Thusa Batho ba Kang Linku Hore ba Hahe Holim’a Motheo o Tiileng
1 Ho haha ntlo ho hloka ho lokisetsa ka hloko le boiteko bo tobisitsoeng sepheong se le seng. Ka mor’a hore ho etsoe polane ea ntlo, ho lokela ho lokisoe moo e tla hahoa teng ’me ho raloe motheo o tiileng. Morero oa kaho o tsoela pele mohato ka mohato ho fihlela ha qetellong o phethoa. Ka ho tšoanang, re tlameha ho thusa batho ba kang linku ho ithuta ’nete mohato ka mohato. Re leka ho tsosa thahasello ketelong ea pele. Ka mor’a moo, re etsa maeto a ho boela, re rala motheo ka ho ruta linnete tsa motheo ka Molimo le morero oa hae ka moloko oa batho.—Luka 6:48.
2 Leha ho le joalo, pele ho ka raloa motheo, ho hlokahala hore re lokise “setša” seo ho tla hahoa ho sona, re nahanele maemo a mong’a ntlo. Le buisane ka sehlooho sefe nakong e fetileng? U ile ua sebelisa mangolo afe? O ile a arabela joang? U ile ua siea khatiso efe? Ha u boela, e-ba le lintlha tse tobileng ka kelellong, ebe u haha motheo mohato ka mohato. Ketelong e ’ngoe le e ’ngoe tsebo ea mong’a ntlo ea hōla ’me tumelo ea hae ho Molimo ea eketseha.
3 Haeba u tsamaisitse buka “Phela ka ho sa Feleng,” u ka ’na ua re:
◼ “Ke thabile haholo ho u fumana u le lapeng. U tla hopola hore ha re ne re buisana ka lekhetlo la ho qetela, re ile ka bua ka thahasello ea batho ba leng sebakeng sa rōna e ntseng e fela ho Molimo. Ka ho hlakileng Bibele e bolela hore Molimo o thahasella batho le hore ba lokileng ba tla amohela tlhohonolofatso ka ’Muso oa hae. [Bala Mattheu 6:9, 10.] Ka ’Muso ona, ho loka le tōka li tla rena.” Bala Esaia 11:3-5, ebe u hlokomelisa mong’a ntlo ka lirapa tse peli tse qalang tsa khaolo 1 ea buka Phela ka ho sa Feleng. Bontša kamoo boitsebiso bo ka ithutoang.
4 Haeba ketelong ea pele ho tsamaisitsoe pampitšana Lefatše le Lecha la Khotso, le ka ikhopotsa lintlha tse khōlō tseo le buisaneng ka tsona mabapi le hore re hloka maemo a molemonyana le litšepiso tsa Bibele. Hatella hore e le hore re phele lefatšeng le lecha, re tlameha ho fumana tsebo e nepahetseng. Bala Johanne 17:3. Hlalosa hore ka mor’a ho fumana tsebo e joalo, re tlameha ho etsa thato ea Molimo. Bala 1 Johanne 2:17. Hlokomelisa mong’a ntlo lintlha tse tobileng leqepheng la 5 la pampitšana.
5 Haeba u ile ua totobatsa taba ea bophelo ba lelapa ha u tsamaisa buka “Phela ka ho sa Feleng” ketelong ea pele, u ka ’na ua re:
◼ “Ha ke ne ke tlile lekhetlong le fetileng, re ile ra buisana ka taba ea bophelo ba lelapa. Re ile ra lumellana hore e le hore re be le bophelo bo thabileng ba lelapa, re tlameha ho latela tataiso e fumanoang ka Bibeleng. U nahana hore ho hlokahala eng hore lenyalo le atlehe?” Emela karabo. Totobatsa lintlha tse tobileng ho tsoa boitsebisong bo bontšitsoeng ho maqephe 243-6 a buka Phela ka ho sa Feleng. Kōpa litlhaloso tsa mong’a ntlo mabapi le seo a se bonang litšoantšong ebe le buisana ka lintlha tseo u khethileng hore lia tšoaneleha. Hatella bohlokoa bo sebetsang ba melao-motheo ea Bibele.
6 Haeba u ile ua siea pampitšana ea Thabela Bophelo ba Lelapa, hlahlobang melao-motheo ea Bibele e bontšitsoeng maqepheng a 4 le 5. Ebe u tsamaisa buka Phela ka ho sa Feleng. Phetla khaolong ea 29, “Ho Atlehisa Bophelo ba Lelapa,” ’me u bontše kamoo mong’a ntlo a ka buisanang ka sona le lelapa la hae.
7 Kaofela ha rōna re lokela ho kopanela ka mehla ho etseng maeto a ho boela. Latella thahasello eohle ka ho etsa maeto a ho boela a atlehang ka September.