Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/93 leq. 10
  • Hokahanya Lipampitšana le Lingoliloeng tse Ling

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hokahanya Lipampitšana le Lingoliloeng tse Ling
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Lipampitšana ho Qalisa Moqoqo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Sebelisa Lipampitšana ho Kenyeletsa Buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Maeto a ho Boela a Bonolo le a Atlehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • E Sebelise ka Linako Tsohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 4/93 leq. 10

Hokahanya Lipampitšana le Lingoliloeng tse Ling

1 Limakasineng tsohle tse hatisoang kajeno, ke Molula-Qhooa le Tsoha! feela tse ka thusang babali ba tšepahalang ho fumana tsela e isang bophelong bo sa feleng. Ha u ntse u buisana le batho ka April le May, ba bang ba tla bontša thahasello ea sebele molaetseng oa ’Muso, ’me u ka lebisa tlhokomelo ea bona ka ho toba limakasineng tsa morao-rao le hore ba etse peeletso. Ba bang qalong ba tla bontša thahasello e fokolang. Maemong a joalo, u ka buisana le bona ka ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse leng pampitšaneng; joale haeba mong’a ntlo a bontša thahasello e eketsehileng, hokahanya pampitšana le makasine kapa bukana e lekanang le makasine tseo u li tsamaisang.

2 U ka re:

◼ “Batho ba bangata baa lumela hore lefatšeng la kajeno mathata a mangata haholo ho feta litharollo. Na u ne u tseba hore a mang a mathata a rōna a tebileng a boletsoe esale pele ka Bibeleng?” Joale u ka phetla maqephe 4 le 5 a pampitšana Na Lefatše Lee le Tla Pholoha? ’me u bue ka a mang a mathata.

3 Haeba u tsamaisa Molula-Qhooa oa April 1 ’me mong’a ntlo a bontša thahasello ho seo u se balileng pampitšaneng, u ka supa sehlooho se reng “Latela Leseli la Lefatše” ’me u hlalose kamoo Jesu Kreste a tla qetella a rarolotse mathata ’ohle a batho ka teng. Joale nehelana ka peeletso. Haeba peeletso e sa amoheloe, siela mong’a ntlo pampitšana hammoho le limakasine tse peli ’me u ithaopele ho khutla ka nako e loketseng ho ntšetsa puisano pele.

4 Haeba ho buelloa “Tsoha!” ea April 8, u ka sebelisa kenyeletso e leng serapeng sa 2 sa sehlooho sena ebe joale ua eketsa:

◼ “Batho ba bangata ba na le pelaelo ea hore na bolumeli le lipolotiki li na le matla a ho rarolla mathata a rōna, baa ipotsa hore na saense e na le karabo.” Joale bala ntlha e loketseng sehloohong “Na Saense e ka Finyella Liphephetso tsa Lekholo la bo21 la Lilemo?” Ha ho pelaelo hore sehlooho sena se tla ipiletsa ho bacha ba bangata, haholo-holo liithuti.

5 Ha u buella bukana e lekanang le makasine “Bonang,” mohlomong u ka sebelisa katamelo e fapaneng:

◼ “Batho ba bangata baa ipotsa hore na ho etsahala eng ka rōna ha re shoa. Ba bang ba bolela hore re ea leholimong kapa liheleng; ba bang ha ba tsebe hantle. Karabo ea Bibele ke e makatsang le e kholisang.” Joale u ka kenyeletsa likarolo tse ling le ho buisana ka likarolo tsa pampitšana Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng? Ka mor’a moo u ka phetla maqephe 16 le 17 a bukana e lekanang le makasine haeba mong’a ntlo a bontša thahasello pampitšaneng.

6 Re tla fumana batho ba bangata ba amehileng ka botebo ka maemo a lefatše a ntseng a mpefala. Ke hobane’ng ha u sa lebise tlhokomelo ea bona setšoantšong se leng pampitšaneng Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso? U ka balla mong’a ntlo lipotso tse tharo tse leng serapeng sa pele pampitšaneng. Ka mor’a hore a arabele, lebisa tlhokomelo ea hae serapeng sa pele tlas’a sehlohoana “Bophelo Lefatšeng le Lecha la Molimo” leqepheng la 3. Sehlohoana sena se bontša hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla tlisa lefatše le lecha la khotso. Haeba mong’a ntlo a bontša thahasello e eketsehileng, sebelisa Molula-Qhooa oa April 1 joalokaha ho bontšitsoe serapeng sa 3 sa sehlooho sena.

7 Haeba u mohoeletsi e mocha, ntle ho pelaelo u tla ananela katamelo e bonolo. Ke hobane’ng ha u sa iphumanele lipampitšana tse lekaneng tsa Na Lefatše Lee le Tla Pholoha? ebe u latela litlhahiso tse boletsoeng ka holimo serapeng sa 2?

8 Ke tokelo hore re ise molaetsa oa pholoho malapeng a batho. Ha re ntse re batla ‘ba tšoanelehang,’ ha re sebeliseng lipampitšana tsa rōna hamolemo le ho li hokahanya le lingoliloeng tse ling ha re fumana thahasello.—Matt. 10:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela