Lintho tse Hlokahalang ho Mosebeletsi ea Mocha ’Neteng le ho ea Nang le Phihlelo
1 Mopesaleme Davida o ile a botsa: “Jehova, moeti oa hao e tla ba mang tenteng ea hao? E tla ba mang ea tlang ho aha thabeng ea hao e halalelang?” Ka mantsoe a seng makae a khethiloeng hantle, Davida o ile a araba: “Ke ea phelang ka bokhabane, a etsa ho lokileng, a bolela ’nete.” (Pes. 15:1, 2) Litlhokahalo tsena ha lia fetoha. Bohle ba tlang ka phuthehong ea Bokreste kajeno bakeng sa borapeli ba tlameha ho lahla liketso tsa boitšoaro bo bobe le botaoa. Har’a batho ba Jehova ha ho sebaka sa batho ba lenyōkōnyane, ba halefang feela, kapa ba teme-peli. Ebang re basebeletsi ba bacha kapa ba nang le phihlelo, re tlameha ho tšepahala bakeng sa ho boloka litekanyetso tse phahameng tse boletsoeng Lentsoeng la Molimo.—Ba-Gal. 5:19-21.
2 Batho ba bangata ba bacha ’neteng ba kopanela le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng. Ba bacha le ba hōlileng ka ho tšoanang ba fetotse mehopolo ea bona e le ho etsa hore tsela ea bona ea bophelo e lumellane le lintho tse hlokoang ke Molimo. Moshemane oa Amerika Boroa o ile a hōla ntle ho tataiso ea batsoali ’me a ba le mathata a tebileng haholo bothong ba hae. Ha a le lilemo li 18, o ne a lemalletse lithethefatsi ’me a se a kile a qeta nako e itseng teronkong ka lebaka la ho utsoa e le hore a ka tšehetsa temallo ea hae. Ka thuto ea Bibele, o ile a khaotsa setsoalle le metsoalle ea hae ea pele, a fumana metsoalle e mecha har’a Lipaki tsa Jehova, ’me qetellong a nehela bophelo ba hae ho Molimo.
3 Ka ho tšoanang, re tlameha ho ikemisetsa ho thabisa Molimo boitšoarong bohle ba rōna, “ka ho loka ha ’nete le botšepehi.” (Ba-Ef. 4:24, NW) Re na le tlamo ea ho “hlobola botho ba khale le litloaelo tsa bona” le ho “apara [ikapesa] botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo etsoang bo bocha” e le hore re lule ka hare ho mokhatlo oa Molimo o hlophisitsoeng o kang thaba.—Ba-Kol. 3:9, 10, NW.
4 Lentsoe la Molimo, Tšusumetso e Matla: Botho ba Jehova joalokaha re bo senoletsoe ka Bibeleng bo ka ama ka matla le ka ho nepahetseng mohopolo oa rōna le liketso tsa rōna. (Ba-Roma 12:2) Lentsoe la hae le na le matla a ho fetola likelello le ho batlisisa lipelo. (Ba-Heb. 4:12) Mangolo a bululetsoeng a re ruta hore thato ea Jehova e hloka hore re phele bophelo ba boitšoaro bo bokhabane, re kopanele ka botlalo tšebeletsong ea phatlalatsa, ’me re se hlokomolohe liboka tsa Bokreste.
5 Linakong tsena tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona, likhatello tse ntseng li eketseha li ka susumeletsa Mokreste hore a tlōle melao ea Molimo. Haeba thuto ea botho, thuto ea lelapa, liboka tsa phutheho, kapa tšebeletso li hlokomolohuoa, esita le Mokreste ea kileng a ba matla a ka suthela hōle le tumelo, mohlomong a oela boitšoarong bo fosahetseng. Ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a ngolla Timothea: “Itlhokomele ka mehla ’me u hlokomele thuto ea hao” hape a re, “U nahane ka mehla seo ke u bolellang sona.”—1 Tim. 4:16, NW; 2 Tim. 2:7, NW.
6 Ebang re sa tsoa kopanela kapa re hōlile moeeng ka lebaka la ho ba le lilemo tse ngata tsa phihlelo, re tlameha ho lula re lebisitse tlhokomelo ka ho hlakileng ho seo Molimo a se hlokang, re bontše ho leka-lekana ho feletseng tšebeletsong, ’me re boloke tšepo ea rōna e le matla haeba re tla boloka bophelo ba rōna. (1 Pet. 1:13-16) Ho boloka lintho tse hlokahalang tse lokileng tsa Molimo letsatsi le leng le le leng ke habohlokoa ka ho fetisisa.
7 Iketsetse pakane ea ho tsoela tšebeletsong ea tšimo khoeling ena ea ho qetela selemong sa tšebeletso sa 1993. Ikemisetse ho thusa ba bang hore ba hōle tumelong ’me u eketse seo u se etsang tšebeletsong ea tšimo. (Ba-Roma 1:12) Boloka mehopolo ea hao litabeng tse nepahetseng ka ho etsa thuto ea ka mehla ea botho, thuto ea lelapa, le ho ba teng libokeng. (Ba-Fil. 4:8) Boiteko ba hao ba ho thabisa Molimo ka ho phela tumellanong le seo a se hlokang bo tla lemohuoa.—Ba-Kol. 3:23, 24.