Sebelisa Buka ea ho Bea Mabaka Maetong a ho Boela
1 “’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse.” Ke kamoo moapostola Pauluse a boletseng ka teng. (1 Ba-Kor. 3:6) Mantsoe ana a fana ka moralo o bonolo oa mehato ea pele e ’meli ea ho etsa barutuoa. Hangata mosebetsi oa maeto a ho boela o ’nile oa bitsoa mosebetsi oa ho “nosetsa.” Ke sehokelo se hlokahalang pakeng tsa ha re qala ho buisana le motho ka lekhetlo la pele le ha motho a fetoha morutuoa ea kolobelitsoeng. Mosebetsi oa maeto a ho boela o re nolofalletsa hore re ‘jale tsebo’ ho hlokomela peō ea thahasello e bontšitsoeng ho fihlela e mela ’me ho qalisoa thuto ea Bibele.—Liprov. 15:7, BPN.
2 Ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba le leqe ho khutlela moo ho bontšitsoeng thahasello hobane ba sa tsebe hantle hore na ba tla re’ng. Buka ea rōna ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo e nang le litšupiso tse fumanehang habonolo e ipakile e le molemo haholo ha ho nosetsoa. Hangata pele mong’a ntlo a lumela hore ho be le thuto ea ka mehla ea Bibele, ho lokela ho etsoa maeto a ’maloa a makhutšoaane. Buka ea Ho Bea Mabaka e fana ka lihlooho tsa Mangolo tseo ho ka buisanoang ka tsona le mong’a ntlo. Lokisetsa leeto la ho boela hantle, mohlomong u sebelisa e le ’ngoe kapa tse eketsehileng tsa litlhahiso tsena tse latelang.
3 Haeba u tsamaisitse kopi ea “Molula-Qhooa” oa April 15, 1992, o buang ka thapelo, ha u khutlela mohlomong u ka botsa potso ena:
◼ “Ke eng se ka etsang hore Molimo o se ke oa amohela lithapelo tsa motho?” Ka mor’a ho neha mong’a ntlo nako ea ho fana ka karabo, ntša buka ea hao ea Ho Bea Mabaka ’me u phetle leqephe 406. Buisana le eena ka a mang a mangolo a tlas’a sehlooho seo, u mo khothalletse hore a a bale ka ho toba ho tsoa bukeng. Buella peeletso, kapa limakasine tse peli haeba peeletso e hanoa.
4 Leetong le leng la ho boela, ka mor’a ho botsa mong’a ntlo hore na o nka ’Muso oa Molimo joang, joalokaha ho buuoa ka ’ona Thapelong ea Morena, phetla maqephe 336-42. Haeba nako e lumela, hōlisa mangolo a tlas’a “Na ’Muso oa Molimo ke Puso ea Sebele?” le “’Muso oa Molimo o Tla Finyella Eng?” Hlakola maikutlo a tloaelehileng a fosahetseng a hore ’Muso o ka pelong ea motho. ’Muso ke puso ea sebele! Ho e-na le hore u akaretse boitsebiso boo kaofela ka nako e le ’ngoe, botsa lipotso tseo le tla buisana ka tsona hamorao.
5 Ketsahalong e ’ngoe, mong’a ntlo a ka ’na a nka kopi ea Tsoha! ea May 8, 1992, e nang le sehlooho “Na Bophelo bo Hlile bo na le Morero?”
Mohlomong u ka botsa:
◼ “Na ho na le bopaki ba hore ’mele oa motho o ne o etselitsoe ho phela ka ho sa feleng lefatšeng?” Kapa, “Na u nahana hore bafu ba tseba seo ba phelang ba se etsang?” Lipotso tsena li ka ’na tsa tsosa thahasello ho mong’a ntlo hobane li mo ama ka ho toba. Lokisetsa ho khutlela u e-na le likarabo, joalokaha li fumanoa bukeng ea Ho Bea Mabaka maqepheng 86 le 219, ka ho latellana.
6 Haeba puisano ea pele e ne e ama bokamoso ba lefatše, mohlomong u ka botsa:
◼ “Na Molimo o tla lumella batho hore ba senye lefatše ka tsela e itseng?” Joale u phetle leqephe 121 bukeng ea Ho Bea Mabaka ebe u bua ka karabelo ea Mangolo. Kapa mong’a ntlo a ka ’na a botsa: “Haeba ho ka tsosoa batho ba libillione bafung, ba tla lula kae kaofela ha bona?” Karabelo e ka fumaneha bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqephe 434.
7 Leka hore u se fōqe mong’a ntlo ’nete eohle ka nako e le ’ngoe. Siea lipotso tse ling hore li arabeloe ketelong e tlang. Joaloka basebetsi-’moho le Molimo, re batla ho jala le ho nosetsa ka bohlale ka ho sebelisa buka ea Ho Bea Mabaka ka tsela e atlehang. Re ka kholiseha hore Molimo o tla melisa.