Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka January: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. February: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. April: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! Fana ka bukana ea Seo a se Hlokang ka morero oa ho qalisa lithuto tsa Bibele.
◼ Bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng ba leng teng Sebokeng sa Tšebeletso bekeng ea la 14 January ba ka iphumanela karete ea Advance Medical Directive/Release ’me ba fumanela bana ba bona Identity Card.
◼ Ho tloha ka February, ’me eseng ka mor’a la 3 March, puo ea phatlalatsa e ncha ea balebeli ba potoloho e tla ba le sehlooho se reng “Ho Fumana Tšireletseho Lefatšeng le Kotsi.”
◼ Liphutheho li lokela ho etsa litokisetso tse loketseng tsa ho keteka Sehopotso selemong sena ka Labone la la 28 March, ka mor’a hore letsatsi le likele. Le hoja puo e ka qala pejana, ho fetisoa ha litšoantšetso ho lokela ho qala ka mor’a hore letsatsi le likele. Fumana mehloling ea sebaka sa heno hore na letsatsi le likela neng. Le hoja e le ntho e lakatsehang hore phutheho ka ’ngoe e tšoare Sehopotso sa eona e le ’ngoe, ho ka ’na ha se be bonolo hore kamehla sena se etsahale. Moo ka tloaelo liphutheho tse ’maloa li sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe, mohlomong phutheho e le ’ngoe kapa ho feta li ka sebelisa mehaho e meng mantsiboeeng ao. Moo ho khonehang, re etsa tlhahiso hore ho be le metsotso e seng ka tlaase ho 40 pakeng tsa mananeo e le hore bohle ba ka rua molemo o feletseng ketsahalong eo, ho fana ka nako ea hore ho kopanoe le baeti le ho khothatsa ba sa tsoa thahasella. Ho lokela hore ho nahaneloe maemo a sephethephethe le ho paka likoloi, ho akarelletsa le ho theola le ho lata bapalami. Sehlopha sa baholo se lokela ho etsa qeto ea hore na ke litokisetso life tse tla ba molemohali sebakeng ka seng.
◼ Ha molebeli ea okamelang a fumana Seteitemente sa Phutheho khoeli ka ’ngoe, o lokela ho bona hore phutheho e balloa mangolo ’ohle a bontšang ho amoheloa ha menehelo ea Letlōle la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso le ea mosebetsi oa lefatše ka bophara ha ho etsoa tlaleho e latelang ea liak’haonte.
◼ Tsoha! e se e hatisoa hang ka likhoeli tse tharo ka Secibemba e seng hang ka khoeli joaloka pele.
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
◼ Ikitlaelletse ho Bala le ho Ngola—Sesotho, Sexhosa
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang—Sechaena, Sechaena (Se nolofalitsoeng)
◼ Livideo-k’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:
The Greatest Man Who Ever Lived—On Videocassette, Moqolo 4—Puo ea Matsoho ea Amerika