Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 9/8 maq. 27-29
  • Nka Etsa Hore ’Malo oa Bibele e be o Thabisang Haholoanyane Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa Hore ’Malo oa Bibele e be o Thabisang Haholoanyane Joang?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Iphe Nako ea ho Bala Bibele
  • Rapella Bohlale
  • Etsa Hore ’Malo oa Hao oa Bibele e be o Phelang
  • Phehella!
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Bala Bibele—Ho Molemo Ebile ho Monate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • U ka Fumana Molemo Ofe ha U Bala Bibele?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ikitlaelletse ho Bala
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 9/8 maq. 27-29

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Etsa Hore ’Malo oa Bibele e be o Thabisang Haholoanyane Joang?

“Ka linako tse ling, ho thata ho utloisisa Bibele ’me seo se ka nyahamisa.”—Annalieza, ea lilemo li 17.

“Ke ile ka fumana Bibele e bora.”—Kimberly, ea lilemo li 22.

BATHO ba bangata ha ba thabele ho bala ho hang. Le ho libali tse khothetseng, buka e khōlō joaloka Bibele e ka bonahala e nyahamisa. Tammy, ea lilemo li 17 o re: “Ho ’na, Bibele e ne e le buka e khōlō e fupereng mantsoe a mangata a sa tloaelehang ao ho neng ho le thata ho a utloisisa. Ho bala Bibele ho hloka ho tsepamisa mohopolo ho hoholo le mamello.”

Ho phaella moo, mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae, mosebetsi oa lelapa le boikhathollo li ka nka nako ea hao e ngata le matla. Sena se ka boela sa etsa hore ho be thata ho tsepamisa mohopolo le ho thabela ho bala Bibele. Alicia, e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova, le eena o nka nako a lokisetsa le ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ho arolelana tumelo ea hae le ba bang. Oa lumela: “Ho thata ho bala Bibele hobane ho bonahala ho e-na le lintho tse ngata haholo tseo ke lokelang ho li pheta.”

Leha ho le joalo, Alicia, Tammy le bacha ba bang ba bangata ba ile ba hlōla phephetso ena. Hona joale, ba se ba bala Bibele kamehla ’me seo sea ba thabisa. Le uena u ka thabela ho etsa joalo! Ak’u nahane ka lintho tse tharo tseo u ka li etsang e le hore u etse hore ’malo oa Bibele e be o thabisang haholoanyane.

Iphe Nako ea ho Bala Bibele

Kelly, ea lilemo li 18 o re: “Ke nahana hore bacha ba nka ho bala Bibele e le ntho e borang hobane ba sa e bale ka ho lekaneng.” Feela joalokaha u bapala papali eo u e thabelang khafetsa, u tla thabela ho bala Bibele ha u ho etsa kamehla.

Empa ho thoe’ng haeba u e-na le nako e fokolang haholo? Moapostola Pauluse oa eletsa: “Kahoo le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo.” (Baefese 5:15, 16) U ka ‘ithekela nako’ ka ho fokotsa nako ea ho etsa lintho tseo e seng tsa bohlokoa joaloka ho shebella TV. Lentsoe leo Pauluse a le sebelisitseng bakeng sa “nako” le ka bolela nako e beheletsoeng ka thōko bakeng sa morero o khethehileng. U ka behella nako efe ka thōko bakeng sa ’malo oa Bibele?

Batho ba bangata ba bala Bibele hoseng, ka mor’a ho hlahlobisisa taba e ngotsoeng ea Mangolo le litlhaloso tse fumanoang ka har’a bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla.a Ba bang ba thabela ho bala bosiu pele ba robala. Khetha nako e molemo bakeng sa hao, ’me u e khomarele. Alicia o re: “Kannete-nete ho tenyetseha ho nthusa hore ke khomarele kemiso ea ka ea ho bala Bibele kamehla.”

Bacha ba bang ba Bakreste ba beheletse metsotso e 10 ho isa ho e 15 ka thōko letsatsi le letsatsi bakeng sa ho bala Bibele. Ka ho khomarela kemiso e joalo, ba ile ba bala Bibele eohle ka nako ea selemo kapa tse peli! Esita le haeba ho etsa sena ho bonahala e le ntho eo u ke keng ua e finyella, ipehele pakane ea ho bala karolo e itseng ea Bibele letsatsi le leng le le leng. Ka ho ikemisetsa ho khomarela nako eo u e beheletseng ka thōko bakeng sa ’malo oa Bibele, lerato la hao bakeng sa Lentsoe la Molimo le tla hōla.—Pesaleme ea 119:97; 1 Petrose 2:2.

Rapella Bohlale

Ho ke ke ha latoloa hore, esita le babali ba kamehla ba Bibele ba fumana likarolo tse ling tsa Lentsoe la Molimo li le thata ho utloisiseha. Jehova Molimo, Mongoli oa Bibele, o batla hore u utloisise Lentsoe la hae. Buka ea Liketso e bua ka monna oa motsamai oa Moethiopia ea neng a sa utloisise ka botlalo boprofeta bo lengolong la Esaia khaolo ea 53. Monna enoa o ne a ikemiselitse ho batla thuso, ’me lengeloi la Jehova le ile la romela moromuoa Filipi hore a mo hlalosetse boprofeta boo.—Liketso 8:26-39.

Ha e le hantle, ’malo oa Bibele o atlehang ha o qaloe ka ho bala, empa o qaloa ka thapelo. Pele ba phetla Libibele tsa bona, ba bang ba tloaetse ho rapela Jehova bakeng sa bohlale e le hore ba ka utloisisa le ho kenya ka lipelong tsa bona lithuto tseo ba li balang. (2 Timothea 2:7; Jakobo 1:5) Moea oa Molimo o ka u thusa ho hopola litemana tsa Bibele tse ka u thusang ho arabela lipotso kapa tse ka u thusang hore u thulane ka katleho le liteko.

Mohlankana e mong oa Mokreste oa hopola: “Ha ke le lilemo li 12, Ntate o ile a lahla lelapa leso. Bosiung bo bong ke ne ke rapela ke le betheng, ke kōpa Jehova hore a etse hore Ntate a khutle. Ka mor’a moo, ke ile ka nka Bibele ea ka ’me ka bala Pesaleme ea 10:14: ‘Ea malimabe, moshanyana ea se nang ntate, o ipeha ho uena [Jehova]. U fetohile mothusi oa hae.’ Ke ile ka khutsa ka motsotsoana. Ke ne ke utloa eka Jehova o buisana le ’na a ntsebisa hore ke mothusi oa ka; le Ntate. Ke ofe ntate ea molemo ho mo feta eo ke neng nka ba le eena?”

Na u ka itloaetsa hore u rapele nako le nako pele u lula fatše ho bala Bibele? Adrian o fana ka tlhahiso: “Rapela pele u bala—le ha u se u qetile ho bala—e le hore ka sebele e tle e be puisano le Jehova.” Thapelo e tlohang pelong e tla matlafatsa boikemisetso ba hao ba ho khomarela kemiso ea hao ea ho bala Bibele ’me e tla matlafatsa botsoalle ba hao le Molimo.—Jakobo 4:8.

Etsa Hore ’Malo oa Hao oa Bibele e be o Phelang

Kimberly ea qotsitsoeng qalong, o ne a fumana Bibele e mo bora. Ke ’nete hore Bible ke buka ea khale haholo—e ngotsoeng pele ho qaptjoa k’homphieutha, thelevishene kapa sefofane—’me batho bao ho buuoang ka bona ka har’a Bibele, ba shoele likete tsa lilemo tse fetileng. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Ke ka tsela efe buka ea boholo-holo joalo e ka fanang ka matla?

Mehleng ea mokopitsi Esdrase, banna ba likete, basali le “bohle ba kelello ka ho lekaneng hore ba ka mamela” ba ile ba bokana hammoho Jerusalema ho tla mamela ha ho baloa Molao oa Moshe. Ka nako eo, Molao o ne o se o e-na le lilemo tse fetang 1 000 o le teng! Leha ho le joalo, Esdrase le bathusi ba hae ba ile “ba tsoela pele ho balla holimo ho tsoa bukeng, ho tsoa molaong oa Molimo oa ’nete, ha o ntse o qaqisoa, ’me o ntse o kenngoa moelelo; ba tsoela pele ho etsa hore ’malo o utloisisoe.” Ka mor’a hore banna bana ba qaqise Mangolo le ho kenya bophelo ’malong, ke eng se ileng sa etsahala? “Batho bohle ba tloha ho ea ja le ho noa le ho romela likabelo ’me ba thaba haholo, kaha ba ne ba utloisisitse mantsoe ao ba neng ba a tsebisitsoe.”—Nehemia 8:1-12.

U ka ‘kenya bophelo’ joang ’malong oa hao oa Bibele? E le hore a ka lebisa tlhokomelo ea hae nthong e le ’ngoe, Cathy, ea nkang ho bala e le phephetso, o balla holimo. Nicki o leka ho ipeha boemong ba tlaleho eo. O re: “Ke nahana ka tsela eo ke neng ke tla ikutloa ka eona ha ke le boemong boo. Pale eo ke e ratang ka ho fetisisa ke tlaleho ea Ruthe le Naomi. Nka e bala ka makhetlo a mangata. Ha ke fallela motseng o mocha, ke ile ka tšelisoa ke pale ena hobane ka kelello ke ne ke bona tsela eo Ruthe a neng a ikutloa ka eona ha a e-ea sebakeng seo a neng a sa se tsebe ebile a sa tsebe motho le ea mong ho sona. Ke ne ke bona kamoo tšepo ea hae e neng e tiile ho Jehova kateng, ’me ke ile ka thuseha hore le ’na ke etse se tšoanang.”—Ruthe khaolo ea 1-4.

E le hore Bibele e tle e ‘fane ka matla,’ ho thuisa hoa hlokahala. Lekhetlo ka leng ha u bala, nka nako u nahanisisa ka mangolo ao u a balileng le kamoo u ka sebelisang seo u ithutileng sona kateng. Bakeng sa ho ntlafatsa ’malo oa hao, u ka ’na ua sebelisa lithuso tsa ho ithuta Bibele tse hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.b

Phehella!

Ha ho bonolo ho khomarela kemiso ea ’malo oa Bibele. Esita le lenaneo le molemohali ka ho fetisisa la ’malo oa Bibele le lokela hore nako le nako le ’ne le lokisoe. U ka phehella pakane ea hao joang ea ho bala Bibele kamehla?

Metsoalle le lelapa leno ba ka u thusa. Amber ea lilemo li 15 o re: “Ke robala ka kamoreng e le ’ngoe le ngoan’eso. Ka linako tse ling ke khathala haholo hoo ke eeng ke batle ho robala feela, empa ngoan’eso o nkhopotsa ho etsa ’malo oa ka. Kahoo, ha ho mohla ke lebalang!” Haeba ho e-na le lengolo le itseng le u thahasellisang, buisana le ba bang ka lona. Sena se tla totisa thahasello ea hao Lentsoeng la Molimo le ho ba susumelletsa ho thahasella ’malo oa Bibele. (Baroma 1:11, 12) Haeba u hlokomoloha ho bala ha hao Bibele ka letsatsi le le leng kapa ho feta, u se ke ua nyahama! Qala moo u qeteletseng teng, ’me u ikemisetse ho feta leha e le neng pele ho khomarela kemiso ea hao.

U se lebale melemo e enneng ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. U ka thabela botsoalle bo haufi-ufi le Jehova, ka ho mo mamela ka Lentsoe la hae. U tla utloisisa menahano le maikutlo a hae. (Liproverbia 2:1-5) ’Nete ena ea bohlokoa e tsoang ho Ntate oa rōna oa leholimo e tla ipaka e le tšireletso. Mopesaleme o ile a botsa a re: “Mohlankana o tla hloekisa tsela ea hae joang? Ka ho itebela ho ea ka lentsoe la hao.” (Pesaleme ea 119:9) Kahoo, qala—u be u khomarele—kemiso ea ’malo oa Bibele. U ka fumana ho thabisa haholo ho feta kamoo u neng u nahanne kateng!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova.

b Tokollo ea Molula-Qhooa ea October 1, 2000, leqepheng la 16-17, e fana ka litlhahiso tse ’maloa tse sebetsang tse ka u thusang hore u fate Bibele ka ho teba.

[Litšoantšo tse leqepheng la 28]

Thapelo le ho etsa lipatlisiso ho tla ntlafatsa ’malo oa hao oa Bibele le ho u thusa ho ba le kutloisiso ea Mangolo

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ho ipeha boemong ba tlaleho eo ho boleloang ka eona ho tla etsa hore Mangolo e be a sebele ho uena

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela