Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/96 leq. 8
  • Lentsoe la Molimo le Fana ka Tataiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lentsoe la Molimo le Fana ka Tataiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele—Tataiso ea Molimo ho Batho Bohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Linehelano Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Tsebo e Tsoang ho Molimo e Araba Lipotso Tse Ngata
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Bolela ka Temoho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 12/96 leq. 8

Lentsoe la Molimo le Fana ka Tataiso

1 “Re phela lefatšeng le nang le mathata a mangata haholo le le nang le likarabelo tse fokolang haholo. Ba limillione tse ngata ba lula ba lapile kamehla. Ba bangata ba ntseng ba eketseha ke makhoba a lithethefatsi. Malapa a mangata aa qhalana. Likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho ba amanang haufi le pefo ka lapeng li hlaha litabeng kamehla. Moea oo re o phefumolohang le metsi ao re a noang li ntse li kena chefo butle-butle. Ho sa le joalo, ba bangata ba rōna ba hlaseloa ke tlōlo ea molao.”

2 Ke kamoo buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? e simollang kateng. Selelekela sa eona ke se loketseng haholoanyane kajeno ho feta nakong eo buka ena e neng e hatisoa ka eona lilemong tse supileng tse fetileng. Ho hlokahala hore batho ba tsebe hore Lentsoe la Molimo le fana ka tataiso le ho nehelana ka tharollo mathateng ’ohle a ba khathatsang. Ka December re tla etsa boiteko ba ho thusa batho ka ho ba tsamaisetsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste le buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e fumaneha ka Seafrikanse, Sesotho, Sexhosa le Sezulu ’me re tla be re etsa hantle ho nehelana ka eona ho batho ba buang lipuo tsena. Bonneteng, ho siela motho lingoliloeng ka bohona hase tiiso ea hore o tla amohela tataiso ea Molimo. Re tlameha ho khutlela ho bona ka sepheo sa ho qalisa thuto ea Bibele. Thuso e tiisitsoe haeba re etsa boiteko bo joalo. (Mat. 28:19, 20) Litlhahiso tse ling tsa linehelano ke tsena:

3 Haeba u kopana le motho ea hōlileng, mohlomong u ka rata ho leka katamelo ena:

◼“Ke rata ho botsa: Ha u ne u sa le mocha, batho ba ne ba sebelisana joang sechabeng? [Emela karabo.] Lintho li fetohile haholo hona joale, na ha ho joalo? U nahana hore lebaka la phetoho ee ke lefe? [Emela karabo.] Re hlile re bona ho phethahala ha boprofeta bo ka Bibeleng. [Bala 2 Timothea 3:1-5.] Ntle le hore Bibele e hlalose ka ho nepahetseng kamoo lefatše le leng kateng kajeno, e boetse e tšepisa lefatše le molemo haholoanyane nakong e tlang e haufi. Ka lebaka leo re khothalletsa motho e mong le e mong hore a bale Bibele. Na u hlokometse kamoo puo e sebelisitsoeng Bibeleng ena eo ke neng ke e bala ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha, e hlakileng kateng?” Hlalosa hore ke phetolelo e nepahetseng ea Sesotho sa hona joale, e leng se etsang hore Bibele e utloisisoe habonolo. Mo bontše buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, ’me u phetle khaolo ea 10, e hlalosang boprofeta bo bong boo re boneng bo phethahatsoa. Nehelana ka Bibele le buka ka monehelo oa R10,00.

4 Ha u khutlela ho motho ea hōlileng eo u mo tsamaiselitseng Bibele le buka, u ka ’na ua re:

◼“Nakong e fetileng ha re buisana, re ile ra lumellana hore ka litsela tse ngata sechaba sa kajeno se fetohile haholo ha ho bapisoa le kamoo bophelo bo neng bo le kateng lilemong tse ’maloa tse fetileng. Leha ho le joalo, ke tlile ho u bontša hore Bibele e fana ka litebello tsa lefatše le molemo haholoanyane nakong e tlang. [Bala Tšenolo 21:3, 4.] Ho tseba hore lena ke Lentsoe la Molimo ho lokela ho re khothalletsa ho hlahloba hore na Bibele e re’ng.” Phetla buka ea Lentsoe la Molimo khaolong ea 14, le ho bala serapa sa 3-4. Khothalletsa thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

5 Haeba u akarelletsa motho e mocha moqoqong, u ka ’na ua re:

◼“Ke rata ho u botsa potso: Joaloka motho e mocha, na u ikutloa u e-na le lebaka la ho ba le tšepo ka nako e tlang? Nako e tlang e bonahala e le joang ho uena? [Emela karabo.] Ka lehlohonolo, ho na le lebaka la ho ba le tšepo ka nako e tlang. [Bala Pesaleme ea 37:10, 11.] Kaha batho ba na le maikutlo a fapaneng ka Bibele le seo e se fupereng, re hatisitse buka ena, Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Hlokomela mabaka ao e fanang ka ’ona a hore re bale Bibele. [Bala serapa sa 16-17 leqepheng la 10-11.] Hang ha re kholisehile hore seo Bibele e se bolelang ke ’nete, re ba le tšepo e tiileng ka nako e tlang. Haeba u lakatsa ho bala buka ena, ke tla thabela ho u siela kopi ka monehelo oa R4,00.”

6 Ha u khutlela ho motho e mocha ea amohetseng buka ea “Lentsoe la Molimo,” mohlomong u ka qala ka ho re:

◼“Ke ananela ho utloa kamoo u amehileng kateng ka nako e tlang. Hopola hore ke ile ka u bontša temana ea Bibele e tšepisang bokamoso bo thabileng le bo sireletsehileng. E ’ngoe hape ke ena. [Bala Tšenolo 21:3, 4.] Buka eo ke u sietseng eona e fana ka bopaki bo kholisang ba hore Bibele ke Lentsoe la Molimo, eseng la motho. ’Nete eo e fana ka maikutlo a tebileng. Hlokomela hore na mabaka ao ke afe. [Bala serapa sa 1-2 leqepheng la 184-5.] Haeba u rata, ke tla thabela ho ithuta Bibele le uena ntle ho tefo.” Haeba thuto e amoheloa, botsa haeba motho eo o na le kopi ea Bibele. Haeba a se na eona, nehelana ka New World Translation ka monehelo oa R16,00 kapa ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R6,00, haeba e fumaneha ka puo ea hae.

7 Motho ea sa tsebeng moo a ka fumanang tataiso ea ho sebetsana le mathata a bophelo ka katleho a ka ’na a arabela katamelong ena:

◼“Re phela nakong eo hoo e batlang e le motho e mong le e mong a talimaneng le mathata a tebileng. Ba bangata ba retelehela ho baeletsi ba fapa-fapaneng bakeng sa tataiso. Ba bang ba batla thuso matleng a phahametseng tlhaho. U nahana hore ke hokae moo re ka fumanang tataiso e molemo e tla re tsoela molemo ka sebele? [Emela karabo.] Bibele e bolela ntlha ea bohlokoa eo kaofela ha rōna re tlamehang ho e utloisisa.” Bala Jeremia 10:23. Phetla Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? leqepheng la 187, ’me u bale serapa sa 9. “Buka ena e tla u thusa ho utloisisa kamoo, tlas’a ’Muso oa Molimo, mathata ’ohle a rōna a tla felisoa kateng. Na u ka rata ho e bala?” Nehelana ka buka hammoho le New World Translation ka monehelo oa R20,00 kapa hammoho le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R10,00, haeba e fumaneha ka puo ea hae.

8 Haeba ketelong ea pele u buile ka ho hloka ha motho tataiso, u ka ntšetsa puisano pele leetong la ho boela ka ho re:

◼“Ha re kopana ka lekhetlo la pele, re ile ra lumellana hore re hloka tataiso e tsoang ho Molimo haeba re tla sebetsana le mathata a bophelo ka katleho. Mabapi le seo, ke nahana hore u tla ananela litlhaloso tse phethelang tsa buka eo ke ileng ka u siela eona. [Bala serapa sa 12-13 leqepheng la 189 la buka ea Lentsoe la Molimo.] Ke lakatsa ho u khothalletsa ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ’me ke ikemiselitse ho u bontša kamoo sena se etsoang kateng hona joale.”

9 Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna ha re thusa ba baholo le ba banyenyane ka tsela e tšoanang ho ananela bohlokoa ba Lentsoe la Molimo hammoho le tataiso ea lona bophelong ba rōna.—Pes. 119:105.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela