Ho Pakela “Mefuta Eohle ea Batho”
1 Ha re teana le batho ba limelo tse fapaneng tsa setso kapa tsa bolumeli, rea hopola hore thato ea Jehova ke hore “mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Ho phaella lenaneng la lipampitšana le libukana tse lokiselitsoeng ka ho khethehileng, re boetse re na le likhatiso tse peli tse babatsehang tse ka sebelisoang ka nako leha e le efe ho thusa batho bao bolumeli ba bona bo sa ba rutang ’nete ka Molimo le Kreste.
2 Buka Moloko oa Batho o Batla Molimo e hlahlobisisa tšimoloho ea malumeli a ka sehloohong a lefatše ’me ka lebaka leo e ka ba molemo ho batho hohle bakeng sa ho bapisa litumelo tsa bona le seo Bibele e se rutang ka Molimo o le mong oa ’nete. Ka lehlakoreng le leng, ka ho totobatsa bophelo ba Jesu Kreste, buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela e ka thusa motho ho tloaelana hamolemo le Mora oa Molimo le ho atamela haufi le eena, joalokaha ho ile ha etsa batho ba bangata lekholong la pele la lilemo. (Joh. 12:32) Neng kapa neng ha ho loketse, u ka ’na ua lakatsa ho leka litlhahiso tse latelang bakeng sa ho nehelana ka libuka tsena.
3 Haeba u nahana hore e tla ba ho loketseng ho neha motho e mong buka ea “Motho e Moholo,” u ka ’na ua botsa:
◼ “Ke eng se fihlang kelellong ea hao ha u nahana ka Jesu Kreste? [Emela karabelo.] Bo-rahistori ba bangata baa lumela hore Jesu ke motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. [Qotsa mohlala o selelekeleng sa buka ea Motho e Moholo.] Bibele e bontša hore bophelo ba Jesu e ne e le mohlala oo re ka o etsisang.” Bala 1 Petrose 2:21 hammoho le serapa sa pele leqepheng la ho qetela la selelekela sa buka ea Motho e Moholo. Haeba mong’a ntlo a thahasella ho ithuta ka Jesu, nehelana ka buka ka monenelo oa R15,00. Pele u tsamaea, bala Johanne 17:3 ebe ua botsa, “Re ka fumana tsebo ena e isang bophelong bo sa feleng joang?” Etsa litokisetso tse tiileng tsa ho khutla ka karabo.
4 Ha u khutlela ho ea hlalosa kamoo ho ka fumanoang tsebo e fanang ka bophelo kateng, u ka ’na ua re:
◼ “Ke ile ka tšepisa ho khutla le ho tla u bontša kamoo u ka fumanang tsebo ea ’nete e isang bophelong bo sa feleng kateng.” Nehelana ka buka ea Tsebo, ’me u sebelisa khaolo ea pele, bontša kamoo ho khannoang thuto kateng.
5 Haeba u lakatsa ho nehelana ka buka ea “Moloko oa Batho o Batla Molimo,” u ka ’na ua botsa:
◼ “Ka lebaka la malumeli a mangata hakana a leng teng kajeno, na u kile ua ipotsa hore na re ka fumana bo amoheloang ke Molimo joang?” Ka mor’a karabelo, phetla buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo leqepheng la 377. Totobatsa ntlha ea bo7, ebe u botsa mong’a ntlo hore na o lumela hore bolumeli ba ’nete bo lokela ho kopanya batho ba mefuta eohle na. Phetla le leng la mangolo a qotsitsoeng, ’me ha nako e lumela, tšohla tse ling tsa lintlha tse leng lethathamong. Nehelana ka buka ka monehelo oa R7,50. Ha u tsamaea, u ka botsa potso, “Bolumeli ba ’nete bo lokela ho ama boitšoaro ba motho joang?” Lokisetsa ho khutla le ho arabela potso eo.
6 Ha u khutlela ho ea hlalosa kamoo bolumeli ba ’nete bo lokelang ho ama bophelo ba motho kateng, u ka ’na ua botsa:
◼ “U nahana hore bolumeli ba ’nete bo lokela ho ama boitšoaro ba batho joang? [Emela karabelo.] Kreste o re file tekanyetso eo bolumeli bo lokelang ho lekanngoa ka eona.” Bala Matheu 7:17-20 ka ho toba leqepheng la 12 la buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo. Joale kōpa mong’a ntlo ho bala serapa sa 20 leqepheng la 13-14. Haeba nako e lumela, tšohla serapa sa 25-9 leqepheng la 16-18. Sena se ka ’na sa lebisa thutong ka bukana ea Seo a se Hlokang kapa ka buka ea Tsebo.
7 Tse Qalisang Moqoqo: Ho na le lithuso tse ngata tsa ho ithuta bukeng ea Moloko oa Batho o Batla Molimo tse ka ’nang tsa sebelisoa e le tse qalisang moqoqo leetong la pele kapa leetong la ho boela. U ka qalisa moqoqo ka ho botsa potso e loketseng. Ka mohlala, hlokomela lipotso le lihlooho tsena le maqephe ao li tšohloang ho ’ona:
“Lipotso Tse Hlokang Likarabo”—leqepheng la 17-18.
“Na Jesu e ne e le Motho oa Tšōmong?”—leqepheng la 237.
“Bibele e Ngotsoe ke Mang?”—leqepheng la 241.
“Qur’ān le Bibele”—leqepheng la 285.
“Bopaki ba Hore Bibele ke ’Nete”—leqepheng la 340-1.
“Seo Lipaki tsa Jehova li se Lumelang”—leqepheng la 356-7.
“Kamoo u ka Khethollang Bolumeli ba ’Nete”—leqepheng la 377.
8 U ka phetla (ma)leqepheng le khethiloeng bukeng ea Moloko oa Batho o Batla Molimo le ho hlalosa ntlha eo ho buisanoang ka eona. Joale lokisetsa ho khutla ka ho botsa potso e loketseng e ka arabeloang ke bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo. Etsa bonnete ba hore u memela mong’a ntlo Sebokeng sa Phatlalatsa ’me u mo siele sememo.
9 Mefuta eohle ea batho ba lipelo li tšepahalang e batla ’nete ka Molimo le Kreste. Re ka e thusa ka mosebetsi oa rōna oa ho paka. Kahoo, a re tsoeleng pele ho ‘sebetsa ka thata le ho ikitlaetsa, hobane re behile tšepo ea rōna ho Molimo ea phelang, eo e leng Mopholosi oa mefuta eohle ea batho.’—1 Tim. 4:10.