(1) Potso, (2) Lengolo le (3) Khaolo
Tsela e bonolo ea ho tsamaisa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? ke (1) ho botsa potso e fatang maikutlo, (2) ho bala lengolo le loketseng le (3) ho buella khaolo e tšohlang taba eo bukeng ka ho bala lipotso tsa selelekela tse tlas’a sehlooho. Haeba mong’a ntlo a bonahala a thahasella, u ka ’na ua khona ho mo bontša hore na thuto ea Bibele e tšoaroa joang u sebelisa lirapa tse qalang tsa khaolo eo. Mokhoa ona o ka sebelisoa ha ho qalisoa thuto leetong la pele kapa la ho boela.
◼ “Na u bona eka hoa khoneha hore batho feela tjee ba tsebe ’Mōpi ea matla ’ohle joalokaha ho boletsoe temaneng ee ea Bibele?” Bala Liketso 17:26, 27, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 1.
◼ “Ka lebaka la mathata ao re tobanang le ’ona kajeno, na u bona eka re ka fumana matšeliso le tšepo tse boletsoeng moo?” Bala Baroma 15:4, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 2.
◼ “Na u ne u ke ke ua etsa liphetoho tsee haeba u ne u e-na le matla a ho li etsa?” Bala Tšenolo 21:4, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 3.
◼ “Na u bona eka bana ba rōna ba tla ke ba phele tlas’a maemo a hlalositsoeng pineng ee ea boholo-holo?” Bala Pesaleme ea 37:10, 11, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 3.
◼ “Na u bona eka ho na le mohla mantsoe aa a tla phethahala?” Bala Esaia 33:24, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 3.
◼ “Na u kile ua ipotsa hore na bafu ba tseba seo batho ba phelang ba se etsang?” Emela karabo. Ebe u bala Moeklesia 9:5 ’me u buelle khaolo ea 6.
◼ “Na u nahana hore ho ka etsahala hore re boele re bone baratuoa ba rōna ba shoeleng, ho latela mantsoe a Jesu a litemaneng tsee?” Bala Johanne 5:28, 29, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 7.
◼ “U bona eka ho ne ho tla hlokahala eng hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong, ho latela se boletsoeng thapelong ee e tummeng?” Bala Matheu 6:9, 10, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 8.
◼ “Na u nahana hore re phela nakong e hlalositsoeng boprofeteng boo?” Bala 2 Timothea 3:1-4, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 9.
◼ “Batho ba bangata baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho bonahala eka mathata a batho a ntse a tota. Na u kile ua nahana ka see e le lona lebaka?” Bala Tšenolo 12:9, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 10.
◼ “Na u kile ua batla ho tseba karabo ea potso ee?” Bala Jobo 21:7, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 11.
◼ “Na u bona eka keletso ee ea Bibele e ne e ka thusa batho ho thabela bophelo ba lelapa?” Bala Baefese 5:33, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 14.
Thuto ea Bibele e ka tlalehoa ha e khanniloe ka makhetlo a mabeli ka mor’a hore mong’a ntlo a bontšoe kamoo thuto e khannoang kateng, ’me ho totobetse hore e tla tsoela pele.