E Boloke
Linehelano Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo
Sebelisa litlhahiso tse latelang ho u thusa ho lokisetsa linehelano tsa lingoliloeng tse tsamaisoang khoeling e itseng.
Atamela ho Jehova
“Batho ba bangata ba lumelang ho Molimo ba ka rata ho ikutloa ba le haufi le eena. Na u ne u tseba hore Molimo o re memela ho atamela haufi le eena? [Bala Jakobo 4:8.] Buka ena e entsoe ka morero oa ho thusa batho ho sebelisa Libibele tsa bona bakeng sa hore ba atamele ho Molimo.” Bala serapa sa 1 leqepheng la 16.
“Ho hloka toka ho atile kajeno. Ho joalokaha ho hlalositsoe mona. [Bala Moeklesia 8:9b.] Ba bangata ba ipotsa hore na Molimo o hlile oa tsotella. [Bala lipolelo tse peli tsa pele serapeng sa 4 leqepheng la 119.] Khaolo ena e hlalosa lebaka leo ka lona Molimo a lumeletseng ho hloka toka ka nakoana.”
Le Lule le Lebetse!
“Batho ba bangata ba amehile ka mathata a tebileng le liketsahalo tse tšosang tse atileng kajeno. [Etsa mohlala o tsebahalang sebakeng seo.] Na u ne u tseba hore lintho tse joalo ke karolo ea pontšo e akaretsang e bontšang hore ’muso oa Molimo o se o tla laola litaba tsa lefatše? [Emela karabo. Ebe u bala lengolo le loketseng, le kang Matheu 24:3, 7, 8; Luka 21:7, 10, 11; kapa 2 Timothea 3:1-5.] Bukana ena e bua ka hore na ke hobane’ng e le ho potlakileng ka ho khetheha hore re hlokomele se boleloang ke liketsahalo tsena hona joale.”
“Kajeno ba bangata ba nyahamisitsoe ke liketsahalo tse tšosang kapa ke tahlehelo e khōlō ea lintho tsa bona. Ba bang ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa nke khato ho thibela lintho tse joalo. Bibele e re tiisetsa hore haufinyane Molimo o tla nka khato ho lokolla moloko oa batho matšoenyehong. [Bala Tšenolo 14:6, 7.] Hlokomela seo kahlolo ea Molimo e tla se bolela bakeng sa moloko oa batho. [Bala 2 Petrose 3:10, 13.] Bukana ena e na le boitsebiso bo eketsehileng tabeng ena ea bohlokoa.”
Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
“Haeba u ne u memetsoe ho phela sebakeng se setle se kang sena, na u ne u tla amohela memo eo? [Mo bontše setšoantšo se leqepheng la 4-5, ’me u emele karabo.] Hlokomela seo Lentsoe la Molimo le reng ke senotlolo sa ho thabela bophelo ba mofuta ona ka ho sa feleng. [Bala Johanne 17:3.] Buka ena e tla u thusa ho fumana tsebo e isang bophelong bo sa feleng.” Lokisetsa ho tšohla lirapa tse hlano tse qalang tsa khaolo ea 1 leetong le latelang.
Phetla setšoantšo se leqepheng la 188-9, ’me u sebelisa mantsoe a se hlalosang, u botse mong’a ntlo u re: “Na u na le tšepo ea ho phela Paradeiseng, ha tsebo ea Molimo e tletse lefatšeng? [Emela karabo. Ebe u bala Esaia 11:9.] Buka ena e tla u thusa ho ithuta seo Bibele e se buang ka Paradeise le seo re lokelang ho se etsa hore re phele ho eona.” Lokisetsa ho tšohla serapa sa 11-16 khaolong ea 1 leetong le latelang.
Ithute ho Mosuoe e Moholo
“Na u nahana hore lefatše e ne e tla ba sebaka se molemo haeba batho ba ne ba phela tumellanong le polelo ee? [Bala Matheu 7:12a. Ebe u emela karabo.] Buka ena e na le lithuto tse ngata tsa mosuoe e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela.” Lebisa tlhokomelo litšoantšong le mantsoeng a li hlalosang khaolong ea 17.
“Kajeno batsoali ba bangata ba leka ho ruta bana ba bona litekanyetso tse molemo. Na u nahana hore see se molemo? [Emela karabo. Ebe u bala Liproverbia 22:6.] Hlokomela hore batsoali ba khothalletsoa ho qala ho ruta bana ba bona ba sa le banyenyane. Buka ena e hatisitsoe ka morero oa ho ba thusa ho etsa seo.” Lebisa tlhokomelo litšoantšong le mantsoeng a li hlalosang khaolong ea 15 kapa ea 18.
“Hangata batsoali ba makatsoa ke lipotso tseo bana ba bona ba li botsang. Ho ka ba thata ho araba tse ling tsa lipotso tseo, na ha ho joalo? [Emela karabo. Ebe u bala Baefese 6:4.] Buka ena e ka thusa batsoali hore ba arabe lipotso tsa bana ba bona.” Lebisa tlhokomelo litšoantšong tse seng kae le mantsoeng a li hlalosang khaolong ea 11 le ea 12 kapa ea 34 ho ea ho 36.
Moloko oa Batho o Batla Molimo
“Ka lebaka la malumeli a mangata hakana a leng teng kajeno, na u kile ua ipotsa hore na re ka fumana bo amoheloang ke Molimo joang?” Ka mor’a karabelo, phetla leqepheng la 377. Lebisa tlhokomelo ntlheng ea bosupa, ebe u botsa mong’a ntlo hore na oa lumela hore bolumeli ba ’nete bo lokela ho kopanya batho ba merabe eohle. Phetla le leng la mangolo a sa qotsoang, ’me ha nako e lumela, u tšohle tse ling tsa lintlha tse lethathamong. Haeba mong’a ntlo a thahasella e le kannete, tsamaisa buka. Ha u tsamaea u ka botsa potso ena: “Bolumeli ba ’nete bo lokela ho ama boitšoaro ba motho joang?” Lokisetsa ho khutla bakeng sa ho araba potso eo.
Haeba motho a ipolela hore ke setho sa sehlopha se itseng se seholo sa bolumeli, mohlomong u ka re: “Hoa thahasellisa ho teana le batho ba malumeli a fapaneng. Batho ba ’nile ba leba nģeng tse fapaneng ha ba ntse ba batla Molimo. [Haeba ho loketse, u bale Liketso 17:26, 27.] Ka tloaelo batho e ba litho tsa bolumeli ba batsoali ba bona. [Bala serapa sa 12 leqepheng la 8.] Ho ithuta ho eketsehileng ka malumeli a mang ho fana ka tsebo ebile hoa ruta. Buka ena e hlalosa tšimoloho, mekhoa, le lithuto tsa malumeli a maholo a lefatše.” Bontša mohlala oa boitsebiso bo ka har’a buka ena bo mabapi le bolumeli ba motho eo, joalokaha bo hlaha maqepheng a latelang: Bosikhe (100-1); Bohindu (116-17); Bobuddha (141); Botao (164-6); Boconfucius (177); Boshinto (190-5); Bojuda (220-1); le Boislamo (289).
Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
“E ka ’na eaba u utloetse ka [bolela taba eo]. Ha bophelo bo khutsufatsoa ka mokhoa o sehlōhō, ba bangata baa ipotsa hore na malapa a shoetsoeng a ka tšelisoa joang. U nahana joang?” Emela karabo. Joale phetla leqepheng la 299, ’me u lebise tlhokomelo setšoantšong se bontšang tsoho. Tsoela pele ka ho re: “Ba bangata baa makala ha ba hlokomela hore batho ba lokileng le ba sa lokang ba tla khutlisetsoa bophelong lefatšeng la Paradeise. [Bala Liketso 24:15 joalokaha e qotsitsoe serapeng sa 9 leqepheng la 297, ebe u fana ka tlhaloso e serapeng sa 10.] Buka ena e bua ka makolopetso a mang a mangata a thahasellisang ka morero oa Molimo bakeng sa nako e tlang.”
Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
“Re phela nakong eo hoo e batlang e le motho e mong le e mong a talimanang le mathata a tebileng. Ba bangata ba batla tataiso ho baeletsi ba fapa-fapaneng. Ba bang ba batla thuso ho linohe. U nahana hore ke hokae moo re ka fumanang tataiso e ka re tsoelang molemo e le kannete? [Emela karabo.] Bibele e bua ka ntlha ea bohlokoa eo kaofela ha rōna re tlamehang ho e utloisisa. [Bala 2 Timothea 3:16. Ebe u phetla leqepheng la 187, ’me u bale serapa sa 9.] Buka ena e tla u thusa ho utloisisa kamoo ho phela tumellanong le seo Bibele e se buang kamehla ho bang le liphello tse molemo.”
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
“Nakong ena ea selemo batho ba bangata ba nahana ka Jesu. Leha ho le joalo, kahobane ho etsahala lintho tse ngata tse mpe lefatšeng lohle, ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ehlile Jesu oa re tsotella. U ikutloa joang ka seo?” Emela karabo. Phetla khaolong ea 24, ’me u tšohle ka bokhutšoanyane lebaka la hore Jesu a tle lefatšeng. Ebe u bala Johanne 15:13, u hatise lerato la Jesu le tlohang pelong bakeng sa batho.
“Ha motho a bua ka Jesu Kreste, ba bangata ba nahana ka eena e le lesea kapa e le monna ea utloang bohloko ea makhatheng a lefu. Seo ba se nahanang feela ka Jesu ke tsoalo le lefu la hae. Hangata lintho tse hlollang tseo a li buileng le tseo a li entseng bophelong ba hae lia hlokomolohuoa. Seo a se finyeletseng se ama motho e mong le e mong ea kileng a phela lefatšeng lena. Ke ka lebaka lena ho leng bohlokoa haholo hore re ithute kahohle kamoo re ka khonang ka lintho tse hlollang tseo a re etselitseng tsona.” Bala Johanne 17:3. Phetla leqepheng la pele la kenyelletso, ’me u bale serapa sa bone.
Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?
“Na u nahana hore Molimo o ne a re reretse hore re phele bophelo bo tletseng likhathatso tse kang tseo re tobanang le tsona kajeno?” [Emela karabo. Ebe u bala Matheu 6:10.] Na u kile ua nahana hore na ha e le hantle ’Muso oa Molimo ke eng?” Phetla thutong ea 6 ’me u bale lipotso tse botsitsoeng qalong ea thuto eo. Qalisa puisano thutong eo, kapa u etse tokisetso ea ho buisana ka eona leetong le latelang.
“Ho sa tsotellehe tsoelo-pele ea sechaba sa kajeno, ho kula le lefu li ntse li bakela moloko oa batho mahlomola le masoabi a mangata. Na ua tseba hore Jesu o tla etsa eng bakeng sa ba kulang, ba tsofetseng esita le ba shoeleng?” Emela karabo. Haeba motho eo a rata ho tseba karabo, phetla thuto ea 5, ’me u bale lipotso tse serapeng sa 5-6. Tšohla lirapa tsena, kapa u lokisetse ho li tšohla leetong le latelang.
Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
“U nahana hore ke hokae moo re ka fumanang thuso ea ho sebetsana le likhatello tsa bophelo? [Emela karabo. Ebe u bala Baroma 15:4.] Hlokomela hore Mangolo a bululetsoeng aa re ruta, aa re tšelisa, ’me a re fa tšepo e ka re matlafaletsang ho mamella mathata. Buka ena e fana ka litlhahiso tse thusang mabapi le hore na re ka fumana se molemohali joang ka ho bala Bibele.” Lebisa tlhokomelo lintlheng tse ’nè tse thathamisitsoeng leqepheng la 30.
“Ho tloha ha Jesu a le lefatšeng, batho ba bangata ba ’nile ba rapella hore ’Muso oa Molimo o tle. Na u kile ua ipotsa hore na ho tla ha ’Muso oo ho tla bolela’ng bakeng sa moloko oa batho? [Emela karabo. Ebe u bala Daniele 2:44.] Buka ena e hlalosa hore na ’Muso oa Molimo ke eng, o tla finyella eng le hore na re ka rua molemo joang pusong ea oona ea ho loka.” Buella setšoantšo se leqepheng la 92-3.