Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lff thuto 11
  • U ka Fumana Molemo Ofe ha U Bala Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Fumana Molemo Ofe ha U Bala Bibele?
  • U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ITHUTE LINTLHA TSE LING
  • KAKARETSO
  • BATLA
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ikitlaelletse ho Bala
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Nka Etsa Hore ’Malo oa Bibele e be o Thabisang Haholoanyane Joang?
    Tsoha!—2001
  • Ho Bala Bibele—Ho Molemo Ebile ho Monate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
lff thuto 11
Khaolo ea 11. Mosali o bala Bibele ea hae nakong eo a nkileng khefu ha a ntse a etsa mesebetsi ea ka tlung.

KHAOLO EA 11

U ka Fumana Molemo Ofe ha U Bala Bibele?

E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng
E Hatisitsoeng

Na u kile oa batla ho etsa mosebetsi o itseng empa u sa tsebe hore na u qale hokae? Mohlomong u ile oa lokela ho o etsa hanyane hanyane e le hore u khone ho o qeta. Sena se tšoana hantle le ha u batla ho bala Bibele. U ka ’na oa ipotsa: ‘Ke lokela ho qala hokae?’ Khaolong ena, re tla bua ka lintho tse tla u thusa hore u thabele ho bala le ho ithuta Bibele.

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho bala Bibele kamehla?

Motho ea balang Bibele kamehla, kapa “molao oa Jehova,” o tla thaba. (Bala Pesaleme ea 1:​1-3.) U ka qala ka ho bala litemana tse ’maloa letsatsi le letsatsi. U tla thabela ho bala Bibele ha u se u tloaetse ho e bala kamehla.

2. Re lokela ho etsa’ng e le hore ha re bala Bibele e re tsoele molemo?

Ha re bala Bibele, re lokela ho ema hanyane ’me re nahanisise ka seo re ntseng re se bala e le hore se ka re tsoela molemo. Re lokela ho e bala “ka lentsoe le tlaase,” e leng se bolelang hore re lokela ho nahanisisa ka eona. (Joshua 1:8) Ha u ntse u bala, ipotse lipotso tse kang tsena: ‘Ke ithuta’ng ka Jehova ho seo ke ntseng ke se bala? Seo ke ntseng ke se bala se ka nthusa joang bophelong ba ka? Nka sebelisa litemana tsee joang hore ke thuse batho ba bang?’

3. U ka etsa’ng e le hore u be le nako ea ho bala Bibele?

Na u na le nako ea ho bala Bibele? Batho ba bangata ha ba na eona. Leka ho ‘ithekela nako.’ (Baefese 5:​16) U ka etsa sena ka hore letsatsi le letsatsi u ipehele nako eo u tla bala Bibele ka eona. Batho ba bang ba bala Bibele hoseng. Ba bang ba e bala motšehare, mohlomong nakong ea lijo tsa motšehare. Ba bang bona ba e bala bosiu pele ba robala. Uena u ka khona ho e bala neng?

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na u ka etsa’ng e le hore u thabele ho ithuta Bibele. Ithute ho lokisetsa hantle e le hore thuto ea Bibele e ka u tsoela molemo.

Litšoantšo: Moshanyana o ithuta ho rata lijo tse ling tse itseng ha nako e ntse e e-ea. 1. Moshanyana o bapala ka lijo. 2. Ha nako e ntse e e-ea moshanyana o qala ho ja lijo tseo. 3. Ha moshanyana a ntse a tsoela pele ho hola o se a rata ho ja lijo tseo.

Feela joalokaha re ka ithuta ho rata ho ja lijo tse fapa-fapaneng, ka tsela e tšoanang re ka ithuta ho thabela ho bala Bibele

4. Ke eng e ka u thusang hore u thabele ho bala Bibele?

Ho ka ’na ha e-ba thata hore motho a qale ho bala Bibele. Leha ho le joalo, re ka ba le tabatabelo ea ho e bala, feela joalokaha ka mor’a nako motho a ka thabela ho ja lijo tseo a neng a sa li tloaela. Bala 1 Petrose 2:2 ebe le buisana ka potso ena:

  • Na u nahana hore u ke ke oa thabela ho bala Bibele le ho batla ho e bala kamehla haeba u e bala letsatsi le letsatsi?

Bapala VIDEO ’me u bone hore na batho ba bang ba thusitsoe ke eng hore ba thabele ho bala Bibele. Ka mor’a moo le buisane ka lipotso tse latelang.

VIDEO: Bacha ba Ratang Lentsoe la Molimo (5:33)

  • Videong ee, ke mathata afe ao bacha ba ileng ba kopana le ’ona?

  • Ke eng e ba thusitseng hore ba lule ba bala Bibele kamehla?

  • Ba ile ba etsa’ng e le hore ba thabele ho bala Bibele le ho feta?

Lintho tse ka u thusang hore u qalelle ho bala Bibele:

  • Bala Bibele ea phetolelo e tšepahalang, eo ho leng bonolo ho e utloisisa. Leka ho bala Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha haeba e le teng ka puo ea hao.

  • Qala pele ka ho bala karolo eo u nahanang hore u tla e thabela. Mohlomong u ka sebelisa chate ea “Qalella ho Bala Bibele.”

  • Ngola karolo eo u seng u e balile. Sebelisa karolo ea “Tšoaea Moo U Seng U Balile” chateng ea buka ena.

  • Sebelisa app ea JW Library®. Ka eona u ka khona ho bala le ho mamela Bibele e rekotiloeng hohle moo u leng teng, u sebelisa founo kapa sesebelisoa se seng sa elektronike.

  • Sebelisa lihlomathiso tse hlahang Bibeleng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Li na le limmapa, lichate le lethathamo la mantsoe le litlhaloso tsa ’ona tse ka u thusang hore u thabele ho bala Bibele le ho feta.

5. Lokisetsa thuto ea Bibele

Bala Pesaleme ea 119:​34 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u rapele pele u bala Bibele kapa pele u lokisetsa thuto ea Bibele?

U ka etsa’ng e le hore thuto e ’ngoe le e ’ngoe eo u e balang e u tsoele molemo? Ha u lokisetsa thuto e ’ngoe le e ’ngoe, leka ho etsa lintho tsena:

  1. Bala lirapa tse qalang tsa karolo e ’ngoe le e ’ngoe.

  2. Sheba mangolo a reng ‘bala’ ’me u leke ho utloisisa hore na a lumellana joang le seo u ntseng u se bala.

  3. Tšoaea karabo ea potso ka ’ngoe kaha sena se tla u thusa hore u khone ho buisana hamolemo le motho eo u ithutang Bibele le eena.

Litšoantšo: Mosali o lokisetsa thuto ea hae ea Bibele. A. O bala leqephe le qalang la thuto. B. O bala mangolo ’ohle a ngotsoeng ‘bala.’ C. O tšoaea lintlha tsa bohlokoa tse hlahang thutong.

Na u ne u tseba?

Re le Lipaki Tsa Jehova, re sebelisitse liphetolelo tse fapaneng tsa Libibele. Leha ho le joalo, re rata ho sebelisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang hobane e nepahetse, ea utloahala ebile e sebelisa lebitso la Molimo. Bala sehlooho se websaeteng se reng “Na Lipaki Tsa Jehova li na le Bibele ea Tsona?”

BATHO BA BANG BA RE: “Ho ithuta Bibele ke mosebetsi o mongata. Ha ke na nako le matla a ho bala Bibele.”

  • Uena u nahana joang?

KAKARETSO

E le hore Bibele e u tsoele molemo, u lokela ho ipha nako ea ho e bala, u rapelle hore u utloisise seo u se balang ’me u lokisetse thuto eo le tl’o e bala.

Re Ithutile’ng?

  • Ke eng e ka u thusang hore u fumane molemo ha u bala Bibele?

  • U ka ipehela nako ea ho bala le ho ithuta Bibele neng?

  • Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u lokisetse thuto ea Bibele?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Sheba lintlha tse ling tse ka u thusang hore u thabele ho bala Bibele haholoanyane.

“U ka Etsa’ng e le Hore U Natefeloe ke ho Bala Bibele?” (Molula-Qhooa, No. 1 2017)

Ithute litsela tse tharo tsa ho bala Bibele.

“Bibele e ka Nthusa Joang?​—Karolo ea 1: Ithute Bibele Haholoanyane” (Sehlooho se websaeteng)

Bona hore na u ka thabela ho bala Bibele joang.

“Bibele e ka Nthusa Joang?​—Karolo ea 2: Thabela ho Ithuta Bibele” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute mekhoa e meng ea ho bala Bibele ho batho ba e balileng ka lilemo tse ngata.

U ka Etsa’ng Hore ho Ithuta Bibele U le Mong ho U Tsoele Molemo? (2:​06)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela