Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/92 leq. 8
  • Ho Khutlela ka Sepheo sa ho Qalisa Thuto ea Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khutlela ka Sepheo sa ho Qalisa Thuto ea Bibele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maeto a ho Boela a Lebisa Lithutong Tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Ho Pakela “Mefuta Eohle ea Batho”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Ho Khutlela Bakeng sa ho Haha Kananelo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Kamoo re ka Qalang Lithuto Tsa Bibele Moo re Siileng Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 6/92 leq. 8

Ho Khutlela ka Sepheo sa ho Qalisa Thuto ea Bibele

1 Ka mor’a ho qala ho bua le motho ea thahasellang, ho hlokahala hore re etse lintho ka botlalo ho boloka thahasello ena e phela. Ho etsa maeto a ho boela ho ka lebisa ka ho tobileng puisanong e bolokang bophelo ea Bibele le thutong ea Bibele. Nahana ka litlhahiso tsena tsa ho etsa maeto a ho boela a atlehileng.

Bofelong ba ketelo ea pele, mohlomong u ka rala motheo oa leeto la ho boela ka ho botsa:

◼ “Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho e-na le malumeli a mangata hakaale?” Ha u khutlela u ka re: “Lekhetlong le fetileng ha ke ne ke le mona, ho ile ha phahama potso ka hore na ke hobane’ng ha ho e-na le malumeli a mangata hakana. Ho na le mabaka a ’maloa bakeng sa sena. Ke rata ho bala taba e thahasellisang eo ke e fumaneng ha ke ntse ke hlahloba potso ena.” Phetla ho leqephe 71 bukeng ea Ho Bea Mabaka ebe u bala karolo e tlas’a sehlooho se reng “Ke hobane’ng ha malumeli a le mangata hakana?”

2 Na Molimo o ka fumanoa malumeling ’ohle? E le hore Molimo o amohele bolumeli bo itseng, bo tlameha ho hlahisa litholoana tse lokileng.

E le ho qala leeto la ho boela, u ka ’na ua botsa:

◼ “Bolumeli bo lokela ho ama boitšoaro ba motho joang? Se boletsoeng ke Jesu Kreste ho Mattheu 7:17-20 se re fa tataiso eo ho lebelletsoeng hore bolumeli ba ’nete bo e latele.” Bala ka ho toba lengolo le leng qetellong ea serapa 19 ho leqephe 12 ho tsoa bukeng ea Moloko oa Batho o Batla Molimo. Joale u botse mong’a ntlo hore na o bona eng setšoantšong se ho leqephe 13. “Le hoja batho ba limillione ba ipolela hore ba lumela ho Molimo, ba bangata ba o latola ka liketso tsa bona.” Joale, bala lipolelo tse peli tse qalang tsa serapa 20. “Liketso tsena tse mabifi li khetholla malumeli a sa lateleng tataiso e fanoeng ke Kreste ea hore re ratane, esita le ho rata lira tsa rōna. Ketelong ea ka e latelang, mohlomong re tla buisana ka se lokelang ho etsoa ke bolumeli haeba bo beha litholoana tse ntle.”

3 Bokamoso ba batho ba batlang Molimo oa ’nete ke bofe? Ho buisana ka potso ena ka ho toba ho tsoa bukeng Moloko oa Batho o Batla Molimo ho ka etsa hore ho qaloe thuto ea Bibele.

E le ho qala moqoqo, mohlomong u ka re:

◼ “Ka baka la maemo a moruo a leng teng kajeno, batho ba bangata ba ipotsa hore na ba ka ba le pono e nang le tšepo ka bokamoso. Ke fumane hore Bibele e khothatsa haholo ha e bua ka bokamoso. E re ke arolelane le uena tšepiso ea Molimo ho Esaia 65:21, 22, 25. [Bala ’me u hlalose lengolo hakhutšoaane.] Buka Moloko oa Batho o Batla Molimo e arabela lipotso tse ling tse thahasellisang tabeng ena, ho qala ka serapa 17 ho leqephe 372.” Joale ’montše kamoo tokisetso ea thuto ea Bibele e etsoang ka teng, u sebelisa lirapa 17-20. “Bekeng e tlang ke tla thabela ho arabela potso e reng, Motheo oa lefatše le lecha le tšepisitsoeng ka Bibeleng ke ofe?”

4 Sebelisa nako e setseng hamolemo ka ho kopanela ho faneng ka bopaki bo felletseng boo hona joale bo fanoang lichabeng tsohle tsa lefatše. (Bapisa le Liketso 20:21.) Ho etsa maeto a ho boela ka sepheo sa ho qala thuto ea Bibele ho ka bolela bophelo bo sa feleng ho batho bao re bolelang ho bona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela