Ho Sebelisa Lipampitšana ho Hlahisa Litholoana Tse Molemo
1 Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa kajeno o na le histori ea ho sebelisa lipampitšana ka katleho. Lona lebitso la molao la mokhatlo oa rōna, Watch Tower Bible and Tract Society, le fana ka maikutlo a hore lipampitšana li phetha karolo ea bohlokoa ho haseng litaba tse molemo. Na u sebelisa lipampitšana tsohle ho hlahisa litholoana tse molemo tšebeletsong ea hao?
2 Ho tla hlokahala hore re itloaelanye le e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona. Ka mohlala, na u se u kile ua li bala ka hloko hore u tsebe hore na e ’ngoe le e ’ngoe e tšohla eng? Na u se u kile ua nahana hore na pampitšana ka ’ngoe e tla ipiletsa ho motho oa mofuta ofe? Ho itloaelanya ka ho feletseng le pampitšana ka ’ngoe ho tla haha tšepo ea hao mabapi le ho li sebelisa mosebetsing oa ntlo le ntlo hammoho le maemong a mangata ao u ka fanang ka bopaki bo sa reroang ho ’ona.
3 Ho li Sebelisa Tšebeletsong ea Ntlo le Ntlo: Molebeli e mong oa potoloho oa ngola: “Hangata ke atleha ho qalisa moqoqo ka pampitšana.” Na u se u kile ua leka katamelo ee? Kaha lipampitšana li ngata, re na le likenyelletso tse ngata tse susumetsang tseo re ka khethang ho tsona. Pampitšana ka ’ngoe e re fa monyetla oa ho qala thuto ea Bibele ebang ke leetong la pele kapa leetong la ho boela.
4 Ho na le menyetla e meng bakeng sa ho sebelisa lipampitšana. Nakong ea puisano ntlong e ’ngoe, u ka ’na ua fumana hore motho eo o sa tsoa hlokahalloa ke moratuoa oa hae kapa hore e mong oa lelapa oa kula. Batho ba bang le masoabi a maholo kapa ba lekang ho sebetsana ka katleho le mathata a nako e telele hangata ba ba le maikutlo a fosahetseng ’me ba tepella maikutlong. Ke hobane’ng ha u sa ba fe pampitšana e reng Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlo!? U ka ’na ua fumana hore motho eo o sa tsoa hlalana le molekane oa hae kapa ho felloa ke mosebetsi. Sebelisa lipotso tse leqepheng la 2 la pampitšana ea Thabela Bophelo ba Lelapa: “Ke hobane’ng ha kajeno malapa a aparetsoe ke mathata a joalo a tebileng? Re ka thabela bophelo ba lelapa joang?” Mohlomong tsena ke tsona lipotso tseo motho a nang le tsona kelellong. Esita le haeba thahasello e sa bonahale hona hoo, ho ka etsahala hore ebe o tla bala pampitšana eo hamorao.—Moek. 11:6.
5 Sebelisa Lipampitšana ka Tsela e sa Reroang: Haeba re beha lipampitšana moo re ka li fumanang habonolo—lipokothong tsa lihempe tsa rōna, lipokothong tsa libaki, mekotlaneng ea letsoho kapa ea tšimo—re ka li sebelisa liketsahalong tse sa tšoaneng tse ngata. Li sebelise ha u reka mabenkeleng, u tsamaea kapa u buisana le beng ka uena kapa baeti. Hangata re ka ’na ra iphumana re le boemong ba ho arolela ba bang molaetsa oa ’Muso hakhutšoanyane feela, joaloka mosebetsing kapa sekolong. Lipampitšana li re fa monyetla oa ho fana ka bopaki bo bokhutšoanyane. Pampitšana hase ntho e sithabetsang motho empa e toba taba le hona ka bohlale. E amoheleha habonolo ho feta buka kapa limakasine, kaha ha ho na ho hongata hoo motho a ka ho balang.
6 Ela hloko menyetla ea ho fana ka lipampitšana ka tsela e sa reroang sekolong le moo u sebetsang teng, lireschurenteng, liteisheneng tsa petrole le libakeng tse ling. Morali e mong oabo rōna ha a ntse a etsa litokisetso tsa ho isa nkhono oa hae ngakeng, o ile a etsa bonnete ba hore o ba le lipampitšana tse ling. Ha a le ngakeng moo, o ile a qala moqoqo le mosali e mong ea immeng. Ka mor’a ho bontša mosali eo pampitšana e reng Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso, morali’abo rōna o ile a botsa: “Na u ne u ke ke ua rata ho hōlisetsa ngoana oa hao lefatšeng le tšoanang le le tšoantšelitsoeng moo?” O ile a khona ho ntšetsa pele moqoqo ka ho etela mosali eo ha hae. Sena se ile sa lateloa ke ho khutlela ho eena kamehla.
7 Lithuto Tsa Bibele li ka Qalisoa ka Lipampitšana: Ka ho sebelisa pampitšana, u ka khona ho bontša ka bokhutšoanyane kamoo thuto e khannoang kateng. Morali e mong oabo rōna o ile a etsa sena a sebelisa pampitšana ea Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso. A supile setšoantšo se ho eona, o ile a botsa mong’a ntlo hore na o nahana hore lefatše la rōna le tla ke le be joalo. Ka mor’a hore mong’a ntlo a arabele, morali’abo rōna o ile a mo kōpa hore a bale 2 Petrose 3:13 le Esaia 65:17, tse totobalitsoeng pampitšaneng eo. Eaba morali eo oabo rōna o re: “Litšepiso tsena hase toro leha e le hore ke ntho e iqapeloang empa ha e le hantle li entsoe ka Lentsoeng la Molimo, Bibele.” Eaba o etsa tokisetso ea ho ntšetsa moqoqo pele bekeng e latelang. Leetong le latelang, ho ile ha arabeloa lipotso tse ’maloa tsa mosali eo ’me buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng e ile ea sala. Ho ile ha fella ka thuto ea Bibele.
8 Na u e mong ua ba sa tsoa kolobetsoa kapa mohlomong u mohoeletsi ea sa kolobetsoang ea ntseng a fumana phihlelo tšebeletsong ea hao? Haeba ho joalo, u ka ’na ua batla ba batlang ba e-na le phihlelo e eketsehileng ’me ua ba kōpa litlhahiso tabeng ea ho sebelisa lipampitšana tšimong ea phutheho ea heno. Re na le mehlala e mengata ka Bibeleng ea ba fumaneng khothatso le tataiso ho ba hōlileng tumelong.—Lik. 18:24-27; 1 Bakor. 4:17.
9 Joaloka batho ka bomong le malapa, ipheng nako ea ho hlahloba mokhoa oa ho nehelana ka e ’ngoe le e ’ngoe ea lipampitšana tsena. E-bang le linako tsa ho ikoetlisa. U ka sebelisa lipampitšana joang le lingoliloeng tse ling tse buelletsoeng tšebeletsong ea tšimo bakeng sa khoeli eo? Ke libaka life tseo u lokelang ho ea ho tsona tseo u ka eang ho tsona u nkile lipampitšana? Na u tla kopana le motho e mong bekeng ee ea tlang ho rua molemo molaetseng o nakong o fanoang ke lipampitšana tsee?
10 Lerato le tebileng ho Jehova le ho ameha ka batho li tla re susumelletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang mabapi le ho tsebahatsa litaba tse molemo. Ho sebelisa lipampitšana kamehla ho tla re thusa ho etsa joalo. Haeba re sebelisa lipampitšana ka bohlale boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso, re kholisehile hore re tla ba le liphello tse molemo.