Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/97 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa September

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa September
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 1 September
  • Beke e Qalang ka la 8 September
  • Beke e Qalang ka la l5 September
  • Beke e Qalang ka la 22 September
  • Beke e Qalang ka la 29 September
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 9/97 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa September

Beke e Qalang ka la 1 September

Pina 26

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlalehe tšebeletso ea bona ea August ea tšimo kapele. Kaha August e ne e le khoeli ea ho qetela ea selemo sa tšebeletso, bangoli le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho hlahloba ho bona hore litlaleho tsohle tsa tšebeletso ea tšimo tsa likhoeli tse fetileng li tlisitsoe. Re habile ho ba le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ka August.

15 mets: “Etelletsa Lintho Tsa Bohlokoa Haholo Pele.” Lipotso le likarabo. Ha nako e lumela, hlalosa se buuoeng ho “Ho Bea Lintho tsa Bohlokoa Sebakeng sa Tsona” ho Tsoha! ea March 8, 1987, leqepheng la 22-3.

20 mets: “Ho Abela ba Bang Lekunutu la Thabo ea Lelapa.” Puo e akaretsang serapa sa 1 le sa 6-8. Etsa pontšo serapeng sa 2-5. Hatisa hore re lokela ho nahana ka ho etsa barutuoa le ho finyella pakane ea ho qala lithuto.

Pina 107 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 8 September

Pina 27

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

10 mets: Litlhoko tsa phutheho.

10 mets: “Lithuto Tsa Bibele Tse Hlahisang Barutuoa.” Puo.

15 mets: Moholo o buisana le bahoeletsi ba nang le phihlelo ba khannang lithuto ka ho “Susumeletsa Liithuti Boinehelong le Kolobetsong.” (Kenyelletso ea km-SU 6/96, lir. 20-2)

Pina 109 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la l5 September

Pina 30

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba Lebokose la Lipotso.

15 mets: Sebelisa Livideo Hamolemo. Hlahloba litlhahiso tse entsoeng ka ho sebelisa livideo tsa Mokhatlo ’me u phete liphihlelo tsa moo tse bontšang kamoo livideo tsena li ka sebelisoang hamolemo haholo, malapeng a rōna le tšebeletsong ea rōna.

20 mets: Na U Sebelisa Bukana ea Sekolo le Lipaki tsa Jehova? Moholo o buisana le batsoali ba itseng le bana ka Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa October 1, 1985, leqepheng la 30-1. Ba pheta liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba sebelisa bukana ea Sekolo.

Pina 112 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 22 September

Pina 32

8 mets: Litsebiso tsa phutheho.

17 mets: Mokhoa oa ho Qalisa Moqoqo. Re atleha haholo tšebeletsong ea rōna ha re khona ho akarelletsa batho ba bang meqoqong e nang le morero. Ha re bua se tla etsa hore batho ba bang ba mamele, re tla be re hlōtse tšitiso e ’ngoe e khōlō haholo eo re talimanang le eona bopaking. Buisana le bamameli ka lintlha tsa sehlooho tse ho Buka ea Tataiso ea Sekolo, thutong ea 16, leqepheng la 11-14. E-re bahoeletsi ba tsebang le ba atlehang ho qala meqoqo ba bolele mantsoe a pele ao ba a sebelisang ha ba bua le batho ba kang (1) motho ea tsamaeang tseleng, (2) moeti ea tsamaeang ka bese, (3) tlelereke e ka mor’a k’haontara, (4) moreki moo ho emisoang likoloi, (5) motho ea serapeng sa boikhathollo le (6) motho eo ho buisanoang le eena bopaking bo etsoang ka thelefono.

20 mets: Hlahloba Tlaleho ea Phutheho ea Selemo sa Tšebeletso sa 1997. Molebeli oa tšebeletso o babatsa phutheho ka boiteko ba eona bo botle, haholo-holo ka March, April le May. O fana ka litlhahiso tse tsoang ho sehlopha sa baholo le tlalehong ea ho qetela ea molebeli oa potoloho bakeng sa ho eketsa mosebetsi oa tšebeletso ea tšimo le lithuto tsa Bibele. Thathamisa lipakane tse sebetsang bakeng sa selemo sa tšebeletso se secha, ho akarelletsa ho qala le ho khanna lithuto tsa Bibele le bopula-maliboho bo thusang likhoeling tse nang le mafelo-beke a mahlano tsa November, May, August.

Pina 113 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 29 September

Pina 37

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle ho nehelana ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo. Bolela hore ka beke e tlang re tla qala ho ithuta buka ea Thabo ea Lelapa thutong ea buka. E le ho lokisetsa mosebetsi oa limakasine ka October, bua ka tlhokahalo ea ho “Hlahlobisisa Tšimo ea Hao,” “Itloaetse Limakasine,” “Lokisetsa Mantsoe a Hao a Qalang,” “Lumellana le Maemo a Mong’a Ntlo” le “Thusanang,” ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1996, leqepheng la 12.

15 mets: Puo e khothatsang sehloohong se reng “Kamehla Lahlela Meroalo ea Hao ho Jehova,” e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa April 1, 1996, leqepheng la 27-9.

15 mets: Tlotlisa Tšebeletso ea Hao. Puo e akarelletsang bamameli e tsoang bukeng ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 81-3. Botsa lipotso tsena hore u totobatse lintlha tsa sehlooho: (1) Re rua molemo joang ka ho latela mohlala oa Jesu? (2) Boikarabelo ba rōna ba ho bolela ke ba bohlokoa hakae? (3) Ke sepheo sefe se re susumelelitseng ho nehela bophelo ba rōna ho Jehova? (4) Ho hlokahala boitšoaro ba mofuta ofe hore motho a tle a sebeletse Molimo? (5) Re ka ithuta eng ka tsela eo Jesu a ileng a bolela ka eona?

Pina 121 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela