholoanyane. (Pesaleme ea 25:4; 119:9, 10; Liproverbia 6:20-23) Ho tla matlafatsa litšoaneleho tsa rōna tsa moea, tse kang boikokobetso, botšepehi le thabo. (Deuteronoma 17:19, 20; Tšenolo 1:3) Ha re sebelisa tsebo eo re e fumanang ka ho bala le ho ithuta Bibele, moea oa Molimo o phalla ka bolokolohi bophelong ba rōna, e leng se fellang ka ho beha litholoana tsa moea ka bongata ho sohle seo re se etsang.—Bagalata 5:22, 23.
17. Taba ea hore na re bala le ho ithuta Bibele ho le hokae le hona e le hantle hakae e ama kamano ea rōna le Jehova joang?
17 Habohlokoa ka ho fetisisa, nako e rekoang mesebetsing e meng bakeng sa ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo e tla tlisa meputso e enneng mabapi le kamano ea rōna le Molimo. Pauluse o ile a rapela hore Bakreste ba habo ba ‘tlale tsebo e nepahetseng ea thato ea [Molimo] ka bohlale bohle le kutloisiso ea moea, e le hore ba tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore ba mo khahlise ka botlalo.’ (Bakolose 1:9, 10) Ka ho tšoanang, e le hore re “tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova,” re lokela ho “tlala tsebo e nepahetseng ea thato ea hae ka bohlale bohle le kutloisiso ea moea.” Ho hlakile hore ho hlohonolofatsoa le ho amoheloa ke Jehova ho itšetlehile haholo ka hore na re bala le ho ithuta Bibele ho le hokae le hona e le hantle hakae.
18. Re ka fumana litlhohonolofatso life haeba re latela mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Johanne 17:3?
18 “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Lena ke le leng la mangolo ao Lipaki tsa Jehova li a sebelisang haholo ho thusa ba bang ho utloisisa bohlokoa ba ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ka sebele ke habohlokoa ka ho tšoanang hore e mong le e mong oa rōna a ho etse. Tšepo ea rōna ea ho phela ka ho sa feleng e itšetlehile ka ho hōla ha rōna tsebong ea Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste. Ak’u nahane feela hore na seo se bolela’ng. Ha ho mohla re tla khaotsa ho ithuta ka ho eketsehileng ka Jehova—’me ho tla ba le nako e sa feleng ea ho ithuta ka eena!—Moeklesia 3:11; Baroma 11:33.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
b Bona sehlooho se reng “Nako eo ba e Balang ka Eona le Kamoo ba Ruang Molemo,” se tokollong ea Molula-Qhooa ea May 1, 1995, leqepheng la 20-1.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
• Tsela eo re sebelisang nako ea rōna ka eona e senola eng?
• Nako ea ho bala le ho ithuta Bibele e ka rekoa mesebetsing efe?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko mekhoa ea rōna ea ho iphepa moeeng?
• Ho bala le ho ithuta Mangolo ho fella ka melemo efe?
[Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]
Ho bala le ho ithuta Bibele kamehla ho tla re nolofalletsa ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo’
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Ho leka-lekanya mesebetsi e meng bophelong ba rōna bo maphathaphathe le mesebetsi ea moea ho fella ka meputso e enneng