Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo
Ka Lipampitšana le ka Limemo
1 Monna e mong o ile a ngolla Mokhatlo: “Ke ile ka feta pel’a mosali e mong ea ileng a mpha pampitšana ea Bibele. E ne e baleha tjena, ‘Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso.’ Pele ke e bala ke ne ke le monyebe, empa ka mor’a ho e bala ke ile ka tsoha molota ’me ka ba morolo.” Monna eo o ne a batla boitsebiso bo eketsehileng ’me a ngola hore a bo fumane, a hlalosa: “Ke lebelletse ho fumana buka eo ho lōna, ea ‘U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.’”
2 Ka sebele, ba bangata ba rorisang Jehova hona joale takatso ea bona ea lijo tsa moea e ile ea leotsoa ke lipampitšana le molaetsa oa Bibele o hatisitsoeng ka mor’a limemo tsa rōna. Na u sebelisa lipampitšana le limemo tšebeletsong ea hao? Ba bangata ba etsa joalo. Afrika Boroa, ho hatisitsoe lipampitšana tse ka holimo ho limillione tse 1,7 tsa Lefatše le Lecha la Khotso, hammoho le likopi tse ka bang limillione tse 3,5 tsa lipampitšana tse ling tse tharo, Lebaka la Hore U Tšepe Bibele, Ke Eng Seo Lipaki tsa Jehova li se Lumelang? le Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng? Ho boetse ho romelloa limemo tse ka holimo ho 250 000 liphuthehong tse Afrika Boroa selemo ka seng.
3 Le ka mohla ha rea lokela ho khella matla a Lentsoe la Molimo fatše joalokaha ho hlalosoa ke melaetsa ena e mekhutšoanyane. (Ba-Heb. 4:12; bapisa le Zakaria 4:10; Jakobo 3:4, 5.) Paki e ’ngoe e ngotse: “Ke ile ka bala lipampitšana tsa ka tse tsoang Mokhatlong oa Watch Tower, ’me qetellong ke ile ka ithuta ’nete.” E ile ea hlalosa: “Lefatšeng lena le potlakileng, hangata batho ha ba batle ho ipha nako ea ho bala, empa lipampitšana li telele ka ho lekaneng feela hore li be le molaetsa oa bohlokoa empa ha li telele haholo hoo li ka furallisang batho pele ba li talima.”
4 Hangata batho ba ba leqe ho nka lingoliloeng ho rōna ka mabaka a sa tšoaneng. Empa ba bangata ba ikutloa ba khotsofetse ha ba amohetse pampitšana feela. Molebeli e mong oa potoloho o hlalosa hore o na le sephutheloana se senyenyane sa polastiki ’me o li bontša mong’a ntlo, o mo lumella hore a khethe eo a e ratang. Oa ngola: “Pampitšana ea pele e khethoang, ke e reng Ke Eng Seo Lipaki tsa Jehova li se Lumelang?”
PUISANONG EA PELE
5 Bahoeletsi ba bang ba fumana hore ho fana ka pampitšana kapa sememo ke tsela e atlehang ea ho qalisa lipuisano. Ka ho fa mong’a ntlo pampitšana e ’ngoe, le hoja a le leqe ho u bulela monyako, a ka ’na a susumelletseha ho o bula. Ho ’montša kemiso ea liboka e hlalositsoeng sememong ho ka bula tsela bakeng sa puisano ea mosebetsi oa rōna le morero oa rōna. Na u sebelisa limemo? Baholo ba kholisehe hore ho na le lenane le lekaneng le tla sebelisoa ke phutheho.
6 Haeba ho bonahala hore mong’a ntlo o phathahane kapa o tepelletse maikutlo, pampitšana e ka ’na ea e-ba eona feela ntho eo a neng a e hloka. Mosali e mong o ile a tšelisoa haholo ke pampitšana e buang ka tšepo ea bafu hoo a ileng a ngolla Mokhatlo hore a fumane boitsebiso bo eketsehileng. Ha ho se na motho lapeng, mong’a ntlo a ka ’na a sieloa pampitšana moo motho ea fetang ka tsela a ke keng a e bona.
MAETONG A HO BOELA
7 Ha e mong a khutlela moo ho bontšitsoeng thahasello e itseng pejana, mohlomong a ka re: “Lumela, [’mitse ka lebitso]. Ka sebele ke thabile haholo ha ke u fumane lapeng. Ha re ne re teana ka lekhetlo la pele, ke ile ka khahloa ke hore ebe u ile ua ipha nako ea ho bua ka Bibele. Ke na le boitsebiso bo eketsehileng boo ke nahanang hore u tla bo thahasella. Bo fumanoa pampitšaneng ena, e reng Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso. Haeba u sa hopola, nakong e fetileng re buile ka tšepiso ea Bibele ea khotso ea ’nete le ea ka mehla bakeng sa batho. Leha ho le joalo, kaha batho ba bangata ba nahana ka leholimo feela ha ba bala litšepiso tsena, hlokomela hore Pesaleme ea 37:29 e bontša hore mahlohonolo ana a tla ba teng mona lefatšeng. [Bala lengolo leo, u bontše mong’a ntlo hore na le hlaha hokae pampitšaneng.] Na hoo ha ho utloahale ho tsosa thahasello? [Tšohla lirapa tse ’maloa.] Ho na le mangolo a eketsehileng a khothatsang pampitšaneng ena, ’me u tla a fumana a thabisa ka ho tšoanang. Mohlomong nakong e tlang ha ke e-tla, re ka bala a mang a ’ona re le ’moho joalokaha re entse kajeno.”
8 Kannete, lipampitšana tsa rōna le limemo ke limpho tse tsoang ho Jehova. E se eka re ka ba hloahloa ho sebelisa lithuso tsena tsa bohlokoa ha re ntšetsa pele tšebeletso e atlehileng e lebisang thoriso ho eena le e re tlisetsang tlhohonolofatso ea ka ho sa feleng.—Liprov. 22:29.