Sebelisa Lipampitšana ho Kenyeletsa Buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa
1 Khoeling ea June re tla be re fana ka buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Bahoeletsi ba bangata ba tla fana ka buka ena ka ho toba ho beng ba matlo, mohlomong ba sebelisa e ’ngoe ea linehelano tse leqepheng le ka morao la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1992. Katamelo e ’ngoe e ka ’na ea etsoa ka ho sebelisa e ’ngoe ea lipampitšana tsa rōna bakeng sa ho kenyeletsa mpho. Ke hobane’ng ha u sa leke e ’ngoe ea litlhahiso tse latelang?
2 Na Lefatše Lee le Tla Pholoha? Lipampitšana li thusa haholo tabeng ea ho qalisa moqoqo. Li thusa ho hapa tlhokomelo ea beng ba matlo hobane lipampitšana li sebetsana le litaba tse ba amang ka ho toba.
Ka mohlala, u ka ’na ua re:
◼ “Ha re ntse re buisana le batho, re hlokometse hore ba bangata ba amehile ka . . . [khetha ketsahalo ea morao-rao e hlahang litabeng]. Ho bonahala hore maemo a lefatše a ntse a mpefala ho ea pele. Ba bang ba bile baa ipotsa hore na lefatše lena le tla pholoha. U ikutloa joang ka seo? [Fa mong’a ntlo nako ea ho araba. Batho ba bangata ba na le tšepo.] Ke balile ntho e ’ngoe e khothatsang eo ke ratang ho e arolelana le uena. Ke pampitšana ena. [Neha mong’a ntlo pampitšana Na Lefatše Lee le Tla Pholoha? u ntse u tšoere e tšoanang le eona ka letsohong la hao.] Hlokomela hore na ke joang Jesu a ileng a profeta hore . . . ” Bala serapa se lumellanang le ketsahalo ea morao-rao eo u buileng ka eona kenyeletsong ea hao leqepheng la 4 kapa la 5. Kenyeletsa buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa. Haeba ho bonahala ho loketse, retelehela boitsebisong bo eketsehileng bo buang ka boprofeta ba Jesu bo bontšitsoeng leqepheng la 111. Kholiseha hore u phahamisa potso mabapi le taba eo le buisaneng ka eona ha u khutlela.
3 Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso: Ho phela lefatšeng le lecha la khotso ho bolela’ng ho uena? Hangata batho ba nahana ka libaka tse ntle tse nang le linōka tse khōlō le liphula tseo ho tsona ho renang khotso, tse nang le liphoofolo tse ntle tse phelang ka khotso. Ba leng mahlomoleng ka baka la maemo a hona joale ba ka ’na ba hlokomela hore tebello ea lefatše le lecha la khotso e khatholla ka ho fetisisa.
4 Na u itokiselitse ho fana ka ntho e itseng e khathollang le e thabisang ho baahelani ba hao, basebetsi-’moho le uena le bao u kopanang le bona ka ntlo le ntlo?
Ha u sebelisa pampitšana “Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso,” u ka re:
◼ “Na u nahana hore ho tla ke ho khonehe hore batho ba phele ka khotso joalokaha setšoantšo se sekoahelong sa pampitšana ee se bontša? [Fa mong’a ntlo nako ea ho araba.] Ka kōpo sheba polelo ea ho qetela serapeng sa pele leqepheng la 2. Ke potso e reng: ‘Empa na ke toro feela, ho lumela hore maemo ana a tla hle a be teng lefatšeng?’ [Joale bala serapa se latelang pampitšaneng.] Mantsoe ao a qotsitsoeng a buang ka maholimo a macha le lefatše le lecha a tsoa Bibeleng, ho 2 Petrose 3:13. Haeba Bibele ea hao e haufinyane, re ka bala Pesaleme ea 104:5 hore re ithute se eketsehileng ka bokamoso ba lefatše.” Kapa u ka bala temana ena Bibeleng ea hao. Joale u ka lebisa moqoqo bukeng ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa, khaolo 133.
5 Ho tla hlokahala hore ho etsoe maeto a ho boela a tsoelang pele bakeng sa ho ‘nosetsa’ peō e jaliloeng. (1 Ba-Kor. 3:6, 7) Sehlooho se ka tlaase mona se bontša hore na thuto e ka qalisoa joang ka buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa, leetong la pele kapa la ho boela.