Ho Sebetsana ka Katleho le ho Tata ha Kajeno
MONNA ea sebetsang o sebelisa nako eohle ea mafelo-beke a hae a bohile lipapali tsa bolo ho TV ’me o tletleba ka hore ha a na nako ea ho isa bana ba hae serapeng sa liphoofolo. ’Mè oa lelapa o latela ka botšepehi pale ea beke le beke ea TV ’me o lla ka hore o na le nako e nyenyane ea ho etsa mesebetsi ea hae ea ntlo. Na bothata ke ho haelloa ke nako kapa ho e sebelisa ha bohlasoa?
Tšebeliso e molemo ea nako e hloka ho latela motheo o boletsoeng ka Bibeleng hoBa-Filippi 1:10, NW: “Etsa bonnete ba ho lemoha lintho tsa bohlokoa bo boholo.”
Pele, hlophisa lintho tsa hao tsa bohlokoa e le hore leha ho hong ho ka hlokomolohuoa, e tla ba ho seng bohlokoa hakaalo. Leka ho etsa lethathamo la mesebetsi eohle e lokelang ho etsuoa, mohlomong ka beke, ’me u e arole likarolo tse peli: le (1) Seo ke tlamehang ho se etsa (2) Seo ke ratang ho se etsa.
Mosebetsi oa boipheliso, ho reka, le ho lokisa lintho tsa ntho esita le ho sebelisa nako e itseng le lelapa li tla oela karolong ea pele. Ho Mokreste oa ’nete, ho ea libokeng tsa phutheho, ho arolelana le bang tumelo ea hao, le ho ithuta Bibele li lokela ho tla pele.—Mattheu 6:33.
Haeba lethathamo le le lelele haholo, mohlomong mesebetsi e itseng e tlamehang ho etsuoa ha e sa le bohlokoa hakaalo. Kapa mohlomong u ka leka ho kopanya mesebetsi ena. Ka mohlala, haeba u na le mesebetsi ea ntlo, ke hobane’ng ha u sa rute bana ba hao ho etsa e meng ea eona? Sena se ke ke sa thusa feela hore lintho li etsoe kapele empa se tla u neha linako tse monate tseo u tla li thabela le bana ba hao.
Empa ho thoe’ng ka lethathamo la lintho tseo u “ratang ho li etsa”? Menyetla e mengata. Leha ho le joalo u ke ke ua etsa tsohle kaofela. Kahoo, bala litšenyehelo tsa mesebetsi e joalo. (Luka 14:28) Na li tla fokotsa—kapa li eketse—khatello ea maikutlo bophelong ba hao? Na li tla eketsa litšenyehelo tsa lelapa? Na mohlomong li kena-kenana le lintho tse lokelang ho etsuoa?
Qoba leraba la ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe—ho bokeletsa lintho tse ngata tse tla u ferekanya. Iphe nako e lekaneng ea ho phetha mesebetsi ea hao. Sehahi se phomolitsoeng mosebetsing oa kaho se ile sa fana ka keletso e matla ho mocha eo a neng a mo memetse ho phoka tee. Mocha o ile a hana memo, a re: “Ke tlameha ho ba toropong thapama ka 4:50.”
Sehahi sa botsa, “Ke taetsano e joang eo?” sa eletsa ka hore, “Leka ho etsa litaetsano tsa hao hore e be tsa lihora tse feletseng ho seng joalo u tla ikenya tsietsing.”
Lebaka leo ka Lona ho Sebetsana le Tsona ho Leng Thata
Litlhahiso tsena li ka ipaka li sebetsa. Empa hopola hore khatello ea maikutlo le ho potlaka ke feela mafu a mehla eo re phelang ho eona e “thata ho sebetsana le eona.” (2 Timothea 3:1-5, NW) Lefatše la kajeno ke lefatše le potlakileng. Empa ’nete ea hore likamano tsa batho lia senyeha le hore mathata a lefatše aa eketseha, e bontšahore ho potlaka hona hohle ha ho moo ho lebisang batho teng.
Ha e le hantle, lefatše le phela ka nako e alimiloeng. Bibele e-ea hlokomelisa, “nako e khutšoanyane.” (1 Ba-Korinthe 7:29) Jesu Kreste o profetile mehla eo re phelang ho eona, a re tsietsi ea hona joale ea lefatše ke bopaki ba hore ’Muso oa hae o haufi. (Luka 21:10, 11, 28-31) Kahoo Satane Diabolose o “halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” (Tšenolo 12:12) Tsamaiso eohle ea lefatše la hae e potlaketse timetsong, ’me boiteko bohle ba hae ba ho leka ho thibela sena bo ke ke ba sebetsa!
Ke ’nete, u ka etsa se fokolang ka seo lefatše le se lebileng. Empa u ka etsa ho hongata ho tiisa khotso le khutso bophelong ba hao. Che, lithethefatsi ha se karabo; le eona mekhoa ea ho hlophisa nako ha e tsoele e mong le e mong molemo. Ho thusang haholo ke tsebo le kutloisiso ea Bibele. Bibele?
E, hobane Bibele e bontša hore Bakreste ba thabela hore ba “iphelele khotsong le boiketlong le ka borapeli bohle le ka bokhabane.” (1 Timothea 2:2) Na hoo ho ka etsahala? Ho ka etsahala, hobane le hoja u le tlas’a likhatello tsa “mehla ea qetello,” Bibele e ka u thusa ho tsoella hamolemo bophelong.
Etsa mohlala ka mosebetsi oa hao. Haeba bophelo ba hao bo theiloe ‘borapeling le bokhabaneng’ ho e-na le linthong tse bonahalang, u ke ke ua potlakela ho bokelletsa lintho tseo u ke keng ua li khona. Ka ho tseba hore “lerato la chelete ke motso oa bokhopo,” u tla khotsofatsoa ke “lijo le liaparo.” (1 Timothea 6:8, 10, NW) ’Me hobane mosebetsi oa hao o tla nka sebaka sa bobeli bophelong ba hao, u ka fumana nako e hlokahalang ea ho phomola le ho khatholoha. “Empa seatla se le seng se tletseng phomolo se molemo ho e-na le mosebetsi o nyopileng.”—Moeklesia 4:6.
Ba bang ba atleha ho fokotsa mosebetsi oa bona oa boipheliso. Monna e mong eo e bileng mookameli oa feme e khōlō o-oa hopola: “Kamor’a lilemo tse 23 tsa boiteko bo matla, ke ne ke fumana moputso o motle, tlhokomelo ea tsa meriana e sa lefelloeng, chelete e ngata ea penshene, joalo-joalo. Empa ho fumana tsena tsohle, u lokela ho qeta nako e ngata le matla mosebetsing oa hao. Qetellong u hloka le nako eo e leng ea hao. Ka nako e ’ngoe ha ho tlisoa ho hong hoo e seng mosebetsi ka pel’a hao, u iphumana u re: ‘Ntšoareleng, empa ke tšoarehile haholo.’” Kahoo monna enoa a tlohela mosebetsi oa hae o motle. Ke ’nete, sena se bolela ho phela bophelo bo tloaelehileng. Empa hape se bolela ho ba le nako e ngata le lelapa la hae le mesebetsi ea Bokreste.
Ho Bea Lintho tsa Bohlokoa Sebakeng sa Tsona
Ka lebaka la mehla e bohloko eo re phelang ho eona, Mokreste oa ’nete a ke ke a khella litaba tsa moea fatše. Nahana ka Sakea, monna eo Bibele e ’mitsang molaoli oa lekhetho ea ruileng. Ka ho labalabela ho tseba ho hongata ka Jesu, o kile a palama sefateng hore a tle a ’mone hantle ha a feta har’a motse. Tlaleho e baleha tjena: “Eare ha Jesu a e-tla moo, a lelala holimo, a ’mona, ’me a re ho eena: Sakea, phakisa u theohe; hobane e ka khona ke fapohele tlung ea hao kajeno. Eaba o phakisa a theoha, a mo amohela ka thabo.”—Luka 19:2-6.
Inahanele ka melemo eo Sakea a e fumaneng ka ho amohela Jesu le ho buisana le eena ka lintho tsa moea! Jesu o thusitse Sakea ho bea lintho tsa hae tsa bohlokoa sebakeng sa tsona, hoo Sakea a ileng a khaotsa ho thahasella ho fumana lintho tse bonahalang. A bolella Jesu, “Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana ka lehare; ’me ha ke amohile motho ntho e ’ngoe ka thetso, ke busetsa ho eena tse ’ne.”—Luka 19:8.
Ka ho tšoanang, Bakreste ba ’nete kajeno ba labalabela ho sebelisa hamolemo menyetla ea ho buisana ka lintho tsa moea. Ho bokella lintho tse bonahalang, ha e sa le ntho e ka sehloohong ho bona. Ho e-na le hoo, ha ba fumana likhatiso tsa Bokreste tse ba thusang ho ithuta ka Molimo le merero ea hae, ho bona ho li bala e ba ntho e ka sehloohong. Haeba ho na le liboka tsa Bakreste ’moho, ba leka ka hohle hore ba se fosoe ke motsotso le o mong oa taeo le botsoalle bo hahang.
Mohlala o mong o motle ho rōna ke oa Lota. Mangeloi a Molimo a ile a mo lemosa hore Sodoma le Gommora li ne li tla timetsoa. Ka ho bontša thahasello e lerato ho ba bang, Lota “a tsoa ho ea tsebisa bakhoenyana ba hae, ba neng ba tla nyala barali ba hae, ’me a re: Tsoang, le tsoe nģalong ena, hobane Jehova o ea timeletsa motse!” Empa Lota a “likalika” a etsa hore lengeloi le mo balehisetsang sebakeng sa Molimo sa tšireletso le re: “Phakisa u balehele teng, hobane ke sitoa ho etsa letho, u e-s’o fihle teng.”—Genese 19:14, 16, 22.
Lefatše lohle la kajeno le fetohile Sodoma le Gommora ’me ka ho tšoanang le tobane le timetso. Ho lemosa ba bang ka timetso e boletsoeng e sa le pele ka Bibeleng ke ntho e ka sehloohong bophelong ba Lipaki tsa Jehova. Na u tla etsa phuputso ee ea temoso ntho e ka sehloohong bophelong ba hao?
Ho hahamalla lintho tse se nang molemo ho ke ke hoa u ruisa molemo empa ho tla u bakela hlooho e bohloko le khatello kelellong. Ho molemohali ke ho ithuta ka Molimo le merero ea oona ea ho tlisa tsamaiso e ncha ea lintho moo bophelo e ke keng ea hlola e e-ba bo tatileng!—2 Petrose 3:13; Esaia 65:17, 21-25; Pesaleme ea 37:10, 11.
Hona joale, ithute ho tšoareha ka tsela e hlahisang litholoana, e seng e tatileng. Ha ho tluoa ho ithuteng ka merero ea Molimo, u se tsilatsile! Ho etse ntho e ka sehloohong!
[Lebokose le leqepheng la 22]
Litemoso tse Bohlale Mabapi le ho Tata ho Fosahetseng!
“Ea tatelang ho rua kapele a ke ke a hloka molato.”—Liproverbia 28:20, NW.
“Merero ea motho ea mahlahahlaha e isa khoreng; empa ea tatang o tla oela bofumeng.”—Liproverbia 21:5, NW.
“Na u lemohile motho ea tatang ho bua? Lehlanya le ka tšepisa ho fetisa eena.”—Liproverbia 29:20, NW.
“U se ke ua tata ka molomo oa hao, pelo ea hao e se ke ea tatela ho bua taba pel’a Molimo.”—Moeklesia 5:2, NW.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Hangata ho tata ho bakoa ke tlhophiso e fokolang ea nako le ho etsa lintho tse ngata kemisong ea hao
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Jesu o thusitse Sakea ho bea lintho tsa bohlokoa sebakeng sa tsona bophelong ba hae