Litaba Tsa Puso ea Molimo
◆ Belize e fetile pakane ea 900 kakaretsong ea bahoeletsi ka August, ’me ha tlaleha ba 902. Ena ke keketseho ea 11 lekholong holim’a karolelano ea selemo se fetileng.
◆ Ecuador e qetile letoto la eona la Likopano tsa Setereke tsa “Puo e Hloekileng” ’me kakaretso ea ba bileng teng e bile 40 799. Tlhōrō eo ba bileng le eona ea bahoeletsi ba 18 069 ka August e bile keketseho ea 25 lekholong holim’a karolelano ea selemo se fetileng.
◆ Ba bileng teng likopanong tsa setereke Haiti e bile 13 236, ’me ha kolobetsoa ba 396. Tlhōrō ea bona ea bahoeletsi bakeng sa selemo e bile 6 427.
◆ New Caledonia e fihletse tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1 165 ka August, e leng keketseho ea 15 lekholong.
◆ New Zealand e bile le keketseho ea 10 lekholong ka August hammoho le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 11 515.
◆ Vanuatu e bile le keketseho ea 83 lekholong ka August hammoho le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 189. Ka karolelano bahoeletsi ba phutheho ba bile le lithuto tse peli tsa Bibele mohoeletsi a le mong.