Sebelisa Lipampitšana ho Phatlalatsa Litaba Tse Molemo
1. Bahlanka ba Molimo ba ’nile ba sebelisa lipampitšana joang?
1 Haesale lipampitšana tse thehiloeng Bibeleng li sebelisoa ke bahlanka ba Jehova ho phatlalatsa litaba tse molemo. Ka 1880, C. T. Russell le basebetsi-’moho le eena ba ile ba qala ho hatisa Bible Students’ Tracts, ’me li ne li fuoa batho ba neng ba bala Watch Tower hore ba li abele batho ba bang. Lipampitšana li ne li nkoa e le tsa bohlokoa hoo ka 1884 ha C. T. Russell a ne a ngolisa mokhatlo oa molao o sa etseng phaello oo sepheo sa oona e neng e le ho ntšetsa-pele mosebetsi o amanang le ’Muso, a ileng a akarelletsa lentsoe “pampitšana” lebitsong la mokhatlo oo, e leng Zion’s Watch Tower Tract Society, oo hona joale o bitsoang Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. Ho fihlela ka 1918, Liithuti Tsa Bibele li ne li se li abile lipampitšana tse fetang limilione tse 300. Le kajeno lipampitšana li ntse li le molemo haholo mosebetsing oa ho fana ka bopaki.
2. Ke hobane’ng ha lipampitšana li atleha?
2 Ke Hobane’ng ha Lipampitšana li Atleha?: Lipampitšana li mebala e metle ebile li hapa mahlo. Molaetsa oa tsona o tobang taba o khahla batho ebile oa ba ruta. Li khahla beng ba matlo bao e ka ’nang eaba ba bona limakasine kapa libuka li le khōlō haholo. Ho bonolo ho tsamaisa lipampitšana, bahoeletsi ba bacha esita le bana ba ka li tsamaisa. Ho phaella moo, lipampitšana ha li boima, ho bonolo hore re ka tsamaea re li nkile.
3. Pheta phihlelo eo u bileng le eona kapa e hlahang ka har’a lingoliloeng tsa rōna e bontšang bohlokoa ba lipampitšana.
3 Batho ba bangata ba qalile ho ithuta ’nete ka lipampitšana. Ka mohlala, mosali e mong oa Haiti o ile a bona e ’ngoe ea lipampitšana tsa rōna seterateng. O ile a e thonaka, a e bala, eaba o re, “Ke fumane ’nete!” Hamorao o ile a ea Holong ea ’Muso, a qala ho ithuta Bibele, ’me a kolobetsoa—tsena tsohle li ile tsa etsahala ka lebaka la matla a molaetsa oa Lentsoe la Molimo oo a ileng a o fumana pampitšaneng.
4. Sepheo sa rōna e lokela ho ba sefe khoeling eo re tsamaisang lipampitšana?
4 Ka Ntlo le Ntlo: Kaha lipampitšana lia atleha ha re li sebelisa ho fana ka bopaki, nako le nako re tla li tsamaisa ka khoeli e itseng, ho qala ka November. Sepheo sa rōna hase hore feela re fane ka lipampitšana empa re batla ho sebelisa lipampitšana ho qalisa moqoqo. Haeba motho a bontša thahasello ha re qala ho buisana le eena kapa ha re etsa leeto la ho boela, re ka mo bontša hore na thuto ea Bibele e khannoa joang re sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa sengoliloeng se seng. Re ka tsamaisa lipampitšana joang ka ntlo le ntlo? Lipampitšana ha li tšoane, ka lebaka leo re lokela ho tseba hore na lipampitšana tseo re li tsamaisang li bua ka eng.
5. Re ka tsamaisa lipampitšana joang ha re e-ea ka ntlo le ntlo?
5 Re lokela ho fetola molaetsa oa rōna hore o lumellane le tšimo eo re e sebetsang le pampitšana eo re e tsamaisang. Re ka qalisa moqoqo ka hore re fe mong’a ntlo pampitšana. Setšoantšo se setle se ka ntle se ka ’na sa mo khahla. Kapa re ka mo bontša lipampitšana tse ’maloa eaba re re a khethe eo a e ratang. Ha re sebetsa tšimong eo batho ba leng leqe ho bula menyako ha ba bua le rōna, re ka ’na ra hlahisa pampitšana ka tsela eo mong’a ntlo a tla bona leqephe le ka holimo kapa ra kōpa hore re kenye ntho e ’ngoe tlas’a lemati eo re ka ratang ho utloa maikutlo a hae ka eona. Haeba sehlooho sa pampitšana e le potso, re ka mo kōpa hore a re bolelle maikutlo a hae ka eona. Kapa re ka mo botsa potso e ka etsang hore a thahaselle molaetsa e le hore re ka qalisa moqoqo le eena. Ka mor’a moo, re ka bala karolo e itseng ea pampitšana le mong’a ntlo, ebe moo ho botsoang lipotso rea khefutsa, re kōpa hore a hlahise maikutlo a hae. Re ka bala mangolo a sehlooho Bibeleng. Ka mor’a ho tšohla boitsebiso bo itseng, re ka phethela puisano, ebe re etsa litokisetso tse tobileng tsa ho khutla. Haeba ka tloaelo phutheho ea habo lōna e siea lingoliloeng ha batho ba le sieo malapeng, re ka ’na ra siea pampitšana lelapeng leo ho se nang motho moo batho ba fetang ka tsela ba ke keng ba e bona.
6. Lipampitšana li ka sebelisoa joang ha ho fanoa ka bopaki seterateng?
6 Bopaki ba Seterateng: Na u kile ua tsamaisa lipampintšana ha u fana ka bopaki seterateng? Batho ba bang ba potlakile ’me ba leqe ho ema ebe ba bua le rōna. Ho ka ’na ha e-ba thata ho bona hore na ba thahasella hakae. Ho e-na le ho ba fa limakasine tsa morao-rao empa re sa tsebe hantle hore na ba tla li bala kapa che, e ka ba hantle hore re ba fe pampitšana. Kaha leqephe le ka holimo la pampitšana le hapa mahlo ebile molaetsa oa lona o mokhutšoanyane, batho ba batlang ho tseba lintho ba ka ’na ba bala pampitšana ha ba e-na le nako e fokolang. Ke ’nete hore haeba ba sa potlaka re ka ’na ra buisana le bona ka se ka har’a pampitšana.
7. Pheta liphihlelo tse bontšang kamoo re ka sebelisang lipampitšana kateng ha re fana ka bopaki bo sa reroang.
7 Bopaki bo sa Reroang: Ho bonolo ho sebelisa pampitšana ho fana ka bopaki bo sa reroang. Mora e mong oabo rōna o tšela lipampitšana tse ’maloa ka pokothong ha a tloha lapeng. Ha a kopana le motho, mohlomong motho ea rekisang lebenkeleng, o mo bolella hore o kōpa ho mo fa ntho eo a ka e balang, ebe o mo fa pampitšana. Ha banyalani ba bang ba ne ba e-ea New York City ho ea bona libaka, ba ile ba hlokomela hore ba ne ba tla kopana le batho ba tsoang linaheng tse fapa-fapaneng. Ka lebaka leo ba ile ba nka bukana ea Nations le lipampitšana tse ’maloa ka lipuo tse sa tšoaneng. Kahoo, ha ba ne ba utloa motho a bua puo e ’ngoe, ebang e ne e le ea rekisang lintho ka thoko ho tsela kapa ea neng a le haufi le bona serapeng sa boikhathollo kapa reschorenteng, ba ne ba mo fa pampitšana ka puo ea habo.
8. Lipampitšana li tšoana le peō ka tsela efe?
8 “Jala Peō ea Hao”: Lipampitšana li ka tšoantšoa le peō. Molemi o jala peō e ngata kaha ha a tsebe hore na ke efe e tla mela. Moeklesia 11:6 e re: “Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane; etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho, ebang ke mona kapa mane, kapa hore na ka bobeli li tla ba molemo ka ho tšoanang.” Kahoo, e se eka re ka tsoela pele re “hasanya tsebo” re sebelisa lipampitšana kaha li atleha haholo.—Liprov. 15:7.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
Kaha lipampitšana lia atleha ha re li sebelisa ho fana ka bopaki, nako le nako re tla li tsamaisa ka khoeli e itseng, ho qala ka November