Thusa Batho ba Bang Hore e be Metsoalle ea Molimo
1 Kajeno, batho ba tsoang lichabeng tsohle ba rutoa litsela tsa Jehova. (Esa. 2:2, 3) Leha ho le joalo, ho hlokahala hore batho bao ba rate Jehova e le hore ba ka “beha litholoana ka mamello.” (Luka 8:15; Mar. 12:30) Haeba ba sa mo rate, ba ke ke ba e-ba le matla a ho loantša tšusumetso e mpe kapa ba e-ba sebete hore ba etse se nepahetseng. Tsela e ’ngoe ea ho thusa batho ba bang hore ba be le kamano e ntle le Jehova ke ka ho etsa hore ba ananele litšobotsi tsa hae. Ba khothalletse hore ba nahane ka ho teba ha ba hlahloba boitsebiso ba buka ea Atamela ho Jehova.
2 Mohlala oa Hao: Liketso tsa hao li ka ama lipelo tsa liithuti tsa Bibele haholo. Ha li bona hore u nka botsoalle ba hao le Jehova e le ba bohlokoa haholo le hore na bo u ama joang bophelong, le tsona li ka ’na tsa susumelletseha ho ba le kamano e joalo. (Luka 6:40) Ka sebele, hangata mohlala oa rōna o susumetsa batho ba bang haholo ho feta mantsoe a rōna.
3 Tsela e ka sehloohong eo ka eona batsoali ba rutang bana ba bona ho rata Jehova ke mohlala oa bona. (Deut. 6:4-9) Banyalani ba bang ba neng ba lakatsa ho hōlisetsa bana ba bona ’neteng ba ile ba kōpa keletso ea batsoali ba atlehileng. Monna o itse: “Bohle bao ke buileng le bona ba ne ba e-na le maikutlo a tšoanang a hore mohlala oa batsoali ke oa bohlokoa.” Kahoo, ka tsela eohle ea bona ea bophelo, batsoali ba ka behela bana ba bona mohlala oa sebele oa hore na ho ba “motsoalle oa Jehova” ho bolela’ng.—Jak. 2:23.
4 Thapelo e Tsoang Botebong ba Pelo: U ka boela ua thusa batho ba bang hore e be metsoalle ea Jehova ka ho ba ruta ho rapela ho tsoa botebong ba pelo. U ka ’na ua ba bontša thapelo ea mohlala ea Jesu, hammoho le lithapelo tse ling tse tsoang botebong ba pelo tse tlalehiloeng ka Mangolong. (Mat. 6:9, 10) Ka lithapelo tsa hao, u ka ruta bana ba hao le liithuti tsa Bibele ho rapela. Ha ba utloa mantsoe a hao a tsoang botebong ba pelo, ba hlokomela hore na u ikutloa joang ka Jehova. Ba khothalletse ho ‘phehella thapelong’ ha ba hlaheloa ke liteko. (Bar. 12:12) Ha Jehova a ba thusa nakong ea ha ba hloka thuso, ba tla qala ho mo tšepa le ho mo rata joaloka motsoalle oa ’nete.—Pes. 34:8; Bafil. 4:6, 7.