Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/97 leq. 1
  • Lithuto Tsa Bibele Tse Hlahisang Barutuoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lithuto Tsa Bibele Tse Hlahisang Barutuoa
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Nka Tseba Joang Ntle Leha e Mong a ka Ntataisa?”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Khothalletsa Liithuti Tsa Bibele ho Hatela Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Mokhoa oa ho Etsa Barutuoa ka Buka ea Tsebo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 9/97 leq. 1

Lithuto Tsa Bibele Tse Hlahisang Barutuoa

1 Ka mor’a hore Filipi ‘a le bolelle litaba tse molemo mabapi le Jesu,’ leqhalaha la Ethiopia le ile la botsa: “Ke eng e nthibelang ho kolobetsoa?” (Lik. 8:27-39) Tabeng ea leqhalaha lena, lerato la mangolo a bululetsoeng a Molimo le ne le se le ntse le le teng, ’me ka mor’a hore le fumane thuso ea moea ho Filipi, le ne le loketse ho ba morutuoa. Empa hase batho bohle ba kholisehileng hore ho hlokahala hore ba itlhahlobele Mangolo.

2 Ka thabo, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o lokiselitse buka ea Tsebo, ho khothalletsa batho hore ba hlahlobe molaetsa oa Bibele oa mehleng ea rōna. Boitsebiso bo bukeng ena bo lokela ho ipiletsa ho batho ba tšepahalang ba ka ’nang ba rutoa empa ba e-na le tsebo e nyenyane ea Bibele. Sesebelisoa sena se babatsehang se lokiselitsoe ho susumelletsa batho hore ba batle ho hlahloba Bibele.

3 Ha u qalisa thuto ea Bibele, e ka ba thuso hore u hlahlobe litlhahiso tse ntle tse hatisitsoeng kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996 e buang ka hore na thuto e tsoelang pele e ka khannoa joang ka buka ea Tsebo. Ha thuto e ntse e tsoela pele, nahana ka tsoelo-pele eo seithuti se e etsang e le hore u ka lekanyetsa hore na ke hokae moo se hlokang thuso e khōloanyane. Khothalletsa seithuti ho lokisetsa lithuto tsa sona esale pele le hore se bale mangolo. Ha se etsa litlhaloso ka mantsoe a sona, hoo e ka ’na ea e-ba pontšo ea hore se ananela ’nete ho tloha pelong. Liithuti tse tsoelang pele kapele ke tse balang lingoliloeng tse ling tsa Mokhatlo le tse bang teng kamehla libokeng tsa phutheho. Se khothalletse hore meqoqong ea sona le ba bang se kenyelletse seo se ntseng se ithuta sona. Ka mosa, se bontše seo ho hlokahalang hore se se etse e le hore se tsoele pele moeeng. Ha rea lokela ho khanna lithuto mocha-o-chele le batho ba qeaqeang. Liithuti li lokela ho ikhathatsa e le hore li ithute, li emele ’nete ka tieo le ho tsoela pele ho ea boinehelong le kolobetsong.

4 Malapeng a mang, ho khannoa lithuto tse fetang e le ’ngoe, kaha litho tse sa tšoaneng tsa lelapa li sa ithute hammoho. Leha ho le joalo, hangata ho ka ba molemo haeba ho e-na le thuto e akaretsang lelapa kaofela kaha e tla thusa lelapa hore e be le atamelaneng moeeng.

5 Jesu o re laetse hore re etse barutuoa. (Mat. 28:19) Hore re etse joalo, re tlameha ho khanna lithuto tsa Bibele tse thusang ba bang hore ba tsoele pele ho fihlela moo ba ka botsang, “Ke eng e nthibelang ho kolobetsoa?”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela