Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/00 leq. 4
  • Sebelisa Lipampitšana ho Qalisa Moqoqo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Lipampitšana ho Qalisa Moqoqo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebelisa Lipampitšana ho Hlahisa Litholoana Tse Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Sebelisa Lipampitšana ho Phatlalatsa Litaba Tse Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lebaka leo ka Lona Lipampitšana li Leng Bohlokoa Haholo Tšebeletsong ea Rōna Kajeno
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 1/00 leq. 4

Sebelisa Lipampitšana ho Qalisa Moqoqo

1 Na u ke ke ua lumela hore ho fana ka bopaki bo atlehang ho itšetlehile haholo ka hore u nke bohato ba pele ba ho qalisa moqoqo? Phephetso ke ho bua ntho e hapang thahasello ea motho le e etsang hore a amehe. Empa see se ka etsoa ka tsela e atlehang joang?

2 Bahoeletsi ba bangata ba hlokometse hore ka mantsoe a seng makae a khethiloeng ka hloko, ba khona ho qalisa moqoqo ka ho fana ka e ’ngoe ea lipampitšana tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng. Lihlooho tsa tsona lia ipiletsa ’me litšoantšo tsa tsona li na le mebala e hapang tlhokomelo. Pampitšana ha e tšose motho, ka ho mo fa boikutlo ba hore ho na le boitsebiso bo bongata bo lokelang ho baloa. Ho ntse ho le joalo, molaetsa o tobileng oa lipampitšana o hapa maikutlo ’me o ka sebelisoa ho lebisa thutong ea Bibele.

3 Paki e ’ngoe e ne e ikutloa ka tsela ena: “Lefatšeng lena le potlakileng, hangata batho ha ba batle ho qeta nako e ngata ba ntse ba bala, empa lipampitšana tsena li telele ka ho lekaneng ho fana ka molaetsa oa bohlokoa empa ha li telele hoo li ka nyahamisang batho le pele ba li bula. Ke ile ka bala lipampitšana tse ngata, ’me qetellong ka tseba ’nete.” Le ka mohla u se ke ua halala matla a Lentsoe la Molimo a hlalositsoeng melaetseng ena e mekhutšoanyane, e hatisitsoeng.—Baheb. 4:12.

4 Mehato e Mene e Bonolo: Batho ba bangata ba ile ba atleha ha ba sebelisa katamelo e bonolo. (1) Bontša motho lipampitšana tse ’maloa ’me u mo botse hore na ke efe eo a e thahasellang. (2) Ka mor’a hore motho a e khethe, mo botse potso e lokiselitsoeng hantle e totobatsang ntlha e khōlō e pampitšaneng eo. (3) Ha u araba potso eo, bala serapa kapa lengolo le loketseng pampitšaneng eo. (4) Haeba u fumana karabelo e bontšang khahleho, tsoela pele ho tšohla seo pampitšana eo e se fupereng kapa u buelle thuto e bukaneng ea Seo a se Hlokang kapa khaolo e bukeng ea Tsebo e fanang ka litlhaloso tse eketsehileng. Ka tsela ena u ka ’na ua khona ho betla tsela e lebisang ka ho toba thutong ea Bibele. Litlhahiso tse latelang li tla u thusa ho lokisetsa seo u ka se buang u sebelisa lipampitšana tse ’nè.

5 Sehlooho sa pampitšana e reng “Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše?” se ka ’na sa hlahisoa e le potso.

◼ Haeba motho eo u buisanang le eena a araba ka ho re “Ke Molimo” kapa a re “Ha ke tsebe,” bala lipolelo tse peli tse qalang leqepheng la 2 le serapa se qalang leqepheng la 3. Totobatsa lintlha tse ho 1 Johanne 5:19 le Tšenolo 12:9. Ebang motho o belaella boteng ba Satane Diabolose kapa oa lumela hore ke eena ea susumetsang lefatše, u ka sebelisa mabaka a fanoeng sehloohoaneng se reng “Ho Fumana Leseli ho Tsoa Maemong a Lefatše” ho ntšetsa moqoqo pele. Haeba a bontša thahasello, ithaopele ho hlalosa moo Diabolose a tsoang teng, u sebelisa lintlha tse leqepheng la 3 le la 4 pampitšaneng eo.

6 Pampitšana e reng “Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng?” e ka ’na ea tsosa thahasello hang-hang. U ka ’na ua qalisa moqoqo ka ho botsa:

◼ “Na u nahana hore ho na le mohla re tla ke re boele re bone baratuoa ba rōna ba shoeleng?” Ka mor’a hore motho a arabe, mo bontše serapa sa bobeli se leqepheng la 4 la pampitšana eo ’me u bale Johanne 5:28, 29. Ebe u mo hlalosetsa hore e thusa motho ho utloisisa boitsebiso bo tlas’a sehloohoana se qalang pampitšaneng ena. Mo memele hore le buisane ka eona.

7 Pampitšana ea “Thabela Bophelo ba Lelapa” e ipiletsa hohle bakeng sa malapa. Ha u e sebelisa, u ka ’na ua re:

◼ “Mohlomong u tla lumela hore lelapa lea hlaseloa kajeno. U nahana hore ke eng e ka etsoang ho matlafatsa litlamo tsa lelapa?” Ka mor’a hore motho a arabele, lebisa tlhokomelo ea hae lintlheng tse serapeng se qalang leqepheng la 6. Khetha le leng la mangolo a qotsitsoeng leqepheng la 4 le la 5 pampitšaneng eo, ’me u hlalose seo le se bolelang. Ebe u mo memela ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

8 Pampitšana e reng “Lebaka la Hore U Tšepe Bibele” e ka ’na ea sebelisoa ka nehelano ena:

◼ “Batho ba bangata ba kile ba utloa ka pale ea Kaine le Abele, e fumanoang bukeng e qalang ea Bibele. Tlaleho ea Genese e boetse e bua ka mosali oa Kaine. Na u kile ua ipotsa hore na o ne a tsoa hokae?” Sebelisa serapa sa ho qetela se leqepheng la 2 la pampitšana eo ho mo fa karabo. Hlalosa hore pampitšana eo e boetse e tšohla lintho tsa bohlokoa tseo Bibele e li hlalosang mabapi le seo bokamoso bo re fuparetseng sona. U qala ka serapa sa boraro leqepheng la 5, ntšetsa puisano pele, u sebelisa mangolo a tšehetsang.

9 Ho aba lipampitšana tsa Bibele ke tsela e atlehang ea ho nehelana ka litaba tse molemo e pakiloeng ka nako e telele hore ea sebetsa. Kaha ho bonolo ho tsamaea ka tsona hohle moo u eang teng, u ka li sebelisa ka tsela e atlehang mosebetsing oa hao oa ntlo le ntlo le bopaking bo sa reroang. Lipampitšana li phetha karolo ea bohlokoa ho phethahatseng tšebeletso ea rōna. Etsa bonnete ba hore u li nka ka mefuta e sa tšoaneng, ’me u li sebelise haholo ho qaliseng moqoqo.—Bakol. 4:17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela